Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g91 4/8 maq. 5-9
  • Na Motho le Phoofolo ba ka Phela ka Khotso?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Motho le Phoofolo ba ka Phela ka Khotso?
  • Tsoha!—1991
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Thapisa Tau e Bohale
  • “Mekhelo”
  • Ho Thoe’ng ka Linkoe?
  • Tlou ea Afrika
  • Lengau—Katse e Itšehlang Thajana
    Tsoha!—1995
  • Litšitiso tsa Khotso Mahareng a Motho le Phoofolo
    Tsoha!—1991
  • Puo ea Liphoofolo—Liphiri Tsa Puisano ea Liphoofolo
    Tsoha!—2002
  • Ho Etela Liphoofolo Tse Hlaha Afrika—Li Teng Bakeng sa Ka—Na li Tla ba Teng Bakeng sa Bana ba Ka?
    Tsoha!—1987
Bala Tse Ling
Tsoha!—1991
g91 4/8 maq. 5-9

Na Motho le Phoofolo ba ka Phela ka Khotso?

“Ke ile ka ikutloa eka ke se ke le monyako oa paradeise; moo motho le phoofolo ba lulang ka kutloano le ho tšepana.” Ke kamoo Joy Adamson a hlalositseng pono e haufi le Nōka ea Ura ea Kenya ha a ntse a talimme mefuta e fapaneng ea linonyana le liphoofolo ha li tlil’o noa metsi. Karolo e thabisang ea pono ena e ne e le phoofolo e ’ngoe e neng e bothile haufi le eena ka khotso—e ne e le tauhali!

Na ho ne ho e-na le ntho e ’ngoe e khethehileng ka tauhali ee, Elsa, eo batho ba limillione ba e tsebileng ka ho bala buka ea Joy Adamson e bitsoang Born Free? Che, e ne e le tauhali e tloaelehileng. Phapang ke hore e ne e ithutile ho phela le batho ka khotso.

Hamorao, ha ho etsoa filimi e bitsoang Born Free, ho ile ha sebelisoa litauhali tse ngata tse thapileng ho tšoantšetsa Elsa. E ’ngoe e ne e bitsoa Mara. Pele ho ne ho bonahala e sa tšepe motho, ’me e le mōna, e sa lumelle metsoalle e mecha ea batho ho sirela. Ho e kokobetsa, monna oa Joy, George Adamson, o ile a atametsa tente ea hae haufi le lekhoakhoa la Mara. Qetellong o hlile a kenya tente ea hae ka lekhoakhoeng! Bukeng ea hae Bwana Game o ngotse: “Likhoeling tse tharo tse latelang, e ne e robala ka mehla ka [tenteng ea ka], hangata e ne e tjapalla fatše haufi le bethe ea ka ’me ka linako tse ling e ne e hlile e robala holim’a eona. . . . Ha ho mohla e kileng ea etsa hore ke tšoenyehe ka hore na e be ke sireletsehile.”

Monghali Adamson oa ngola: “E ’ngoe ea lipapali tseo re neng re li rata haholo e ne e le hore ke paqame fatše ke ipate ka mor’a sehlethele sa joang. Mara e ne e tla ho ’na e nanya, e hahaba ka mpa ka mokhoa oa litau e be joale e tla ka lebelo le leholo ’me e itahlela holim’a ka. Ka mehla e ne e hlokomela linala tsa eona tse tšosang ’me ha ho mohla e kileng ea ’ntša kotsi.”

Tauhali e ’ngoe e ileng ea bapala karolo ea Elsa e ne e bitsoa Girl. Ha ho qetiloe ho etsoa filimi, Girl e ile ea khutlisetsoa hlatheng moo e ileng ea kopana le e tona eaba e tsoala litaoana tse peli. Metsoalle e ’meli ea Adamson e ile ea fumana selao sa eona. Adamson o ngotse: “Ka tšepo e hlollang Girl e ile ea lumella banna bana ba babeli ba neng ba hlile ba bapala ka mollo, ho atamela ka hoo e ka bang [limithara li se kae] ho tloha moo litaoana li robetseng teng . . . Boitšoaro ba Girl e ne e le bo tsotehang haholo kaha [e mong oa banna bana] e ne e hlile e sa mo tsebe.” Ha e le Adamson, Girl e bile ea mo lumella ho tšoara malinyane a eona empa litau tse ling tsona e ile ea li leleka.

Ho Thapisa Tau e Bohale

Litšobotsi tsa litau lia fapana. Ha Joy Adamson a ntse a hōlisa Elsa, ho ea hōlenyana ka boroa ho Rhodesia Leboea (eo hona joale e seng e le Zambia), mohlokomeli oa serapa sa liphoofolo Norman Carr le eena o ne a ntse a hōlisa litaoana tse peli tse tona. E ’ngoe ea litaoana, Big Boy, e ne e e-na le botsoalle. Taoana e ’ngoe, Little Boy, e ne e hlile e se na botsoalle. Mabapi le eona, Carr o ngotse tjena bukeng ea hae Return to the Wild:

“Ha Little Boy e hlile e halefile ke kotsomala pel’a eona ha e ntse e rora, thōkonyana le maro a eona ao e ka a sebelisang sebakeng sa bohōle ba [lisenthimithara tse hlano] ha e lalomela motho ka mabifi ka linala tsa eona tse bohale. Ka mamello ke leka ho e kokobetsa bohale ka ho buisana le eona ka mokhoa o bonolo ha ke ntse ke atamela butle-butle; ’me qetellong ha ke fihla ho eona e sa ntse e rora empa ka mokhoa o fokolang. Ha ke e kopa mahetleng a eona a boea le ho pholla sefuba sa eona, ea bonahala hore e phutholoha joaloka hoja mesifa ea eona e satalletseng joale e khutletse malulong. . . . E beha hlooho ea eona holim’a ka ’me e ’memela hore ke e phaphathe.”

Mantsoeng a selelekela a buka ea Carr, Earl oa Dalhousie, eo e neng e le ’musisi-kakaretso oa naha, o pheta phihlelo eo a e boneng ha litaoana tse nang le lilemo tse ka holimo ho tse peli li ne li solla lehoatateng pel’a tente ea Carr. Carr o ile a letsa mololi, ’me Earl o hlalosa tsela eo li ileng tsa arabela ka eona: “Li ile tsa tla li tlōlaka ha li utloa mololi oa mong’a tsona ’me tsa ikhohla ka eena ka lihlooho tsa tsona tse khōlō ha ka nako e tšoanang li ntse li puruma ka mokhoa oa tumeliso ea tsona e bontšang thabo empa e le e tšosang. Ka sebele lerato la tsona ho eena le ne le e-s’o fele.”

Litau li na le tšabo ea tlhaho ho motho ’me hangata li rata ho mo qoba. Boikutlo bona ba tlhaho bo fumanoang litaung le libataneng tse ling bo hlalosoa hantle ka Bibeleng. (Genese 9:2) Ka ntle ho tšabo ena motho e ne e tla ba phofu e ka hlaseloang habonolo ka ho fetisisa. Leha ho le joalo, libatana tse ling li fetohile tse jang batho.

“Mekhelo”

Setsebi tabeng ena, Roger Caras, sea hlalosa: “Har’a mefuta eohle ea libatana tse khōlō tsa mofuta oa katse ho bonahala ho e-na le tse ’maloa tseo e leng mekhelo tse batlang ho ja batho. Ke mekhelo . . . Ka kakaretso motho a ka tseba ho lula ka khotso le [libatana tse khōlō tsa mofuta oa katse].”

Ho bonahala liphoofolo tse ngata li sa tsebe motho ha a lutse ka sepalangoeng a ipatile. Ka tsela ena batho ba tseba ho nka litšoantšo tsa litau ba le haufi haholo. Buka Maberly’s Mammals of Southern Africa ea hlokomelisa: “Empa u ka ipitsetsa kotsi e khōlō haeba u ka bula monyako, kapa ua leka ho tsoa hore u atamele haufi le litau hobane litau li khona ho hlokomela ho ba teng ha motho, ’me ho hlahella ka tšohanyetso joalo ho phaella ho nyaroheng ha tsona ’me ho ka etsa hore li hlasele habonolo molemong oa ho itšireletsa. . . . Ka sebele ho hlile ho na le kotsi e fokolang feela ea ho re ptjang-ptjang le tau morung ho e-na le ho hlaha thoso ka pel’a eona u e-tsoa ka koloing!”

Ho Thoe’ng ka Linkoe?

Linkoe tse fetohileng libatana tse jang batho le tsona ke mekhelo. Jonathan Scott oa hlalosa bukeng ea hae The Leopard’s Tale: “Ha nkoe e sa hlokofatsoe ’me e phela hantle, ke phoofolo e lihlong le e bontšang ho tšaba motho. Hangata haeba e tsomelitsoe e balehela sebakeng se haufi seo e ka ipatang ho sona.”

Scott o ile a qeta likhoeli tse ngata Masai Mara Game Reserve ea Kenya a ithuta mekhoa ea nkoe e tšehali eo a ileng a e reha Chui. Butle-butle Chui e ile ea tloaela boteng ba koloi ea Scott, ’me ka lekhetlo le leng nkoe ena e ile ea lumella malinyane a eona a bitsoang Dark le Light ho tla ho eena le ho hlahloba koloi ea hae. Scott o lumela hore ponahalo e se nang botsoalle ea nkoe e patile sebōpeho sa tlhaho se mofuthu.

Ba bang ba ile ba latsoa boikutlo bo mofuthu ba sebōpeho sa tlhaho sa nkoe. Ka mohlala, Joy Adamson o ile a hōlisa lelinyane la nkoe le hlokang ’m’a lona leo a ileng a le reha Penny. Ka mor’a hore nkoe ena e bitsoang Penny e khutlisetsoe hlatheng, e ile ea kopana le e tona ’me ea tsoala malinyane a mangata. Ha metsoalle ea eona ea batho e le haufi le moo, Penny e ile ea itlhahisa ’me ea ba phehella ho tla bona malinyane a eona. Ha Adamson a le selaong sa eona a lutse pel’a ’mè ea motlotlo, o hlalosa pono ena e thabisang: “[Penny] e ile ea nyeka matsoho a rōna ha malinyane a ntse a le pakeng tsa maoto a eona a ka pele ’me a thabile haholo. Ho na le tumelo e tloaelehileng ea hore linkoe ke tsona tse kotsi ho feta liphoofolo tsohle tsa Afrika, le hore nkoe e tšehali e nang le malinyane ke eona e bohale ka ho fetisisa.” Empa Adamson o boletse hore mohlomong phihlelo ea hae le Penny e tiisa hore “boholo ba litumelo tse amoheloang li fosahetse.”

Nkoe e ’ngoe e tšehali “e nang le sebōpeho se setle” e bitsoang Harriet, e ile ea fa Arjan Singh oa India leboea phihlelo e ’ngoe e tsotehang. Singh o ile a hōlisa Harriet ha e sa le lelinyane ’me a e koetlisa hore e tsebe ho itlhokomela morung o haufi le polasi ea hae. E le karolo ea koetliso, ka linako tse ling Singh o ne a khothalletsa nkoe ena ho hlasela. Oa hlalosa bukeng ea hae Prince of Cats: “Ha ke tla ho eona ke khasa ka mangole ’me ke e qholotsa hore e hlasele, e ne e tla e ntobile . . . , empa ha e tlōlela holimo e tla ho ’na e ntse e etsa bonnete ba hore e ntlōla holimo, e etsa hlana-phetho ka holim’a ka ’me e thella mokokotlong oa ka e sa siee leha e le mongoapo feela mahetleng a ka.”

Mokhoa oo nkoe eo e neng e bapala le ntja ea Singh e bitsoang Eelie ka oona, e ne e le o tsotehang le ho feta. Singh o hlalosa hore “filimi e bontša hore [nkoe] e lutse fatše e tsorame ’me e phaila ntja ka maro a eona ha e leka ho e hlasela—empa nkoe ha e etse boiteko ba ho e loantša. Maro a eona a maholo a phaphatha molala oa Eelie, a nyolohela hloohong ea eona ’me a theoha le ka lehlakoreng le leng ka mokhoa o bonolo joaloka lesela le hlakolang lerōle.”

