Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g88 9/8 maq. 20-22
  • Qaka ea Nuclear

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Qaka ea Nuclear
  • Tsoha!—1988
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Pitso ea ho Felisoa ha Libetsa
  • Bomo e Sebelisoa e le Tšoso
  • Ntoa ea Nyutlelie—Tšokelo e Etsoa ke Bo-mang?
    Tsoha!—2004
  • Tšokelo ea Nyutlelie—E Hōle le ho Fela
    Tsoha!—1999
  • Bibele e Re’ng ka Ntoa ea Nuclear?
    Lihlooho Tse Ling
  • Ntoa ea Nyutlelie—Na e Ntse e le Tšokelo?
    Tsoha!—2004
Bala Tse Ling
Tsoha!—1988
g88 9/8 maq. 20-22

Qaka ea Nuclear

KA HOLIM’A tora e telele e leng lehoatateng la New Mexico ho leketla bolo e khōlō ea tšepe eo batho ba e bitsang Gadget. Lik’hilomithara tse robong ho tloha ho eona, litsebi tsa mahlale a tlhaho, litsebi tsa lik’hemik’hale, litsebi tsa lipalo, le masole ba khathatsehile, ba sheba litšupanako tsa bona, ’me ba ipotsa hore na ebe Gadget e tla hle e sebetse.

E ile ea sebetsa. Metsotsoaneng e 15 pele ho 5:30 hoseng Gadget ea phatloha, ea ntša matla a nuclear ka nako e ka tlase ho motsotsoana. E ile ea ntša bolo ea mollo eo motho a neng a ka e bona a le planeteng e ’ngoe ’me ea baka molumo oa ho phatloha o neng o ka utloahala bohole ba lik’hilomithara tse 300. Mocheso oa ho phatloha ha Gadget—eo bohare ba eona bo neng bo chesa ho feta bohare ba letsatsi—oa qhibilihisa mobu oa lehoatata ho ba selikalikoe tsa galase e ’mala o motala e ntšang mahlaseli a athomo hoo e ka bang k’hilomithara e le ’ngoe haufi le moo. Batho ba bang ba ile ba hlapanya ka hore letsatsi le ne le chabile habeli tsatsing leo.

Ka Phato 6, 1945, matsatsi a 21 hamorao, bomo ea bobeli ea athomo ea pshatlakanya motse oa Japane oa Hiroshima, ea qetella e bolaile batho ba ka bang 148 000. Hoo e ne e le ho qaleha ha mehla ea nuclear.

Hoo ho etsahetse lilemo tse 43 tse fetileng. Ho tloha nakong eo ho se ho lekiloe lihlomo tse matla haholo ho feta tseo ka makhetlo a 4 000. Matla a kopaneng a liqhomane tsa limisaele tsa lefatše lohle ho hakanngoa hore a lekana le litone tse limillione tse likete tse 20 tsa matla a TNT—a feta matla a bolaeang a bomo ea Hiroshima ka makhetlo a millione!

Pitso ea ho Felisoa ha Libetsa

Ho ea ka patlisiso ea Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo bo Botle ea 1983, ntoa e feletseng ea nuclear e ka bolaea batho ba limillione tse sekete ka ho panya ha leihlo. Limillione tse ling tse sekete li tla shoa hamorao ka baka la ho phatloha, mollo, le mocheso. Lipatlisiso tsa morao-rao tsona e bile ha li fane ka tšepo ho hang. Kamoo ho utloahalang kateng, mohoo o se o utloahala oa ho felisa ka ho feletseng lihlomo tsa nuclear.

