Tšokelo ea Nyutlelie—E Tloselitsoe Ruri!
HASE seo Molimo a se batlang hore moloko oa batho o phele tšabong e hlokisang tšepo. Joaloka “Molimo ea thabileng,” o batla hore ba thabele khotso le ho phela ka tšireletseho—ka bokhutšoanyane, ba thabe. (1 Timothea 1:11, NW) Ho hlakile hore sena se ke ke sa etsahala lefatšeng le tletseng litšokelo tsa nyutlelie.
“Khotso le Tšireletseho”—Boiqapelo bo Thetsang
Ho lokela ho hlaka hore tšokelo ea nyutlelie ehlile e ntse e le teng. Ho ntse ho le joalo, ho sa tsotellehe ho hloka botsitso lipolotiking, moruong, le sechabeng, ka kakaretso lichaba li bonahala li tletse tšepo. Boiteko bo tiileng ba ho fokotsa kotsi bo ’nile ba totobala ho tloha Selemong sa Khotso sa Machaba se phatlalalitsoeng ke Machaba a Kopaneng ka 1986.
Lilemong tse leshome tse fetileng The Bulletin of the Atomic Scientists e ile ea chechisetsa oache ea eona ea letsatsi la timetso morao—eo e leng mokhoa oa eona oa ho bontša monyetla oa hore ntoa ea nyutlelie e be teng—ho tloha metsotsong e 3 pele ho khitla ho ea ho e 17 pele ho khitla. Ka 1989 Setsi sa Machaba sa Phuputso ea Khotso sa Stockholm se ile sa hlokomela hore “tšepo bakeng sa ho rarolla qhoebeshano ka khotso e na le motheo o tiileng ho feta selemong leha e le sefe ho tloha qetellong ea Ntoa ea II ea Lefatše.”
Lilemong tsa morao tjena Machaba a Kopaneng a ’nile a matlafatsoa hore a sebetsane le libaka tsa machaba moo ho hlahang liqhoebeshano khafetsa. Katleho ea ’ona, le hoja e se ka ho feletseng, e bile e lekaneng ho tlatsetsa hore ho be le moea oo ka kakaretso o tletseng tšepo. Mohlomong bokamoso bo tla tlisa liphetoho tse ling tse atlehileng. Mohlomong mehoo ea “khotso le tšireletseho” e tla ba meholoanyane le ho ba matla haholoanyane. E ka ba ’na ea talingoa e le e ka tšeptjoang.
Empa hlokomela! Bibele ea lemosa: “Neng le neng ha ba re: ‘Khotso le tšireletseho,’ joale timetso ea tšohanyetso e tla ba oela holimo hang-hang feela joaloka bohloko bo hlabang ba tsieleho holim’a mosali oa moimana; ’me ba ke ke ba phonyoha.” Kahoo, mehoo ea “khotso le tšireletseho” e tla tšoaea nako ea Molimo “ea ho senya [bao ka tšilafatso, ka nyutlelie le ka litsela tse ling,] ba senyang lefatše.”—1 Ba-Thessalonika 5:3, 4, NW; Tšenolo 11:18.
Hlokomela hore Bibele ha e re lichaba li tla finyella “khotso le tšireletseho.” Ho totobetse hore li tla be li bua ka eona ka tsela e ikhethang, li bontša tšepo le kholiseho tseo pele li e-song ho ka li ba le tsona. Menyetla ea ho finyella khotso le tšireletseho e tla be e bonahala e le haufi ho feta leha e le neng pele. Ho sa tsotellehe tšokelo ea nyutlelie e tsoelang pele, lichaba li tla be li koeelitsoe ke boikutlo bo thetsang ba tšireletseho.
Leha ho le joalo, Bakreste ba ’nete, ba ke ke ba thetsoa. Ka thahasello e khōlō ba tla talima ka ’nģane ho khotso le tšireletseho tsa batho, nthong e ’ngoe e molemonyana!
Khotso le Tšireletseho—Ntho ea Sebele
Ho latela Pesaleme ea 4:8, khotso ea ’nete le tšireletseho li tla fumaneha feela ka hare ho tokisetso ea Jehova Molimo: “Ke sekama ka khotso, ke be ke ithoballe ka khotso, hobane, Jehova, ke uena u ’notši ea nkahisang boiketlong [tšireletsehong, NW].” Mohoo leha e le ofe oa “khotso le tšireletseho” o boleloang ka ntle ho tokisetso ea ’Muso oa Jehova e ka ba boiqapelo bo thetsang feela. O ke ke oa finyella ntho leha e le efe ea bohlokoa ba nako e telele.
’Muso oa Molimo tlas’a Kreste o ke ke oa khotsofalla ho nka mehato ea ho rarolla lintho tse seng kae feela. Puso ea bomolimo e tla etsa ho fetang ho fokotsa lenane la libetsa tsa nyutlelie; o tla li tlosa ka ho feletseng hammoho le libetsa tse ling tsa ntoa. Pesaleme ea 46:9 ea tšepisa: “O felisitse lintoa le ho isa pheletsong ea lefatše, o robile liqha, a robakanya marumo, a chesa makoloi a ntoa mollong.”
Ka ho tšoanang, litšokelo tsa nyutlelie tse hlahisoang ke mechine e ntšang matla a nyutlelie ka tsela e laolehileng e sa sebetseng hantle kapa litšila tsa radioactivity e tla ba lintho tsa nako e fetileng. Ho seng joalo mantsoe ana e tla be e se ’nete: “Ba tla lula e mong le e mong ka tlas’a feie ea hae le ka tlas’a morara oa hae, ho se ea ba tšosang, hobane molomo oa Jehova oa makhotla o boletse.” Molimo a ke ke a thetsa. Ha re na lebaka la ho belaella mantsoe a hae.—Mikea 4:4; Tite 1:2.
Na u ka thabela ho ba le tebello ea ho phela lefatšeng leo ho lona tšokelo ea nyutlelie e tloselitsoeng ruri? Ehlile, hobane ka ho hlakileng Lentsoe la Molimo le bolela se hlokahalang. Ka ho ithuta sona le ka ho phela tumellanong le sona, ka letsatsi le leng u ka ’na ua thabela hore ka ho sisimoha ho bonahatsang ho lokoloha u re: “Tšokelo ea nyutlelie—e qeteletse e felile!”
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Khotso e tla rena lefatšeng le lecha la Molimo ho se na litšokelo leha e le life tsa nyutlelie
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
M. Thonig/H. Armstrong Roberts
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 6]
U.S. National Archives photo