Bokamoso bo Sireletsehileng Qetellong!
“Lefatše kaofela le phomotse, le na le khotso, ho hlajoa lipina tsa nyakallo.”—ESAIA 14:7.
“LEFATŠE la rōna ke le tletseng linatla litabeng tsa nyutlelie le masea litekanyetsong tsa boitšoaro. Re tseba ntoa ho feta kamoo re tsebang khotso kateng, re tseba ho bolaea ho feta kamoo re tsebang bophelo kateng.” Mantsoe ao a ileng a buuoa ke molaoli oa Lebotho la United States ka 1948, a re hopotsa tlhaloso e fumanoang ka Bibeleng: ‘Batho ba rena holim’a ba bang ho ba etsa hampe.’ (Moeklesia 8:9) Ha batho ba hlometse ka libetsa tsa nyutlelie, ba ka etsa ho hobe ho feta ho etsa batho ba bang hampe; ba ka ba timetsa!
Batho ba bangata baa lumela hore ho ba le libetsa tsa nyutlelie le ho li sebelisa ho fosahetse. Ka mohlala, molaoli oa Lebotho la Moeeng la United States, ea seng a lihetse mosebetsing, George Lee Butler, o ile a re: “Ho ba teng ha sebetsa sa nyutlelie pokellong ea motho ea libetsa ka bohona ho tsoela pele ho fana ka molaetsa oa hore re ka inahanela maemo ao ho ’ona . . . ka tsela e itseng re ka lokafatsang ho sebelisoa ha sebetsa seo. Seo se hlile se fosahetse.”
Leha ho le joalo, mongoli oa koranta oa Brithani, Martin Woollacott, o re: “Libetsa tsa nyutlelie li lula li ntse li ipiletsa, ho sa tsotellehe seo bo-ralikhopolo le babuelli ba boitšoaro ba se buang ka hore ha li na thuso hape li sehlōhō. Mebuso e lumela hore e li hloka ka mabaka a utloahalang a tšireletso; e boetse e itsetsepetse ho tsona kahobane ntle ho pelaelo libetsa tsa nyutlelie li kenya tšabo e itseng e sa tloaelehang eo bo-ralipolotiki le masole ba e lemohang le eo ba e batlang.”
Ke ’nete hore lilemong tse mashome a mahlano tse fetileng, batho ba khonne ho phema ntoa ea nyutlelie ka tsela e itseng. Empa ka nako e tšoanang, ho ile ha sebelisoa libetsa tse tloaelehileng ho bolaea batho ba likete tse se nang palo. Ha ho hlahlojoa tlaleho ea moloko oa batho, ke ho utloahalang ho nahana hore haufinyane libetsa tsena tse tšabehang tsa nyutlelie li tla sebelisoa.
Lisosa Tsa Motheo
Na litšekamelo tsa batho tsa ho rata ntoa li ka thibeloa? Ba bang ba pheha khang ea hore batho ba loana lintoa ka lebaka la bothoto, boithati le ho ba le litšusumetso tse fosahetseng tsa ho ba mabifi. Setsebi Kenneth Waltz o re: “Haeba tsena ke tsona lisosa tse khōlō tsa ntoa, joale e tlameha ebe ntoa e ka felisoa ke ho ntlafatsa le ho beha batho leseling.”
Ba bang ba bolela hore lisosa tsa ntoa ke tsamaiso ea lipolotiki ea linaha tsa machaba. Kaha naha e ’ngoe le e ’ngoe e ipusang e hahamalla lithahasello tsa eona, likhohlano li tlameha ho ba teng. Kaha ha ho na tsela e tsitsitseng le e ka tšeptjoang ea ho rarolla liphapang, ho qhoma ntoa. William E. Burrows le Robert Windrem ba ngola tjena bukeng ea bona e bitsoang Critical Mass: “Karolo e thata ke ea lipolotiki. Ha ho tsamaiso e ka atlehang ntle le hore ho etsoe qeto ea motheo e tiileng ea bopolotiki ea ho emisa esita le ho loantša keketseho ea libetsa tse matlahali.”
Nahana ka lipuisano tse tsoelang pele tsa ho sebelisa Selekane sa ho Thibela ho Qhomisoa ha Mefuta Eohle ea Libetsa. Guardian Weekly e ile ea li hlalosa e le “lipuisano tse matla pakeng tsa mebuso e matla e nang le libetsa tsa nyutlelie le linaha tse seng li ntse li e-na le libetsa tsa nyutlelie ka sekhukhung kapa tse nang le theknoloji ea ho li hlahisa ka potlako.” Sehlooho sona seo sea lumela: “Ha ho [lequloana] leha e le lefe le itokiselitseng ho tela libetsa tsa lona kapa bokhoni ba lona, kapa menyetla ea ho ntlafatsa ho hong ha tsona.”
Ho hlakile hore ho hlokahala tšebelisano-’moho ea machaba e le hore litšokelo tsohle tsa nyutlelie li fele. Buka e bitsoang Critical Mass e re: “Ka hona, hohle ho tšepana ho tlameha ho nka sebaka sa ho timetsana ho tiisitsoeng, . . . ho seng joalo joang kapa joang tlokotsi e khōlō e tla latela haufinyane.” Ka bomalimabe, litšebelisano le lipuisano tsa machaba kajeno li atisa ho tšoana le boemo boo moprofeta Daniele a ileng a bo hlalosa lilemong tse makholo a 26 tse fetileng: ‘Ba bua mashano tafoleng e le ’ngoe.’—Daniele 11:27, Byington.
Tšebelisano-’moho Lefatšeng ka Bophara Tlas’a ’Muso oa Lefatše
Leha ho le joalo, Bibele e re tiisetsa hore Molimo ka boeena o rerile ho tlisa tšebelisano-’moho ea sebele lefatšeng ka bophara tlas’a ’muso oa lefatše o atlehang ka ho fetisisa. Ba limilione ba ’nile ba rapella ’muso ona ba sa tsebe ha ba etsa Thapelo ea Morena: “’Muso oa hao a o tle. Thato ea hao a e etsahale, joaloka leholimong, hape le lefatšeng.” (Matheu 6:10) ’Muso ke puso. ’Me Moeta-pele oa puso eo ea ’Muso ke Khosana ea Khotso, Jesu Kreste. Lentsoe la Molimo lea re tiisetsa: “Ho ke ke ha e-ba le bofelo bongateng ba puso [ea hae] ea bohosana le khotso . . . Cheseho ea Jehova oa mabotho e tla etsa sena.” (Esaia 9:6, 7, NW) Bibele ea tšepisa mabapi le ’muso oo oa Jesu: “O tla robaka o felise mebuso eo kaofela,” kapa mebuso ea batho.—Daniele 2:44.
’Muso ona oa lefatše o tla tlisa khotso ea sebele le tšireletseho—empa eseng ka tšokelo ea libetsa tsa nyutlelie kapa ka lilekane tse sa tsitsang tsa peho ea lihlomo fatše. Pesaleme ea 46:9 e profeta hore Jehova Molimo o tla ‘felisa lintoa ho isa pheletsong ea lefatše, a robe liqha, a robakanye marumo, a chese makoloi a ntoa mollong.’ Mehato e sekheeqe e ke ke ea thusa hakaalo. ’Muso oa Molimo tlas’a Kreste ha o na ho fokotsa lenane la libetsa tsa nyutlelie feela—empa o tla li felisa ka ho feletseng hammoho le libetsa tse ling kaofela tsa ntoa.
Ha ho sa tla ba le tšokelo ea nyutlelie kaha ha ho sa tla ba le mebuso e meholo, linaha tse qhekellang le likhukhuni. Ho tla rena khotso ea sebele: “Ba tla lula e mong le e mong ka tlas’a feie ea hae le ka tlas’a morara oa hae, ho se ea ba tšosang, hobane molomo oa Jehova oa makhotla o boletse.” Mantsoe ana a bululetsoeng a tsoa ho Molimo ea ke keng a bua leshano.—Mikea 4:4; Tite 1:2.