Leha ho le joalo, ha se mehoo eohle ea ho felisoa ha lihlomo e theiloeng ka ho feletseng mabakeng a ho batlela batho se molemo. Ba bang ba phea khang ka hore lihlomo tsa nuclear li mpa li se na molemo ho hang kapa li na le molemo o monyenyane ntoeng ea sebele. Ka baka la matla a tsona a tšabehang a ho timetsa, ke feela tšusumetso e feteletseng haholo e ka lokafatsang ho sebelisoa ha tsona. Kahoo, United States ha ea ka ea li sebelisa Korea kapa Viet Nam, le Mabrithani ha a ka a li sebelisa Falklands, le Masoviet ha a ka a li sebelisa Afghanistan. Eo e neng e le Mongoli oa tsa Tšireletso U.S. Robert McNamara o re: “Lihlomo tsa nuclear ho hang ha li sebeletse merero ea sesole. Ha li na molemo ho hang—ha e se feela ho tšosa mohlaseluoa hore a se ke a li sebelisa.”

Ka ho tšoanang, lihlomo tsa nuclear ha li sebelisoe haholo e le thupa ea setsoalle bakeng sa ho sokela kapa ho susumetsa lichaba tse ling. Mebuso e meholo e kotsing ka bobeli ba eona. Ha e le ka mebuso e sa sebeliseng lihlomo tsa nuclear, hangata e ba le sebete sa ho talimana le mebuso e meholo ka tšabo e nyenyane ea hore e ka iphetetsa ka lihlomo tsa nuclear.

Qetellong, ho na le litšenyehelo. Ho ea ka patlisiso e hatisitsoeng ho Bulletin of the Atomic Scientists, lilemong tsa 1945-85 United States feela e hlahisitse liqhomane tsa limisaele tsa nuclear tse ka bang 60-000.a Li bitsa bokae? Hoo e ka bang R175-000 000 000—eo ke chelete e ngata haholo eo ba e sebelisang ka ntho eo ba tšepang hore ba ke ke ba e sebelisa le ka mohla.

Bomo e Sebelisoa e le Tšoso

Khopolo ea ho sebelisa tšoso ke ea boholo-holo joaloka histori ea ntoa. Empa mehleng ea nuclear, tšoso e nkile mahlakore a macha a sa tšoaneng. Sechaba leha e le sefe se nahanang ka ho teba ka tlhaselo ea nuclear se tiisetsoa phetetso ea kapele le e timetsang ea nuclear.

Mogenerala B. L. Davis, molaoli oa Sesole sa Moeeng sa U.S., o re: “Ho ka fanoa ka taba e kholisang hore lihlomo tsa nuclear . . . li entse hore lefatše ebe sebaka se sireletsehileng. Ho hang ha lia qeta ntoa; batho ba likete-kete ba ntse ba e-shoa selemo le selemo lintoeng tse sa talingoeng e le tse nyenyane ke lichaba tse amehang. Empa ho kenella ha mebuso e meholo lintoeng tse joalo ho lekanyetsoa ka hloko hore ho qojoe toantšano e tobileng ka baka la ho tšaba hore sena se ka ’na sa baka ntoa e khōlō—ea nuclear kapa e tloaelehileng.”

Leha ho le joalo, ka har’a ntlo leha e le efe e nang le lithunya tse nang le likulo, ho atisa ho ba le kotsi ea hore e mong o tla thunngoa ka phoso. Motheo o tšoanang oa sebetsa lefatšeng le tletseng ka lihlomo tsa nuclear. Kahoo ntoa ea nuclear e ka phatloha ka tlas’a maemo a latelang:

(1) Phoso ea computer kapa ea mochine e etsang hore naha e nahane hore e tlas’a tlhaselo ea nuclear. Karabelo e tla ba ho hlaselana ka lihlomo tsa nuclear.

(2) Lihlomo tsa nuclear li ka ’na tsa fumanoa ke ’muso oa boferekanyi o ke keng oa tseba ho itšoara hore li se sebelisoe ho feta kamoo ho neng ho ka etsa mebuso ea hona joale e nang le lihlomo tsa nuclear.

(3) Ho hōla ha ntoa e nyenyane sebakeng seo ho sona ho amehang likhahleho tsa mebuso e meholo—joaloka Koung ea Persia.

Ho sa tsotellehe likotsi tse joalo, ho tla fihla joale lichaba li bolokile molao oa tšireletseho ka ho sebelisa tšoso. Leha ho le joalo, lefatšeng le tletseng ka lihlomo tsa nuclear, batho ha ba ikutloe ba sireletsehile. Ka sebele matla a setseng ke a tšabo, ke selekane sa ho ipolaea seo batho ba lefatše ba libillione ba se saenelang ba sa rate. Haeba lihlomo tsa nuclear li tšoana le sabole ea Damoclea, tšoso eona ke qoba ea moriri e ntseng e e hlokometse. Empa ho thoe’ng haeba tšoso e hlōleha? Karabelo ea potso ena e tšosa ka ho fetisisa ho e nahana.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ka hobane lintho tse sebelisitsoeng ho etsa lihlomo tsa nuclear li senyeha, lihlomo tsa khale li lokela ho nkeloa sebaka ke tse ncha.

[Lebokose le leqepheng la 21]

MATLA A BOMO E LE ’NGOE EA MEGATON

Mahlaseli a mocheso (Khanya le Mocheso): Ho phatloha ha nuclear ho baka khanya e khōlō e foufatsang batho ba leng hōle le sebaka seo e phatlohileng ho sona—ho fihela boholeng ba lik’hilomithara tse 21 motšeare le bohole ba lik’hilomithara tse 85 bosiu ho phatloheng ho le hong ha bomo ea megaton.

Botlaseng kapa haufi le (sebaka seo bomo e phatlohileng ho sona), mocheso o moholo oa bolo ea mollo o fetola batho moholi. Hōle le sebaka seo (ho ea fihla boholeng ba lik’hilomithara tse 18), batho ba cha habohloko. Liaparo li tšoara mollo. Limmete le mahong lia cha. Tlas’a maemo a itseng, ho hlaha sefefo se chesang haholo sa mollo, se koahelang batho ka har’a sebopi sa mocheso o matla.

Ho Phatloha moeeng: Ho phatloha ha nuclear ho fokisa sefefo se matla. Haufi le sebaka seo bomo e phatlohileng ho sona, ha ho letho le salang, le phela. Hōle le sebaka seo, batho ba leng ka har’a meaho ba pshatloa ke lisiling tse oang kapa mabota; ba bang ba ntšoa kotsi le ho bolaoa ke likotoana tsa majoe a khephohang le mahong. Ba bang ba khangoa ke lerole le matla la litene tse pshatlehileng. Moea o matla o baka ho phatloha ha moropana oa tsebe kapa ho lutla mali matsoafong.

Mahlaseli a Matla: Ana a baka ho phatloha ho matla ha mahlaseli a athomo. Ho pepesehela ho ’ona ho baka mafu a tšoauoang ke ho feroha, ho hlatsa, le ho khathala. Ho senyeha ha lisele tsa mali ho fokotsa matla a ’mele a ho thibela ho tšoaetsoa ke mafu ’me ho liehisa ho fola ha litho tse tsoileng kotsi. Ho pepesehela haholo matleng a mocheso ho baka ho finahana ha mesifa, ho tlakasela ha ’mele, le ho holofala. Motho a ka ’na a shoa pakeng tsa hora e le ’ngoe ho ea ho tse 48.

Baphonyohi ba anngoeng ke mahlaseli a mocheso oa bomo ba kotsing ea ho tšoaroa ke kankere. Ebile ho ka ’na ha etsahala hore ba fetisetse lefutso la likholofalo ho bana ba bona, ho kopanyelletsa le ho fokolisoa ha matla a ho beleha bana, ho senyeha ha mpa, bana ba hlahang ba holofetse kapa ba shoele, le mafu a mangata a ’mele.

Mohloli: Comprehensive Study on nuclear Weapons, e hatisitsoeng ke Machaba a Kopaneng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela