Lefatše le Tsoileng Taolong
Ho phehella ha motho ho hlokang mamello bakeng sa ho ikhotsofatsa hang-hang ho felletse ka hore a lahleheloe ke taolo. Nahana ka mehlala e seng mekae feela:
Tikoloho: Motho o senya tikoloho. Qetellong, liphello li bontša koluoa e larileng ka pele, leha ho le joalo, ka nako e khutšoanyane, ho senya lefatše bakeng sa mehloli ea lona le ho etsa ho honyenyane ho fokotsa tšilafalo, ho tlisetsa lifeme le ’muso chelete. Kahoo, ho sa tsotellehe boipelaetso ba litsebi tsa tikoloho, tšilafalo e tsoela pele ho eketseha.
Moruo: Lichaba tsa lefatše li ntse li alima chelete e ntseng e eketseha, li ipokellela molato o moholo ka baka la litlhoko tsa moruo tsa nakoana. Ka ho se tsotelle li hlokomoloha litemoso tse matla tsa litsebi tsa moruo—hore phaello ea likalimo tseo tsohle tsa chelete e ka eketseha ho fihlela e e-ba moroalo o boima ka ho fetisisa hamorao kapa hore moruo oa lefatše o theiloeng holim’a molato oa chelete oa lefatše o bontša bofokoli ’me o ka oa haeba linaha tse futsanehileng li ka hlōleha ho lefa molato oa tsona oa likalimo tsa chelete.
Boitšoaro: Ba sebelisang joala le lithethefatsi hampe, ba bapalang papali ea chelete, batlōli ba molao ba mefuta eohle, bafebi, lihlola—ke mang ea ka latolang hore lefatšeng lohle boemo bona bo ntse bo e-ja setsi kajeno? Ke sehlopha sa batho ba fapaneng ba nang le tšobotsi e tšoanang: Ba e batla HONA JOALE! Ebang ke likamano tsa botona le botšehali, chelete, matla, kapa feela ho ba ‘plakeng’ ba bangata ba ikemiselitse ho senya lenyalo, lelapa, letsoalo, tšireletso ea chelete, bophelo bo botle, botumo, esita le bophelo bakeng sa menyaka e joalo e felang kapele.
Hase ho fetelletsa litaba ho bolela hore lefatše la kajeno le tsoile taolong, le laoloa ke meharo e tšoanang le ea lesea. Ba bang ba loana ka botšepehi khahlanong le ho hloka temoho ho jeleng setsi hakana lefatšeng. Empa ho matla haholo ka ho fetisisa, le ho jeleng setsi ke litšusumetso tse fokolisang temoho le boitšoaro ba rōna kaofela.
Litšusumetso tse Fokolisang
Motho oa kajeno, haholo-holo linaheng tse tsoetseng pele moruong o kenelletse ka ho sa khaotseng leqhubung la phatlalatso ea bohata e phatlalatsoang ke khaso. Ebang ke ka thelevishene, sea-le-moea, libaesekopo, limakasine, kapa likoranta, ho ikhotsofatsa hang-hang ho ntšetsoa pele ka masene.
Liphatlalatso tsa khaso li u khothalletsa hore u ’ne u reke—le ho etsa kōpo ea likarete tsa ho reka ka sekoloto hore u tsebe ho reka hona joale. Lihlahisoa tse ngata li hona mona ka pel’a mahlo a hao. Liphatlalatso li bonahala li fana ka tlhahiso e ntle: ‘U tla khathatseha hamorao ka ho lefa!’ Li entsoe ka matla a batlang a phahametse a tlhaho ho qhekella kelello. Ha o phetla leqephe la makasine, o koaheloa ke leqhubu la monkho oa eona. Ha u bulela sea-le-moea, molumo oa sona o luma ka kelellong ea hao o sa khaotse ka matsatsi a mangata. Ha u bulela TV, litšoantšo tsa eona tse phatsimang li etsa hore u eme tlekelele! Ka ’mino oa video, litšoantšo li feta kapele hore li hape tlhokomelo ea hao ka nakoana.
