Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g88 9/8 maq. 24-26
  • Ho Fela ha Lihlomo Tsa Nuclear Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Fela ha Lihlomo Tsa Nuclear Joang?
  • Tsoha!—1988
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lisosa le Lipheko
  • ’Muso oa Lefatše—Ke Ntho ea Sebele!
  • Bokamoso bo Sireletsehileng Qetellong!
    Tsoha!—1999
  • Bibele e Re’ng ka Ntoa ea Nuclear?
    Lihlooho Tse Ling
  • Ke Mang ea ka Tlisang Khotso ea ka ho sa Feleng?
    Tsoha!—1996
  • Qaka ea Nuclear
    Tsoha!—1988
Bala Tse Ling
Tsoha!—1988
g88 9/8 maq. 24-26

Ho Fela ha Lihlomo Tsa Nuclear Joang?

MEHLA ea rōna ke ea mahlomola. Kamano e leng teng pakeng tsa mahlale le ntoa e hlahisitse lihlomo tse likete-kete tse nang le matla a maholo ka ho fetisisa a ho timetsa, babolai ba sa khetheng ba nang le matla a ho felisa moloko ’ohle oa batho.

Taba ea hore motho o ikemiselitse haholo hakana ho bolaea motho e mong e utloisa bohloko. Empa leha ho le joalo litšekamelo tsa motho tsa ho bolaea li ile tsa bonahatsoa ho tloha tšimolohong. Bibele ea tlaleha: “Ha ba le naheng, Kaine a tsohela Abele moen’ae matla, a ’molaea.” (Genese 4:8) Motho o ’nile a bolaea motho ho tloha nakong eo. Erekaha e le ’nete hore ho tloha ka 1945 motho o ’nile a thiba letsoho la hae ho sebelisa lihlomo tsa nuclear ntoeng, lekholo la rōna la lilemo e ntse e le le kotsi ka ho fetisisa historing eohle. Ka ho hlakileng, bothata ha se lihlomo ka botsona.

Lisosa le Lipheko

Liithuti tse ling li nahana hore kaha ke batho ba loanang lintoa, lisosa li tlameha ho fumanoa tlhahong ea motho ka boeena. Ho latela maikutlo ana, batho ba loana lintoa ka baka la litšusumetso tsa boithati, tsa booatla, le ho sebelisa bohale ka tsela e sa lokang. Litharollo ha li tšoane, empa ba bangata ba nahana hore khotso e ka tla feela ka ho fetola pono le boitšoaro ba motho.

Ba bang ba bolela hore kaha lintoa li loanoa pakeng tsa lichaba, lisosa tsa ntoa li larile tlhophisong ea tsamaiso ea machaba ea lipolotiki. Kahobane ’muso o mong le o mong o iketsetsa lintho ho latela litakatso tsa ’ona, ’me ha ho kamoo lintoa li ka hlokahalang. Hobane ho se tsela e tsitsitseng, le e tšepahalang ea ho lokisa liphapang, ntoa ea qhoma.

Seithuti Kenneth Waltz patlisisong ea hae ea lisosa tsa ntoa, o hlokometse “hore ’muso oa lefatše ke ’ona tharollo bakeng sa ntoa ea lefatše.” Empa oa phaella: “Le hoja ho sa belaeloe hore tharollo eo ke ’nete, ha e fumanehe habonolo.” Ba bang ba lumela. Moqapi Ben Bova o boletse mantsoe ana makasineng oa Omni: “Lichaba li tlameha ho kopana ho iketsa ’muso o le mong o ka laolang lihlomo le ho thibela ntoa.” Leha ho le joalo, o boetse oa phaella: “Batho ba bangata ba nka ’muso o joalo oa lefatše e le toro e ke keng ea phethahala.” Ho hlōleha ha Machaba a Kopaneng ho tiisa qeto ena e tšosang. Lichaba li ’nile tsa hana ho tlohela puso ea tsona hore e nkuoe ke mokhatlo oo kapa leha e le ofe!

’Muso oa Lefatše—Ke Ntho ea Sebele!

Leha ho le joalo, Bibele e re tiisetsa hore Molimo ka boona o rerile ’muso oa sebele oa lefatše. Batho ba baloang ka limillione ba ’nile ba rapella ’muso ona ka ho se tsebe ha ba re thapelong ea Morena: “Ho tle ’muso oa hao; thato ea hao e etsoe lefatšeng, joale ka ha e etsoa leholimong.” (Mattheu 6:10) Hlooho ea ’Muso oo ke Morena oa Khotso, Jesu Kreste. Bibele e fana ka tšepiso ena mabapi le ’muso oo: “O tla robaka o felise mebuso eo kaofela,” kapa mebuso ea batho.—Daniele 2:44.

’Muso ona oa lefatše o tla tlisa khotso ea ’nete le tšireletseho, e seng ka tšoso ea nuclear kapa ka tsamaiso e rarahaneng ea lihlomo tsa ho itšireletsa kapa ka lilekane tse fokolang tsa bopolotiki. Pesaleme ea 46:9 e profeta hore Jehova Molimo “o felisitse lintoa le ho isa pheletsong ea lefatše, o robile liqha, a robakaya marumo, a chesa makoloi a ntoa mollong.” Sena se bolela ho felisoa ha lihlomo tsohle, ho kopanyelletsa le lihlomo tsa nuclear.

Empa ho thoe’ng ka tlhaho e kang ea ntoa ea motho ka boeena? Tlas’a ’muso oa leholimo oa Molimo, baahi ba lefatše “ba tla tea liphehla tsa bona tsa ntoa mehoma, le marumo a bona ba a tee lisekele; sechaba se seng ha se sa tla hlola se futuhela sechaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ho loana.” (Esaia 2:4) Kajeno batho ba limillione tse tharo ba se ba phela ka temana ena ea Bibele. Ke Lipaki tsa Jehova.

Lipaki tsena li phela linaheng tse fetang 200 ’me li tsoa lihlopheng tse sa tšoaneng tsa merabe. Pele e e-ba Bakreste ba ’nete, ba bang ba bona ba ne ba tletse ntoa, mohlomong ba le hlaha. Empa ka baka la ho ba le tsebo ea Molimo, joale ba se ba hana ho nka lihlomo bakeng sa ho loantšana kapa ho loantša motho e mong. Ho se nke lehlakore ha bona ho tiileng lintoeng tsa lipolotiki ke taba ea khale. Boemo ba khotso boo Lipaki tsa Jehova li bo nkileng machabeng ’ohle bo paka ’nete ea hore ho ka khoneha hore ho be le lefatše le se nang ntoa le lihlomo tsa nuclear.

Batho ba baloang ka limillione ba phelang kajeno ba tsoaletsoe mehleng ea nuclear ’me ba lebeletse ho shoela ho eona—haeba ba sa bolaoe ke eona. Lipaki tsa Jehova ha li na pono e joalo e lerootho. Li beile tšepo ea tsona ka ho feletseng ’Musong le ho Molimo oa bona, Jehova, eo ho eena ‘ho seng letho le ke keng la etsahala.’—Luka 1:37.

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Bibele e profeta hore ke Molimo o tla felisa lihlomo tsa ntoa

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

’Musong oa Molimo oa leholimo, lefatše le ke ke la e-ba le ntoa le lihlomo tse bolaeang

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela