Kereke ea K’hatholike Spain—Matla le Monyetla
“Morena o sietse Petrose ’muso, e seng oa kereke feela empa oa lefatše lohle.”—Mopapa Innocent III.
HA Innocent III a ne a ngola mantsoe ao lekholong la bo13 la lilemo, Kereke ea K’hatholike mehleng e bohareng e ne e finyeletse tlhōrō ea matla a eona. Empa tsela ea matla a ka ho sa feleng e ne e lokisitsoe ke lipolotiki ho e-na le bonngoe ba moea. Ha ho kae kapa kae moo sena se etsahetseng ho feta Spain.
Kereke ea Spain e ile ea nka matla le monyetla ka ho kopanya sesole le ’Muso.
Bonngoe ba Bolumeli ke Kofuto ea Lipolotiki
Ka 1479, ka mor’a makholo a lilemo a puso e arohaneng le mebuso e hlokang taolo, Spain eohle e bile bonngoeng tlas’a puso ea Ferdinand le Isabella. Empa sechaba se theiloeng bocha se ne se tla ba le khopolo le morero o tšoanang joang? Ferdinand o ile a tšehetsa kereke. Ka 1478 Lekhotla le Otlang Bakhelohi la K’hatholike le ile la hlomamisoa ka tšehetso ea mopapa. Hona joale, le laoloa ke morena ’me le tsamaisoa ke kereke, le ipakile e le sebetsa se matla ka ho fetisisa se kileng sa sebelisoa ho hatella phapang ea bolumeli le lipolotiki. Ka lebaka la boikokobetso bo potlakileng ba Mak’hatholike ’ohle a Spain a kolobelitsoeng lekhotleng lena, tšitiso feela e setseng khahlanong le bonngoe e bile batho ba limillione ba sa kolobetsoang—Bajode le Bamoor.
Ka 1492, tlas’a khatello e tsoang ho Moahloli-Kakaretso Torquemada, Ferdinand le Isabella ba ile ba laela hore Bajode bohle ba sa kolobetsoang ba lelekoe Spain. Lilemo tse leshome hamorao, Bamoor bohle ba ileng ba hana ho fetoha Mak’hatholike le bona ba ile ba lelekoa. Friar Bleda o hlalositse leeto la qobello la Mamoseleme e le “ketsahalo e khanyang ka ho fetisisa Spain ho tloha mehleng ea Baapostola.” O phaelletse ka hore: “Joale bonngoe ba bolumeli bo sirelelitsoe, ’me mehla ea tsoelopele e se e tla fihla.” La España Católica (Spain, K’hatholike) ebile ntho ea sebele, ’me bakeng sa ho hopola Isabella le Ferdinand, Mopapa Alexander VI o ile a ba bitsa “Marena a K’hatholike.”
Ka lebaka la bonngoe ba bolumeli bo finyelletsoeng lapeng, kereke ea Spain e ile ea eketsa meeli ea eona. Ka thuso ea ’muso oa Spain, Columbus o ne a sa tsoa sibolla mafatše a macha le batho Amerika. Ho felehetsa baetapele, balateli ba Dominican le Franciscan ba ile ba sesetsa Linaheng tsa Bophirima, ’me ba ne ba ikemiselitse ho atametsa bahetene haufi le kereke.
Cortés, moetapele oa Mexico, o ile a bolelloa hore pakane e ka sehloohong ea leeto la hae ke ho sebeletsa Molimo le ho jala tumelo ea Bokreste. Leha ho le joalo, o ile a lumela ka botšepehi: “Ke tlil’o batla gauda.” Mohlomong baetapele ba bangata ba ne ba na le maikutlo a tsoaka-tsoakaneng a kang a boletsoeng ke e mong oa bona: “Re tlile mona ho sebeletsa Molimo le ho rua.”
Pele ba simolla ka tlhōlo sebakeng se seng, baetapele ba ne ba bala tokomane e bitsoang Los requisitos ka lentsoe le phahameng—ebang baahi ba ne ba utloa kapa che—moo ho neng ho hlokahala baahi ba hopole hore kereke e busa lefatše le hore morena oa Spain e ne e le moemeli oa eona. Ho hana ho lumela seo ho ne ho lekane ho nahana ka “ntoa feela.”
Baahi ba limillione ba ile ba kolobetsoa, ba bangata ba ile ba kolobetsoa hang feela ka mor’a hore ba hlōloe. Ka mor’a moo, baprista le mafutsana ba ile ba tšoarisana le baitlami ba Spain bakeng sa ho busa likolone. Ho joalokaha rahistori oa kereke Paul Johnson a hlokometse: “Kereke ea K’hatholike ebile lefapha la ’muso oa Spain, ’me ho bile joalo haholo Amerika. . . . Hamorao Kereke e ile ea batla tšireletso, monyetla, le boinehelo bo sa sisinyeheng tumelong ea lithuto tsa kereke.”
Ka hona, ho ea bofelong ba lekholo la bo16 la lilemo, kereke Spain e ne e fetohile kereke ea sechaba e matla ka ho fetisisa ea Bokreste-’mōtoana. E ile ea laola bolumeli bohle Spain le karolo e khōlō ea Linaha tsa Bophirima. Empa ka ho ke keng ha qojoa, matla le monyetla tseo e li thabetseng li ile tsa lebisa litšebelisong tse mpe ho feta linaheng tse ling.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 5]
“Re tlile mona ho sebeletsa Molimo le ho rua”