Thelevishene e etsa ho fetang ho phatlalatsa ho ikhotsofatsa hang-hang. E hlile e fana ka hona. Ka ho khoatha konopo feela, e khotsofatsa takatso ea ho ithabisa. Hangata e thabisa batho ka ho bontša batho ba khotsofatsang litakatso tsa bona. Sebapali se sebelisa pefo haeba lira tsa sona ‘li e hloka.’ Ngoana e monyenyane o tlontlolla batsoali ba hae ka mesoaso e bontšang ho hloka tlhompho. Moratani ea laoloang ke maikutlo o inehela habonolo bofebeng kapa likamanong tsa botona le botšehali pele ho lenyalo. Ke ka seoelo TV e nyatsang mekhoa ena ka baka la ho hloka boitšoaro ha eona; e-ea e tlotlisa, e e koahela ka khanya ea litšoantšo kapa ka pina ea thoholetso ea litšeho tsa bohata.
Ka ho tšoanang, sehlooho sa haufinyane ho The Atlantic Monthly se boletse hore baesekopo ea kajeno ea Hollywood ke “ntho e entsoeng ka masene a maholo hore e khotsofatse motsotsoana o mong le o mong” ’me “filimi ka ho latellana e pheta mohoo, ‘U ka e fumana kaofela ha eona!’” Ho bonahala ho se letho le khotsofatsang babohi ba kajeno ha e se pefo. Sehlooho seo se tlaleha hore libaesekopo tsa mehleng e fetileng li ne li “hatella takatso ea ’mohi ea ho kopanela ho raheng,” athe “ho fapana le hoo, pefo ea libaesekopo hona joale e sebelisoa haholo ho mema ’mohi hore a thabele boikutlo ba ho bolaea, ho otla, ho holofatsa.” Ha e le hantle, liketso le pefo li se li nkile sebaka sa pale le puisano libaesekopong hoo lipale tse ngotsoeng tsa libaesekopo li leng khutšoane ka karolo ea 25 lekholong ho feta tsa lilemong tsa bo-1940, esita le hoja libaesekopo ka botsona e le tse telele ka mokhoa o tšoanang.
Malumeli a lefatše a boemong bo botle ba ho thusa moloko oa batho ho tsoa ‘monyakeng ona o khelosang oa motsotsoana.’ Leha ho le joalo, baeta-pele ba bangata ba bolumeli ba bonahala ba tšoasitsoe ke lenyora la bona la ho ikhotsofatsa hang-hang. Ke hangata hakae re balang ka bona ba batla matla le tšusumetso lipolotiking, kapa ba khahlisang mehlape ea bona ka ho bebofatsa litekanyetso tsa boitšoaro, kapa esita le ho sebelisa Bibele joaloka tšireletso e lokileng eo ka mor’a eona ka boikaketsi ba iketsetsang kamoo ba ratang ka teng? Ho e-na le ho senola seo hangata ho ikhotsofatsa hang-hang e leng sona—karolo ea tšusumetso ea sebe—ba ile ba ikopanya le ‘baeta-pele ba bang ba boitšoaro’ hore ba pate khopolo ea sebe, ba e hlalosa ka lipolelo tse monate tse joaloka ‘mathata a futsitsoeng’ le ‘mekhoa e meng ea bophelo.’—Bona lebokose leqepheng la 20.
Kofuto ea ho Thibela Mokhoa Ona
Ha ho e-na le boemo bo joalo ba lefatše, re ka itšireletsa joang? Ke joang re ka etsang liqeto ka ntle le ho khelosoa ka ho fetelletseng ke tšusumetso ea ho ikhotsofatsa hang-hang? Karabelo e ka u makatsa: Bibele e ka thusa. Ho fapana le seo batho ba bangata ba se nahanang, Bibele ha e hanyetsane le boithabiso. Ha e khothalletse boitšoaro bo thata kapa ho itima lintho. Ho e-na le hoo, Bibele e re ruta kamoo re ka phelang bophelo bo thabileng ka teng, hammoho le boithabiso bo loketseng.
Bibele e hlalosa ’Mōpi e le “Molimo o thabileng” o ‘ithabelang mesebetsing ea oona.’ (1 Timothea 1:11, NW; Pesaleme ea 104:31) Ha e le ka batho, Moeklesia 3:1 e re: “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e na le sebaka sa eona, ’me nako e teng ea tsohle tse etsoang tlas’a letsatsi.” Ho latela litemana tse latelang, hoo ho akarelletsa nako ea ho tšeha, nako ea ho hobela, nako ea ho aka, le nako ea ho rata. Liproverbia 5:18, 19 ebile e hlalosa botle ba nyakallo ea likamano tsa botona le botšehali mahareng a monna le mosali ha e bolella banna: “U thabele mosali oa bocha ba hao.” Ka ho hlakileng, hase ho ikhotsofatsa hohle ho leng phoso, leha e le hore mefuta eohle ea ho ikhotsofatsa e tlameha ho liehisoa ka ntle ho lebaka. Leha ho le joalo, hangata boitšoaro ke eona ntho e haellang.—Ba-Galata 5:22, 23.
Re tlameha ho ba le pono e loketseng ka thabo ea rōna. Re hloka lintho tse nepahetseng tse tlang pele. Ho thabisa Molimo ho tlameha ho tla pele ho thabo ea rōna; ho tlameha ho tla pele bophelong ba rōna. Ho latelang ke lerato la molao-motheo bakeng sa moahisani. (Mattheu 6:33; 22:36-40) Haeba ka ’nete re rata Molimo le moahisani, re tla thabela ho beha ho ikhotsofatsa ha rōna ka morao ho lintho tsena tse peli tse tlang pele.
Lintho tsa bohlokoa tse tlang pele tse theiloeng Bibeleng li boetse li tla re thusa ho hanyetsa ho ikhotsofatsa. Re tla hanyetsa botaoa, bofebe, bohlola, papali ea chelete, meharo, tšebeliso e mpe ea lithethefatsi, le pefo. Sebe se seng le se seng se fana ka khotsofalo ea hang-hang ka mokhoa oa teng, empa li khopisa Molimo le ho utloisa moahisani bohloko. Melao ea Molimo e khahlanong le libe tsena ke pontšo e tiileng ea lerato la oona ho rōna, hobane qetellong, sebe se kotulisa moetsalibe liphello tse bohloko ka ho fetisisa. Liphello e ka ’na ea e-ba boloetse, lelapa le arohaneng, kapa bofutsana. Phello e ka ’na ea e-ba lefu kapa bophelo bo bohloko bo sa khotsofatseng.
Ho Latela Mehlala e Metle
Molimo o batla hore re phele bophelo bo thabileng le bo putsang; Lentsoe la hae le na le mehlala e mengata ea banna le basali ba ileng ba etsa joalo. Maemong a mangata tumelo le lerato la bona ho Molimo li ba susumellelitse ho liehisa ho ikhotsofatsa ha bona. (Bona Ba-Heberu, khaolo 11.) Moshe ke eena ea hlahelletseng ka mahetla tabeng ena. A hōlisitsoe joaloka mora oa morali oa Faro Egepeta ea boholo-holo, o ne a bulehetsoe ke monyetla oa bophelo ba ho ikhotsofatsa. Matla, tšusumetso, leruo, ’me ntle ho pelaelo le menyetla e mengata ea likamano tsa botona le botšehali e ne e ka ba tsa hae haeba a ne a ile a lula lelapeng la Faro. Ho e-na le hoo, o ile a ikhethela ho sonngoa le sechaba sa Iseraele se entsoeng makhoba. Hobane’ng?
