Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g90 3/8 maq. 6-8
  • Kereke ea K’hatholike Spain—Tšebeliso e Mpe ea Matla

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kereke ea K’hatholike Spain—Tšebeliso e Mpe ea Matla
  • Tsoha!—1990
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lekhotla le Otlang Bakhelohi—Lilemo tse Makholo a Mararo tsa Bohatelli
  • Liphetoho
  • Ntoa ea Baahi—Ntoa ea Bolumeli e Sehlōhō
  • Kereke ea K’hatholike Spain— Ke Hobane’ng ha ho na le Bothata?
    Tsoha!—1990
  • Kereke ea K’hatholike Spain—Matla le Monyetla
    Tsoha!—1990
  • Bibele ea Sepanishe e Loanela ho ba Teng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Ke Hobane’ng ha Kereke e Lahleheloa ke Tšusumetso?
    Tsoha!—1996
Bala Tse Ling
Tsoha!—1990
g90 3/8 maq. 6-8

Kereke ea K’hatholike Spain—Tšebeliso e Mpe ea Matla

“Ha matla a le maholoanyane, tšebeliso ea ’ona e mpe e kotsi haholo.”—Edmund Burke.

MOTHO ea bontšitseng matla a maholo ka ho fetisisa Europe lekholong la bo16 la lilemo e bile Philip II, morena oa K’hatholike Spain. Lebotho la hae le leholo, “moo letsatsi le neng le sa likele teng,” le ne le tloha Mexico ho fihla Philippines, ho tloha Netherlands ho ea Cape of Good Hope.

Empa boikemisetso ba hae e ne e le ba bolumeli ho e-na le ho ba lipolotiki—ho sireletsa Bok’hatholike Europe le ho jala tumelo lebothong la hae. A hōlisitsoe ke baprista, o ne a kholisehile hore Kereke ea K’hatholike e ne e le tšehetso e matla ea borena ba hae le tsoelo-pele. Ka holim’a tsohle, e ne e le ngoana oa kereke.

Bakeng sa ho ntšetsa pele litsela tsa K’hatholike, o ile a hlohonolofatsa mekha e sehlōhō ea Lekhotla le Otlang Bakhelohi; o ile a loantša Maprotestanta Netherlands le baahi ba Turkey ba “libakeng tse hare” tsa Mediterranean; ka boikutlo bo monyebe a nyala Mary Tudor, mofumahali oa Engelane ea kulang, ka boiteko bo sa kang ba hlahisa litholoana ba ho mo neha mojalefa oa Mok’hatholike; hamorao a roma Armada “ea sa hlōloeng” ho loantša Boprotestanta Engelane empa a hlōloa; nakong eo a shoang ka eona o siile naha ea hae e hlobotse—ho sa tsotellehe gauda e ngata eo a e fumaneng likoloneng.

Lekhotla le Otlang Bakhelohi—Lilemo tse Makholo a Mararo tsa Bohatelli

Haufi le morena, ho ne ho na le monna ea matla ka ho fetisisa Spain eo e neng e le moahloli-kakaretso. Mosebetsi oa hae e ne e le ho sireletsa Bok’hatholike ba Spain hore bo se silafatsoe le ho boloka thuto ea kereke. Bahetene ba ile ba ipolokela likhopolo tsa bona kapa ba ile ba isoa kholehong, ha litho tsa Lekhotla le Otlang Bakhelohi li ne li sa ba fumane ka lekhetlo la pele. E mong le e mong, ka ntle ho morena, o ne a ka hlaseloa ke Lekhotla lena le Otlang Bakhelohi le tšoaro ea lona e mpe—sehlopha sa baruti se ne se sa belaelloe.