Ho ea ka Pesaleme ea 4:8, khotso ea sebele le tšireletseho li ka fumanoa feela tokisetsong ea Jehova Molimo: “Ke sekama ka khotso, ke be ke ithoballe ka khotso, hobane, Jehova, ke uena u ’notši ea nkahisang boiketlong [“ea etsang hore ke lule ke sireletsehile,” NW].” Joalokaha histori ea batho e pakile ka tsela e bohloko, litšepiso leha e le life tsa “khotso le tšireletseho” ho fapana le tse tla tlisoa ke ’Muso oa Jehova hase tsa sebele.—Bapisa le 1 Bathesalonika 5:3.
“Phomolo le Boiketlo”
Empa ho thoe’ng ka tšekamelo ea batho ka bobona ea ho rata ntoa? “Batho ba lefatše ba [tla] ithuta ho loka.” (Esaia 26:9) Thupelo e joalo ea ho loka e tla ba le phello e tebileng sebōpehong sa batho le maemong a lefatše: “Moputso oa ho loka e tla ba khotso, tholoana ea ho loka e be phomolo le boiketlo ka ho sa eeng kae.” (Esaia 32:17) Tšekamelo leha e le efe ea ho ba leqhoko kapa ho ba mabifi e tla nkeloa sebaka ke lerato le kameho ea boahisani molemong oa bohle. Baahi ba lefatše “ba tla tea liphehla tsa bona tsa ntoa mehoma, le marumo a bona ba a tee lisekele; sechaba se seng ha se sa tla hlola se futuhela sechaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ho loana.”—Esaia 2:4.
Ka puo ea boprofeta Esaia o ile a bolela esale pele hore batho ba nang le litšekamelo tsa bobatana ba tla fetoha. O ile a bua ka nako ea ha “lefatše le tla tlala tsebo ea Jehova.” Ka hona “phiri e tla lula le konyana, lengau le bothe le potsanyane; namane le taoana le khomo e nontšitsoeng li tla ba hammoho, li sotetsoe ke moshanyana. . . . ’Me ha ho sa tla etsoa hampe, ha ho sa tla hlola ho senngoa thabeng eohle e halalelang ea ka.”—Esaia 11:6-9.
Ho lumela litšepisong tsena tsa Molimo ho file Lipaki tsa Jehova tšepo bophelong. Ha re nahana ka bokamoso, ha re nahane ka lefatše le harasoantsoeng ke thipitlo ea nyutlelie. Ho e-na le hoo, re bona phethahatso ea tšepiso ea Bibele: “Ba lokileng ba tla ja lefa la lefatše, ’me ba tla hlola ho lona ka ho sa feleng.” (Pesaleme ea 37:29) Ba bang ba ka ’na ba re tumelo e joalo e siuoe ke nako ’me ha e utloahale. Empa ha e le hantle ke mang ea siuoeng ke nako? Na ke motho ea lumelang tšepisong ea Molimo kapa ea eang le khongoana holimo ke litšepiso tsa lefeela tsa bo-ralipolotiki? Ho barati ba sebele ba khotso, karabo e totobetse.a
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lipaki tsa Jehova li thusitse ba limilione ho amohela molaetsa oa Bibele oa tšepo ka thuso ea thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng. U ka lokisetsa hore li u etele ka ho ngolla bahatisi ba makasine ena kapa ka ho etela Holong ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova e sebakeng sa heno.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 11]
“Sechaba se seng ha se sa tla hlola se futuhela sechaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ho loana.”—Esaia 2:4
[Litšoantšo tse leqepheng la 9]
Lefatšeng le lecha la Molimo, malapa a tla ‘lula a sireletsehile,’ ’me libetsa tsa mefuta eohle li tla felisoa
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Litšekamelo tsa ho rata ntoa lia fela ha batho ba ithuta ’me ba sebelisa Lentsoe la Molimo, e leng Bibele