Ba-Heberu 11:25 e arabela ka hore o ile a khetha “ho tšoenngoa le sechaba sa Molimo, e seng ho thabela menate ea libe e felang kapele.” Moshe o ile a bona seo ho ikhotsofatsa hang-hang ho leng sona. Ke ntho ea hang-hang. Ea nakoana. E fela ka ho panya ha leihlo. Kahoo ho e-na le ho talima se neng se tla mo tlisetsa monyaka oa nakoana, o ile a tsepamisa mohopolo bokamosong bo thabileng. Ho joalokaha Ba-Heberu 11:26 e bolela: “O na a talimile moputso.” Moputso e ne e le oa sebele ho eena, ’me le Moputsi e ne e le motho oa sebele. Temana ea 27 e baleha tjena: “A na a tiea joale ka hoja a bona ea sa bonoeng.”
Ba bang ba ka ’na ba soma qeto eo Moshe a ileng a e etsa. Ba bang ba ka ’na ba bolela hore ba ne ba tla khetha leruo, matla, le botumo. Empa nahana: Haeba Moshe a ne a ile a khetha mokhoa oa ho ikhotsofatsa hang-hang, na re ne re tla tseba ka eena kajeno? Na lebitso la hae la Egepeta le ne le tla sala e le mongolo oa litšoantšo letlapeng le petsohileng le bolokiloeng setsing sa polokelo ea lintho tsa bohlokoa, e leng ntho e sa utloisisoeng, e tsejoang feela ke baepolli ba ’maloa ba lintho tsa khale? Kapa na mohlomong le ne le tla epeloa le ho lebaloa ka tlas’a lerole le lehlabathe la makholo a lilemo a 34? ’Me ho thoe’ng ka moputso oa hae? Na Moshe o ne a ka kholiseha ka ho ba le sebaka mohopolong oa Jehova haeba a ne a ile a khetha mokhoa o bonolo oa ho ikhahlisa?
Lebitso la Moshe e ntse e le tšusumetso e ntle ho batho ba limillione kajeno. Bokamoso ba hae ke bo tiileng. Bokamoso ba hao le bona e ka ba bo tiileng ka ho tšoanang. Le uena u ka ba mohloli oa khothatso ho ba bang. Ha u etsa liqeto tsa hao bophelong, ho tloha ho tse khōlō ho isa ho tse nyenyane, u se ke ua thetsoa ke phatlalatso ea bohata ea lefatše ea hore u tlameha ho fumana seo u se batlang HONA JOALE! Ipotse, ‘Na seo ke se batlang se tumellanong le seo ’Mōpi oa ka a se batlang bakeng sa ka? Na ho phehella seo ke se batlang hona joale ho bolela ho senya lipakane tsa ka tsa moea? Na ke senya moputso oa ka ka tsela leha e le efe? Ke mohlala ofe oo ke o behelang metsoalle le lelapa?’
U se ke ua khetha ho hloka temoho ha lefatše lena ka holimo ho bohlale bo bonelang hōle ba Molimo. U se ke ua rekisa thabo ea nako e telele bakeng sa monyaka oa nakoana, ntho ea ka ho sa feleng bakeng sa ea nakoana. Leha ho le joalo, ’Mōpi oa rōna o fana ka khotsofalo e ke keng ea lekanngoa. Ho joalokaha Pesaleme ea 145:16 (NW) e re ka eena: “U fuparolla seatla sa hao ’me u khotsofatsa takatso ea ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phelang.” E ’ngoe ea khotsofalo ena ke ea hang-hang; e ’ngoe e hloka nako le mamello. Bophelo tšebeletsong ea Jehova bo tletse thabo—botle ba pōpo, botsoalle bo mofuthu, thabo ea mosebetsi o phephetsang le o putsang, thabo ea ho ithuta likarabelo tsa lipotso tse qakang ka ho fetisisa tsa bophelo. Ho feta moo, ’Mōpi o re neha bophelo boo e tlang ho ba bo khotsofatsang ka ho sa feleng.—Johanne 17:3.