Mobishopo e moholo oa Toledo o ile a kenngoa teronkong lilemo tse supileng ka bopaki ba bohata ho sa tsotellehe boipelaetso bo boholo ba bapapa. Ha ho motho ea kileng a leka ho mo buella Spain. Ho ile ha phehoa khang ka hore ‘ho molemo hore motho ea se nang molato a ahloleloe lefu ho e-na le hore Lekhotla le Otlang Bakhelohi le hlabisoe lihlong.’

Lekhotla le Otlang Bakhelohi le ile la tsamaea le baahloli ho ea likoloneng tsa Spain Amerika. Ka 1539, lilemo tse ’maloa ka mor’a tlhōlo ea Mexico, molaoli Ometochtzin oa Aztec o ile qosetsoa borapeli ba litšoantšo, ka lebaka la bopaki ba mora oa hae ea lilemo li leshome. Ho sa tsotellehe kōpo ea hae ea tokoloho ea letsoalo, o ile a ahloleloa lefu. Likoloneng tsohle, joaloka Spain, Bibele ka lipuo tse ling e ile ea thibeloa. Ka 1541 Jerónimo López o ile a ngola: “Ke phoso e kotsi ka ho fetisisa ho ruta Maindia thuto ea mahlale ’me ho kotsi haholoanyane . . . ho a neha Bibele . . . Batho ba ngata Spain ea rōna ba ile ba bolaoa ka tsela e joalo.”

Ka makholo a mararo a lilemo Lekhotla le Otlang Bakhelohi le ile la laola Spain le lebotho la eona ho fihlela le felloa ke chelete le bahlaseluoa. Ka ntle ho bahlaseluoa ba neng ba tlameha ho lefa melato e boima, mosebetsi ’ohle o ile oa ema.a

Liphetoho

Ka ho fela ha Lekhotla le Otlang Bakhelohi, Spain ea lekholong la bo19 la lilemo e bone keketseho ea tokoloho le ho fokotseha ha matla a K’hatholike. Mobu oa kereke—ho fihlela nakong eo o ne o etsa karolo ea boraro ea mobu oa naha eohle eo ho lengoang ho eona—o ile oa felisoa ke mebuso e latellanang. Ka bo1930, tona-kholo ea Azaña e ile ea re: “Spain e khaolitse ho ba K’hatholike,” ’me ’muso oa eona o ile oa nka bohato bo loketseng.

Kereke e ile ea aroloa ka ho felletseng ho ’Muso, ’me tšehetso ea baruti e ile ea felisoa. Thuto e ne e tla ba eo e seng ea bolumeli, ’me ho ile ha hlahisoa lenyalo la molao le tlhalo. Mok’hadinale Segura o ile a tletleba ka ‘tahlehelo ena e sehlōhō’ ’me a tšoha hore e be sechaba se tla lula se le teng. Ho ne ho bonahala Bok’hatholike bo tobane le ho oa ho ke keng ha qojoa ha sesole se ne se hlasela sechaba ka 1936.

Ntoa ea Baahi—Ntoa ea Bolumeli e Sehlōhō

Baetapele ba sesole ba ileng ba phethola ’muso ba ile ba susumetsoa ke monahano oa lipolotiki, empa kapele-pele ntoa e ile ea fetoha ea bolumeli. Nakong ea libeke tse ’maloa tsa morusu, kereke, eo matla a eona a neng a se a nyenyefalitsoe ke ’muso oa nakong eo, e ile ea iphumana e le mohlaseluoa oa tlhaselo e mabifi e jeleng setsi.b Baprista ba likete-kete le baitlami ba ile ba bolaoa ke bahanyetsi ba sesole ba ileng ba lekanya kereke ea Spain le bohatelli. Likereke le mahae a baitlami li ile tsa hlaseloa le ho chesoa. Likarolong tse ling tsa Spain, ho apara lipurapera tsa baruti ho ne ho lekane hore motho a ahloleloe lefu. Ho ne ho tšoana le hoja phoofolo ea tonanahali ea Lekhotla le Otlang Bakhelohi e khutlile lebitleng bakeng sa ho koenya batsoali ba eona.

Kereke ea Spain ha e boetse e talimane le tšoso ena e ile ea boela ea batla thuso ea lefatše—ea batla thuso ea sesole—ho buella tsela ea eona le ho khutlisetsa sechaba thutong ea K’hatholike. Empa pele ntoa ea baahi e ne e lokela ho hlohonolofatsoa e le “ntoa e halalelang,” le “ntoa ea bolumeli” bakeng sa ho sireletsa Bokreste.

Mok’hadinale Gomá, mobishopo e moholo oa Toledo le moetapele oa Spain, o ngotse: “Na ntoa ea Spain ke ntoa ea baahi? Che. Ke ntoa ea ba se nang Molimo . . . ntoa khahlanong le Spain ea sebele, ntoa khahlanong le bolumeli ba K’hatholike.” O ile a bitsa Molaoli Franco, moetapele oa marabele, “kofuto ea merero ea Molimo ka lefatše.” Babishopo ba bang ba Spain ba ile ba bua maikutlo a tšoanang.

Leha ho le joalo, ’nete e ne e se bonolo joalo. Ba bangata ka lehlakoreng la ntoa la Rephabliki e ne e boetse e le Mak’hatholike a tšepahalang, haholo-holo tikolohong ea Basque, moo Bok’hatholike ba meetlo bo leng matla haholo. Ka lebaka leo, ntoa ea baahi e ile ea etsa hore Mak’hatholike a loantše Mak’hatholike—kaofela a ne a loanela Bok’hatholike ba Spain ho ea kamoo mobishopo a hlalositseng ntoa.c

Ha qetellong mabotho a Franco a laola Liprofensi tsa Basque, a ile a bolaea baprista ba 14 ’me a kenya ba ngata teronkong. Ha mofilosofi oa Lefora Jacques Maritain a ngola ka lihlōhō tse entsoeng Mak’hatholike a Basque, o hlokometse hore “Ntoa e Halalelang e hloile balumeli ba sa e sebeletseng ka tšabo joaloka bahetene.”

Ka mor’a lilemo tse tharo tsa polao e sehlōhō le tšollo ea mali, ntoa ea baahi e ile ea lala, ’me mabotho a Franco a hlōla. Baahi ba Spain ba 600 000 ho ea ho ba 800 000 ba ile ba shoa, ’me ba bangata ba bolailoe ke masole.d Ka sebete, Mok’hadinale Gomá o ile a lumela lengolong la mopapa: “Ha ho motho ea ka latolang hore matla a sebelisitsoeng ho felisa ntoa ena ebile a Molimo ka booona, bolumeli ba oona, melao ea oona, boteng ba oona, le tšusumetso ea oona historing ea rōna.”

Ho tloha nakong eo Lekhotla le Otlang Bakhelohi le theoang ka eona lekholong la bo15 la lilemo ho fihlela Ntoeng ea Baahi ea Spain (1936-39), ka mekhelo e itseng, Kereke le ’Muso li ile tsa nka tsela e tšoanang. Ntle ho pelaelo, lithahasello tsa tsona li ’nile tsa sebeletsoa ke mabotho ana a sa halaleleng. Leha ho le joalo, lilemong tse makholo a mahlano tsa matla—le tšebeliso e mpe ea matla—li ile tsa nyenyefatsa matla a kereke a moea joalokaha sehlooho sa rōna se latelang se tla bontša.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mohlaselua oa ho qetela ebile hlooho ea sekolo e neng e se na ea e emelang e ileng ea fanyehoa Valencia ka 1826 hobane a ile a sebelisa poleloana “Thoriso e isoe ho Molimo” ho e-na le hore “Ho Rorisoe Maria” lithapelong tsa sekolo.

