“Hase Molato oa Ka!”—Mehla ea ho Itokafatsa
BJARA-BJARA! ’Mè oa Johnny e monyenyane o potlakela ka kichineng ho bona hore ke eng e bakileng lerata leo le tšabehang. Moo, likotoana tsa sejana sa likuku li hasane fatše. Johnny o eme moo ka tsieleho, o tšoere kuku ka letsoho ’me ka nako e tšoanang o leka ka thata hore a bonahale a se na molato. Oa itlatlarietsa: “E ne e se molato oa ka!”
BATSOALI ba tseba hantle hore ho thata hore bana ba amohele boikarabelo ba liphoso tsa bona. Empa sechaba sa kajeno se na le bothata bo tšoanang. Lenane le ntseng le eketseha la batho le bonahala le lumela hore tšusumetso ea lona ea ho ikhotsofatsa e matla hoo ka ho utloahalang ho ke keng ha lebelloa hore le e hanyetse.
Ka mohlala, nahana ka monna ea ileng a beta mosali a le mong ka makhetlo a mararo. Nyeoeng ea hae, o ile a ipelaetsa ka hore o ne a hlasetsoe ke maro a hae a botona (li-hormone); o ne a na le lero le lengata haholo la testosterone. O ile a lokolloa. Ralipolotiki ea ileng a tšoaroa ka baka la ho bua leshano o ile a bolela hore o fane ka bopaki ba bohata hobane a ne a na le bothata ba joala. Semokolara sa lithethefatsi se ile sa lokolloa ka mor’a ho ipolela hore ke mohlaseluoa oa “lefu la liketso tse lemalloang.”
Ho latela U.S.News & World Report, lihlopha tse fetang 2 000 li kopana beke le beke ho eletsa ba italimang e le makhoba a likamano tsa botona le botšehali kapa a lerato. Mekhatlo ea sechaba e fetang 200 e ile ea latela mohlala oa Mokhatlo oa Makhoba a Joala ho thusa “bahlaseluoa” ba mekhoa e meng e “lemalloang,” joaloka Mokhatlo oa Banna ba Otlang Basali, Mokhatlo oa Basodoma ba Jang Haholo, Mokhatlo oa Batho ba Bechang, Mokhatlo oa ba Nang le Melato ea Chelete, Mokhatlo oa ba Litšila ’Meleng, le Mokhatlo oa Makhoba a Mosebetsi.
Litsebi tse ling li amohela khopolo ea hore mefuta ena eohle ea boitšoaro bo senyang e ka ba bokhoba, empa ba bang ba tšosoa ke mokhoa ona o mocha oa ho lemalla lintho. Ho joalokaha setsebi se seng sa kelello se o hlalosa: “Ho hlahisa lefatše la mafu a lemalloang ho ka bolela ho hlahisa lefatše leo ho lona ho ka lokafatsoang ntho e ’ngoe le e ’ngoe.” Ngaka ea mafu a kelello e lemosa hore hang ha batho ba qala ho itlhalosa e le bahlaseluoa ba se nang thuso ba bokhoba bo itseng, ba e-ba makhoba a thata haholo ho phekoloa; ho itokafatsa ha bona ho fetoha karolo ea botho ba bona.
Moprofesa oa thuto ea tlōlo ea molao Dr. William Lee Wilbanks, o tiisa hore mokhoa ona oa kajeno oa phekolo ea bokhoba kaofela ke karolo ea filosofi ea mantsoe a latelang e bitsang Boitšoaro bo Bocha bo Soabisang: “Ha ke khone ho ithusa.” O nyatsa “tloaelo e hōlang ka har’a sechaba se nang le tsebo ea saense ea ho talima batho e le ba hlaseloang ke litšusumetso tse ka ntle le tse ka hare tseo ba ke keng ba li laola.” Oa phaella: “Pono ena e fana ka tlhahiso ea hore boikhethelo bo na le karolo e nyenyane kapa ha bo na karolo boitšoarong ba motho.”
Liphuputso li fane ka tlhahiso ea hore thato ea motho e ka ba le tšusumetso e ngata ho feta litloaelo tsa bokhoba tsa moetlo ka ho eketsehileng tse kileng tsa nahanoa. Ka mohlala, karolo ea 75 lekholong ea makhoba a heroin ea hlōleha boitekong ba eona ba ho itokolla tloaelong ena. Empa har’a masole a Ntoa ea Vietnam, lenane la ba atlehang le phahame haholo—hoo e batlang e le karolo ea 90 lekholong e tsebile ho itokolla bokhobeng bona. Hobane’ng? Sethethefatsi sea tšoana, bokhoba le bona boa tšoana. Joalokaha Wilbanks a boletse, na mohlomong ho ka etsahala hore “pono ea bona ka lintho tsa bohlokoa le ho itaea li ba thusitse hore ‘Ba re Che!’”? Ha se hore lintho tse kang ho itšetleha ka lik’hemikhale kapa tloaelo ea motho ea tlhaho mathateng a itseng hase lintho tsa sebele. Joalokaha Wilbanks a hlalosa, mabaka a joalo “a ka thatafatsa ntoa ea teko ka ho eketsehileng. Empa ntoa e sa ntse e ka hlōloa.”
Ka sebele ho joalo. Tšusumetso ea ho ikhotsofatsa hang-hang e ka ba matla, empa ha e na matla ’ohle. Joalokaha mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova o bontšitse lefatšeng ka bophara, makhoba a lithethefatsi, a joala, bafebi, babechi ba papali ea chelete, le basodoma ha baa tlameha ho khotsofatsa litakatso tsa bona. Ka ho sebelisa matla a bona boikhethelo, ’me ha bohlokoa haholoanyane, ka thuso ea moea o halalelang oa Molimo, ba ka hlola ’me ba tseba ho hlōla mathata a bona. Kahoo ho sa tsotellehe hore “litsebi” li reng, ’Mōpi oa rōna o tseba nako eo ka eona re ikarabellang bakeng sa liketso tsa rōna. (Numere 15:30, 31; 1 Ba-Korinthe 6:9-11) Empa hape o mosa. Ha ho mohla a lebellang ho fetang matla a rōna, “o elelloa hoba re lerōle feela.”—Pesaleme ea 103:14.