“Ke e Batla Hona Joale!”—Mehla ea ho Ikhotsofatsa Hang-hang
Seemo sa Johnny e monyenyane se reretsoe ho hlalosa bohloko ho sithabetsang maikutlong, empa ho thata hore u tšoare setšeho. Mahetla a hae a lepelletse, mangole a hae a tšerema, o hulanya maoto a hae a sephara. Sefahleho sa hae ke pontšo e fetellelitsoeng ea ho utloa bohloko—phatla e sosobane, mahlo a kōpa ka botšepehi, ’me molomo o sothehile ka baka la ho utloa bohloko. O hopotse ntho e le ’ngoe feela: lijo tse tsoekere tse jeoang ka mor’a lijo.
O ipelaetsa ka lentsoe le bohloko: “Empa ’Mè.” Ke sohle seo a ka se buang. ’Mè oa hae o retelehela ho eena, a tšoere sekotlolo le khaba letsohong. O bua ka tieo: “Johnny, ke u bolella lekhetlo la ho qetela, CHE! Haeba u ja lijo tsena tse tsoekere tse jeoang ka mor’a lijo hona joale, u tla senya lijo tsa hao tsa mantsiboea. ’Me re se re tla ja nakong ea metsotso e 15 ho tloha joale!”
Oa lla: “Empa ke batla tse ling HONA JOALE!” ’Mè oa hae o khaotsa ho fuluoa ’me o talima mor’a hae a mo halefetse haholo. Johnny o tseba mokhoa oo a mo talimmeng ka ’ona; ka bohlale oa ikhula, ’me o ea ka kamoreng e ’ngoe ho ea llela ka teng. Kapele mohopolo oa hae o fetohile, ’me o se a lebetse sohle ka ho ja ka nako eo lijo tsa mantsiboea li seng li lokisitsoe.
Ka linako tse ling bana ba bonahala ba lemalletse nako ea hona joale. Ha ba batla ntho e itseng, ba e batla hona joale. Khopolo ea ho letela moputso o molemonyana, kapa ea ho itima thabo hobane e ka ba ntša kotsi hamorao, ke ntho e thata hore ba ka e utloisisa. Leha ho le joalo, ke khopolo eo bona—hangata le rōna kaofela—re lokelang ho ithuta eona.
Thuto ea morao-rao ea bo-rasaense Univesithing ea Columbia United States, e hlahlobile matla a bana ba banyenyane a ho liehisa ho ikhotsofatsa ka baka la moputso o laba-labeloang. Bana ba ile ba fuoa monyetla oa ho khetha mahareng a lintho tse peli, e ’ngoe e le e lakatsehang ho feta e ’ngoe—ka mohlala, kuku e le ’ngoe khahlanong le tse peli. Ba ne ba ka fumana likuku tse peli haeba ba ne ba ka leta ho fihlela tichere e khutla. Leha ho le joalo, ba ne ba ka felisa ho leta nako e ’ngoe le e ’ngoe ka ho letsa tšepe, ka baka leo ba ne ba tla fumana kuku e le ’ngoe ’me ba lahleheloe ke tse peli. Bo-rasaense ba ile ba tlaleha boitšoaro ba bona ’me ba hlahloba khōlo ea bana bana lilemo tse leshome hamorao.
Makasine oa Science o tlaleha hore bana ba neng ba liehisa ho ikhotsofatsa ba ne ba atleha hamolemonyana joaloka bacha. E ne e le ba ka nolofalloang ho tsoela pele sechabeng le sekolong ’me ba ne ba tseba ho sebetsana le khatello le ho ferekana maikutlong hamolemonyana. Ka ho hlakileng, matla a ho liehisa ho ikhotsofatsa—ho liehisa ho fumana seo re se batlang—ke tsebo ea bohlokoa bophelong. ’Me e tsoela batho ba hōlileng molemo ka tsela e tšoanang.
Letsatsi le leng le le leng kaofela ha rōna re qobelloa ho khetha mahareng a ho ikhotsofatsa hang-hang le ho liehisa ho ikhotsofatsa. Likhetho tse ling li bonahala li se bohlokoa hakaalo: ‘Na ke lokela ho ja sekotoana seo sa kuku kapa ke lokela ho bala li-calorie?’ ‘Na ke lokela ho shebella TV, kapa ho na le ntho e molemo haholoanyane eo ke lokelang ho e etsa hona joale?’ ‘Na ke lokela ho bua mantsoe ao kapa ke lokela ho tšoara leleme la ka?’ Tabeng e ’ngoe le e ’ngoe, re lokela ho nahanisisa ka tšusumetso ea ho ikhotsofatsa hang-hang ha ho bapisoa le liphello tsa nako e telele. Ka ho utloahalang, tsena e ka ’na ea e-ba litaba tse nyenyane.
Liqeto tse tebileng haholoanyane ke liqeto tsa boitšoaro tseo batho ba talimaneng le tsona: ‘Na ke lokela ho bua leshano hore ke lokolohe boemong boo, kapa ke lokela ho fumana mokhoa o tšepahalang le o bohlale?’ ‘Na ke lokela ho arabela lipolelong tse tsosang maikutlo a lerato ’me ke bone se etsahalang, kapa ke lokela ho tšoara lenyalo la ka e le la bohlokoa?’ ‘Na ke lokela ho ikopanya le letšoele ’me ke tsube matekoane kapa ke lokela ho ikokobelletsa molao le ho sireletsa ’mele oa ka?’ Joalokaha ntle ho pelaelo u se u hlokometse, mokhoa oa ikhotsofatsa hang-hang o ka fetola bophelo ba motho ho ba moluba-lube ka ho panya ha leihlo.
Joalokaha makasine oa Science o hlalosa: “Hore batho ba tsebe ho sebetsa hantle, batho ka bomong ba tlameha ho ithaopela ho liehisa ho ikhotsofatsa ha bona hang-hang ’me ba phehelle boitšoaro bo laoloang ke sepheo bakeng sa liphello tsa hamorao.” Kahoo mohlomong re ke ke ra phela bophelo bo molemo haeba re tlameha ho khotsofatsa takatso e ’ngoe le e ’ngoe ea rōna hang-hang.
Leha ho le joalo, re phela lefatšeng le tletseng khopolo ea ho ikhotsofatsa hang-hang, lefatše le bonahalang le tsamaisoa ke batho ba likete tse se nang palo ba tšoanang le Johnny e monyenyane, ba ikemiselitseng ho fumana seo ba se batlang hona joale, ba sa hlokomele liphello tsa hoo. Boikutlo ba bona ke bona bo fetotseng sebōpeho sa lefatše la rōna la kajeno ’me liphello ke tse babang.