b Ho ea ka tlaleho ea kereke e entsoeng ke Canon Arboleya ka 1933, motho ea sebetsang o nahana kereke e le karolo ea bohlokoa ea barui le sehlopha se filoeng monyetla se neng se ba hanyapetsa chelete. Arboleya o hlalositse: “Matšoele-tšoele a batho a ile a baleha Kerekeng hobane a ne a lumela hore ke sera sa ’ona se seholohali.”

c Baprista ba bang ba K’hatholike ba hlile ba loana mabothong a Franco. Moprista oa Zafra, Extremadura, o ne a tumme ka polao ea hae e sehlōhō. Ka lehlakoreng le leng, baprista ba ’maloa ba ile ba ipelaetsa ka sebete bakeng sa ho bolaoa ha batšelisi ba Rephabliki ba belaeloang—’me bonyane a le mong o ile a bolaoa ka lebaka lena. Mok’hadinale Vidal y Barraquer, ea ileng a leka ho boloka boemo bo hlokang leeme nakong eohle ea ntoa, o ile a tlangoa ke ’muso oa Franco ho lula botlamuoeng ho fihlela lefung la hae ka 1943.

d Ho thata ho fumana palo e nepahetseng, ’me lipalo li lekanyelitsoe.

[Lebokose le leqepheng la 8]

Ntoa ea Baahi ea Spain—Phatlalatso ea Mopapa

Hang ka mor’a ho qhoma ha ntoa (1936), Mok’hadinale Gomá o hlalositse qhoebeshano e le ntoa mahareng a “Spain le mokha o khahlanong le Spain, bolumeli le ho latola boteng ba Molimo, tsoelo-pele ea Bokreste le bohlaha.”

La Guerra de España, 1936-1939,

leqephe 261.

Mobishopo oa Cartagena o itse: “Ho hlohonolofatsoe libuka, haholo-holo haeba Molaetsa o Molemo o tla phunyeletsa moo li butseng masoba teng.”

La Guerra de España, 1936-1939,

maqephe 264-5.

Ka la 1 Phupu, 1937, babishopo ba Spain ba ile ba ntša lengolo le kopanetsoeng le hlalosang boemo ba K’hatholike ntoeng ea baahi. Har’a lintho tse ling, le boletse tse latelang:

“Kereke, ho sa tsotellehe moea oa eona oa khotso, . . . e ke ke ea iphapanyetsa ntoa. . . . Spain ho ne ho se tsela e ’ngoe ea ho hlōla toka, khotso, le melemo e fumanoang ho tsona ho feta Mabotho a Sechaba [mabotho a Franco a Puso ea Bohatelli].”

“Re lumela hore lebitso Lebotho la Sechaba le loketse, pele, ka lebaka la moea oa lona oo le o bontšang ka tsela eo boholo ba batho ba Spain ba nahanang ka eona, ke lona feela tšepo bakeng sa sechaba sohle.”

Enciclopedia Espasa-Calpe, tlatsetso 1936-1939, maqephe 1553-5.

Babishopo ba K’hatholike linaheng tse ling ba ile ba potlakela ho tšehetsa babishopo ba bang ba Spain. Mok’hadinale Verdier, mobishopo e moholo oa Paris, o hlalositse ntoa ea baahi e le “ntoa mahareng a tsoelopele ea Bokreste le . . . tsoelopele ea ho latola boteng ba Molimo,” ha Mok’hadinale Faulhaber oa Jeremane a phehelletse Majeremane kaofela ho rapela lebitsong la ba “sireletsang litokelo tse halalelang tsa Molimo, hore A tle a fane ka tlhōlo ho ba loanang ntoeng [ena] e halalelang.”

Enciclopedia Espasa-Calpe, tlatsetso 1936-1939, maqephe 1556-7.

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Ho tloha moahong ona o moholohali oa baitlami le ntlo ea borena ea San Lorenzo del Escorial, Philip II o ile a busa sesole sa hae, “moo letsatsi le neng le sa likele teng”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela