Lefatše le se Nang Tlōlo ea Molao le Atametse!
HA RE sheba boemo ba lefatše kajeno, hoa hlaka hore ka sebele ho thata ho qoba tšusumetso ea ho etsa se fosahetseng. Ha e le hantle, kaofela ha rōna re tsoetsoe re sa phethahala, re sekametse ho etseng lintho tse fosahetseng. (1 Marena 8:46; Jobo 14:4; Pesaleme ea 51:5) ’Me kaha Satane Diabolose o lelekiloe leholimong, o etsa boiteko bo matla ho feta leha e le neng pele ba ho baka khathatso.—Tšenolo 12:7-12.
Liphello e ’nile ea e-ba tse sisimosang. Ka mohlala, phuputso e entsoeng ho bana ba 4000 ba Scotland e senola hore bana ba babeli ho ba bararo ba lilemo tse pakeng tsa 11 le 15 ba se ba entse tlōlo ea molao. Phuputso e ’ngoe e entsoeng Brithani e bontša hore hoo e ka bang mocha a le mong ho ba bang le ba bang ba bararo ha a khathatsoe ke letsoalo ka ho utsoa mabenkeleng. ’Me ba fetang halofo ba ile ba lumela hore haeba ba ne ba ka fuoa chelete e ngata ea chenche, ba ne ba tla e nka.
Buka ea Setaliana e bitsoang Lʹoccasione e lʹuomo ladro (Monyetla le Lesholu) e fana ka tlhaloso ea hore na ke hobane’ng ha batho ba utsoa. Buka eo e bolela hore masholu a “haelloa ke boitšoaro” le hore a “hlōleha ho chechisetsa ho ikhotsofatsa nakong e tlang.” Buka eo e phaella ka hore masholu a mangata hase litsebi e mpa e le “bo-ramenyetla ba ikemiselitseng ho sebelisa menyetla.”
Ho thahasellisang ke hore buka eo e boetse e bua ka lebaka leo batho ba bangata ba “qobang ho roba molao” ka lona. E phetha ka hore lebaka hase hobane ba “tšaba kotlo ea molao empa hobane ba e-na le litekanyetso tsa boitšoaro tse ba thibelang ho etsa joalo.” Ke hokae moo batho ba ka ithutang litekanyetso tse lokileng joalo tsa boitšoaro?
Thuto e Hlokahalang
Kahoo, nahana ka se ithutoang mecheng e mengata ea boitsebiso. Ka mohlala, molaetsa oo hangata libaesekopo le thelevishene li fanang ka oona ke oa hore pefo, bofebe le boitšoaro bo mabifi ke lintho tse amohelehang. Kahoo, hase ho makatsang hore ebe batho ba haelloa ke boitšoaro hakana. Ka lehlakoreng le leng, ka bohlale Bibele ea ruta: “Ea liehang ho halefa o fetisa mohale; ea hlōlang pelo ea hae o fetisa ea hapang metse.”—Liproverbia 16:32.
Nahana ka mashano a phatlalatsoang kajeno, ha hoa lokela ho re makatsa hore ebe batho ba bangata ba “hlōleha ho chechisetsa ho ikhotsofatsa nakong e tlang.” Khafetsa-khafetsa, batho ba utloa: “Reka hona joale ’me u lefe hamorao.” “Iketsetse se molemo.” “U lokeloa ke se molemohali.” “Ithahaselle.” Ho ikhotsofatsa ho nkoa ho tloaelehile ebile ho loketse. Empa boikutlo bo joalo ba boikhabi bo khahlanong le thuto ea Bibele e mabapi le ho ‘beha leihlo, eseng thahasellong ea botho litabeng tsa lōna feela, empa hape le thahasellong ea botho ho tsa ba bang.’—Bafilippi 2:4.
Na u ke ke ua lumela hore ba bangata ba sa tšepahaleng ke bo-ramenyetla? Ka bomalimabe, batho ba ntseng ba eketseha ba rata ho sebelisa menyetla molemong oa bona. Ha ba botse hore na ketso e itseng e loketse kapa che. Seo ba amehileng ka sona feela ke hore, ‘Na nka tlōla molao ke sa tšoaroe?’
Ke’ng se hlokahalang? Joalokaha ho bontšitsoe ka holimo, litekanyetso tsa boitšoaro lia hlokahala. Tsona li tla thibela batho ho etsa liketso tsa tlōlo ea molao, ho se hlomphe ho halalela ha bophelo, ho hlompholla khalalelo ea lenyalo, ho tlōla meeli ea boitšoaro bo loketseng, ’me mohlomong le ho hatakela litokelo tsa ba bang. Ba sa ithuteng litekanyetso tse joalo, joalokaha Bibele e bolela, ba ‘feletsoe ke kutlo eohle ea boitšoaro.’ (Baefese 4:19) Tlōlo ea molao e etsoang ke batho ba joalo ba se nang bomolimo ke eona e re sitisang ho thabela lefatše le se nang tlōlo ea molao.
Kamoo Lefatše le Lecha le Tlang ho Tla Kateng
Ke ’nete hore batho ba bangata ba leka sohle se matleng a bona ho tšepahala, ho tšoara batho ba bang ka tlhompho le ho ba nahanela le ho ikhula liketsong tse seng molaong. Empa e ne e tla ba ho ea le khongoana holimo ho nahana hore motho e mong le e mong lefatšeng o tla etsa boiteko boo. Ba bangata ba ke ke, joalokaha ba bangata ba neng ba phela mehleng ea monna ea lokileng Noe ba ile ba hana ho etsa se neng se lokile. Lefatšeng leo le neng le tletse pefo, ke Noe le lelapa la hae feela ba ileng ba qoba ho kopanela boitšoarong boo eseng ba bomolimo, kahoo ba amoheloa ke Molimo. Ka ho felisa batho bao ba se nang bomolimo ka Moroallo oa lefatše lohle, ’Mōpi oa rōna o ile a tlisa lefatše le neng le se na tlōlo ea molao ka nakoana.
Ke habohlokoa ho hopola hore tlaleho ea Bibele ea Moroallo le pheliso ea batho ba se nang bomolimo hase pale feela tjee e thahasellisang. Jesu Kreste o ile a hlalosa: “Feela joalokaha ho ile ha etsahala matsatsing a Noe, ho tla ba joalo le matsatsing a Mora oa motho.” (Luka 17:26; 2 Petrose 2:5; 3:5-7) Joalokaha Molimo a ile a felisa lefatše leo le mabifi la pele ho Moroallo, o tla boetse a felisa lefatše lena le tletseng tlōlo ea molao.
Re na le ’nete ena e latelang ho tsoa mohloling o tšepahalang, joalokaha e hlalositsoe ke moapostola ea ratoang oa Jesu, Johanne: “Lefatše lea feta ’me ho joalo le ka takatso ea lona, empa ea etsang thato ea Molimo o hlola ka ho sa feleng.” (1 Johanne 2:17) Bofelo ba lefatše lena bo tla bula tsela bakeng sa lefatše le lecha leo ho lona, Bibele e reng, “[Molimo] o tla lula le [moloko oa batho], ’me e tla ba batho ba hae. ’Me Molimo ka boeena o tla ba le bona. ’Me o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, ’me lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, leha e le ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng.”—Tšenolo 21:3, 4.
Bibele ha e hlalosa kamoo lefatše leo le lecha le tlang ho tla kateng, e boetse e re: “Ba babe ba tla khaoloa holim’a lefatše, ba lonya ba fotholoe ho lona.” (Liproverbia 2:22) Ha ho se ho setse ba lokileng feela lefatšeng, boprofeta bona ba Bibele bo tla phethahala: “Ba bonolo ba tla rua lefatše, ba iketle khotsong e kholo.”—Pesaleme ea 37:11.
Lefatšeng le lecha la Molimo, liphoofolo li ke ke tsa e-ba hlaha. Bibele e bolela esale pele: “Phiri e tla lula le konyana, lengau le bothe le potsanyane; namane le taoana le khomo e nontšitsoeng li tla ba hammoho, li sotetsoe ke moshanyana. . . . ’Me ha ho sa tla etsoa hampe, ha ho sa tla hlola ho senngoa thabeng eohle e halalelang ea ka, hobane lefatše le tla tlala tsebo ea Jehova, joalo ka ha metsi a aparetse leoatle.”—Esaia 11:6-9; 65:17; 2 Petrose 3:13.
Lefatše le Lecha la Molimo le Haufi
Litaba tse molemo ke hore maemo a renang khotso joalo a haufi le ho ba teng lefatšeng ka bophara. Ke hobane’ng ha re ka ba le kholiseho e joalo? Ka lebaka la seo Jesu a ileng a profeta hore se ne se tla etsahala pelenyana ho bofelo ba lefatše. Har’a lintho tse ling, o boletse esale pele: “Sechaba se tla tsohela sechaba matla le ’muso o tla tsohela ’muso matla, ’me ho tla ba le likhaello tsa lijo le litšisinyeho tsa lefatše sebakeng se seng ka mor’a se seng.” O ile a tsoela pele: “Ka lebaka la ho eketseha ha ho se ee ka molao lerato la palo e khōlō le tla fola.”—Matheu 24:7, 12.
Moapostola oa Jesu le eena o boletse esale pele: “Matsatsing a ho qetela [a lefatše lena] linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona li tla ba teng. Etsoe batho e tla ba baithati, ba ratang chelete, ba ikhopolang ho tlōla, ba ikhohomosang, banyefoli, ba sa mameleng batsoali, ba se nang teboho, ba sa tšepahaleng ka ho sa sekisetseng, ba se nang boikutlo bo mofuthu ba tlhaho, . . . ba hlokang boitšoaro, ba bohale bo tšosang, ba hlokang lerato la se molemo, . . . ba ratang menyaka ho e-na le ba ratang Molimo.” (2 Timothea 3:1-5) Ka sebele, re phela “matsatsing a ho qetela” a lefatše lena! Kahoo, haufinyane le tla nkeloa sebaka ke lefatše le lecha la Molimo la ho loka!
Ho ithuta Bibele ho kholisitse ba limilione hore lefatše le se nang tlōlo ea molao le tla ba teng, ’me ba amohetse memo ea ho lauoa ka litsela tsa ’Mōpi oa rōna, Jehova Molimo. (Esaia 2:3) Na u tla thabela ho kopanela le bona? Na u ikemiselitse ho etsa boiteko ba ho fumana bophelo lefatšeng le se nang tlōlo ea molao?
Jesu o bontšitse hore na ho hlokahala eng pele ho tsohle. O ile a hlalosa: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba ithuisa tsebo ka uena, Molimo eo e leng eena feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.” Kahoo, boiketlo ba hao ba ka ho sa feleng bo itšetlehile ka ho ithuta ha hao Lentsoe la Molimo le ho sebelisa seo u ithutang sona.—Johanne 17:3.
[Setšoantšo se leqepheng la 8, 9]
Bibele e hlalosa lefatše le lecha le se nang tlōlo ea molao ’me e re bolella kamoo re ka thabelang ho phela ho lona kateng