Kamano ena e bontšang botsoalle mahareng a motho, ntja, le nkoe e ile ea tsoela pele ka mor’a hore Harriet e tlohe lapeng ho ea phela morung o haufi le moo. Singh o qetella ka hore: “Haeba motho e mong a bolela hore linkoe ha lia lokela ho tšeptjoa, ke hopola feela ka makhetlo ao Harriet e tlileng [polasing ea ka] ka ’ona ka khitla ’me ea ntsosa ka mokhoa o bonolo hore e ntumelise ha ke robetse lepala-paleng.”

Qetellong, Harriet e ile ea kopana le nkoe e tona ’me ea tsoala malinyane a mabeli. Empa ka nako e ’ngoe ha selao sa eona se ne se sokeloa ke sekhohola, nkoe ena e ile ea nka malinyane a eona ka molomo ’me ea a tlisa sebakeng se sireletsehileng lapeng la Singh. Ha sekhohola se kokobela, Harriet e ile ea hloella ka seketsoaneng sa Singh, ’me ea mo phehella hore a e tšelise a be a e khutlise ha e nka malinyane a eona ka bonngoe ho ea selaong se secha morung.

Tlou ea Afrika

Ho ’nile ha boleloa hore tlou ea Afrika e hlaha haholo hore e ka thapisoa. Leha ho le joalo, batho ba bangata ba fumane se fapaneng. Mohlala o mong ke kamano e amang maikutlo e mahareng a litlou tse tharo tsa Afrika le Leamerika le bitsoang Randall Moore. Litlou tsena e ne e le karolo ea manamane a ileng a tšoaroa Kruger National Park ea Afrika Boroa ’me a romeloa United States. Ha nako e ntse e ea litlou tsena li ile tsa koetlisoa bakeng sa papali ea liserekisi ’me tsa bapala ka bokhabane. Ha mong’a tsona a shoa, Moore o ile a neoa litlou tsena tse tharo ’me o ile a li khutlisetsa Afrika.

Litlou tse peli tse tšehali tse bitsoang Owalla le Durga li ile tsa isoa Pilanesberg Reserve ea Bophuthatswana ka 1982. Nakong eo serapa sena se ne se e-na le manamane a mangata a litlou a hlokang bo-’m’a ’ona a neng a le boemong bo bobe ’me a hloka tlhokomelo ea litlou tse khōlō tse tšehali. Na Owalla le Durga tse koetliselitsoeng liserekisi li ne li tla tseba ho phethahatsa karolo ee?

Ka mor’a selemo Moore o ile a amohela litlaleho tsa hore litlou tsa hae li tsebile ho hōlisa manamane a 14 a neng a hloka bo-’m’a ’ona le hore manamane a eketsehileng a ne a tla tlisoa serapeng sena. Ka mor’a ho ba sieo ka lilemo tse ’nè, Moore o ile a khutla ho tla inoesa ka nkho. Kaha o ne a lebelletse hore o tla qeta nako e telele a ntse a li batla Lithabeng tsa Pilanesberg, o ile a makala hang ha a fihla a bona Owalla le Durga har’a mohlape o moholo oa litlou. Bukeng Back to Africa o ngotse: “Boikutlo ba ka ba pele bo khahlanong le koetliso ea ka e ile ea ba ho mathela ho tsona le ho li kopa le ho li rorisa. Boikutlo boo bo matla bo ile ba nkeloa sebaka ke bo bong ba ho bontša monahano o hlaphohileng haholoanyane.”

Pele, Owalla le Durga li ne li tlameha ho tiiseha ka boteng ba motsoalle oa tsona oa khale. Li ile tsa hlahloba letsoho la hae le otlolotsoeng ka mekali ea tsona. Moore oa ngola: “Owalla e ile ea nkokamela joalo hoja e emetse taelo e latelang. Litlou tse ling li ile tsa ema li maketse. Ke ile ka fana ka litaelo. ‘Owalla . . . PHAHAMISA mokali le LEOTO!’ Kapele-pele Owalla e ile ea phahamisetsa leoto la eona le ka pele moeeng ’me ea sotha mokali ea o shebisa sebakeng ka mokhoa oa tumeliso ea mehleng e fetileng ea liserekisi. Ke mang ea boletseng pele hore ha ho mohla tlou e lebalang?”

Lilemo tse tharo hamorao, ka October 1989, kelello ea Owalla e ile ea boela ea nehoa teko e ’ngoe hape. Lekhetlong lena Moore o ile a etsa qeto ea ho leka ntho e ’ngoe eo a sa kang a e etsa ho tloha ha e sa le litlou li ne li tlisoa serapeng sena sa liphoofolo lilemong tse supileng tse fetileng. Owalla e ile ea mamela taelo ea hae ea hore e kokobele e le hore a hloelle mokokotlong oa eona. Bashebelli ba thelevishene Afrika Boroa ba ile ba hlolloa ho ’mona a palama tlou ena har’a litlou tse hlaha tse 30. Moore o hlalositse puisanong le Tsoha!: “Ke ne ke sa etse sena e le ketso ea phatlalatso empa hobane ke ne ke thahasella ho tseba matla a tlou le bohlale ba eona le setsoalle se ka etsoang le eona.” Manamane a se nang bo-’m’a ’ona a Pilanesberg a ile a tsoela pele ho hōla hantle ka tlas’a tlhokomelo e bohlale ea Owalla le Durga.

Ke ’nete hore mehlala ea botsoalle mahareng a motho le liphoofolo tse hlaha kajeno ke ntho e sa tloaelehang; botsoalle bona bo hlaoleloa ka hloko. Ka sebele e ne e tla ba booatla hore motho feela a iketse ea sebete ka ho kena morung le ho leka ho atamela litau, linkoe, le litlou. Empa le hoja botsoalle bo joalo mahareng a liphoofolo tse hlaha le batho e le ntho e etsahalang seoelo kajeno, ho thoe’ng ka bokamoso? Na ebe bona e tla ba boemo bo tloaelehileng?

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 8]

Litau li ka Thapa!

JACK SEALE, motsamaisi oa Hartebeespoortdam Snake and Animal Park Afrika Boroa, o ile a re: “Tloo u tl’o nkuka litšoantšo hammoho le litau tsa ka.” Ka ho tšoha, ke ile ka mo sala morao ha a e-ea lekhoakhoeng la litau, ke ne ke tšepile hore o tla ntumella ho nka litšoantšo ke ntse ke eme ka ntle ho terata e li sirelelitseng.

Lekhoakhoa le ne le hloekile ’me ho ne ho e-na le moriti o mongata oa lifate tse pota-potileng. Litau tse robong tse phetseng hantle li ile tsa phakisa tsa tseba mokoetlisi oa tsona ha a kena ka lekhoakhoeng hammoho le mothusi. Litau li ile tsa puruma ka botsoalle ’me tsa raba-raba ka thabo.

Jack o ile a re: “Kena.” Ke ile ka etsa eka ha ke utloe. O ile a boela a pheta ka lentsoe le phahameng haholoanyane: “Kena.” Ba ne ba tšoere melangoana e ’meli feela ho itšireletsa litaung! Pelo ea ka e ile ea otla kapele ha ke ntse ke loantša bokoala, empa qetellong ke ile ka kena. Kapele-pele ke ile ka qala ho lokisa k’hamera ea ka ha Jack a pholla tse ling tsa litau tsa hae tse ratehang. Ke ile ka ikutloa ke lopolohile hakaakang ha kaofela re tsoile re bolokehile! Empa ho ne ho sa hlokahale hore e be ke ile ka tšoha.

Ka mor’a moo Jack o ile a hlalosa: “Lebaka la hore re kene [ka lekhoakhoeng] re tšoere melangoana ke hobane litau li na le botsoalle ’me li loma-loma motho ho bontša lerato. Re tšoara melangoana hore li hlafune eona ho e-na le matsoho a rōna.” Jack le sehlopha sa hae sa litau ba sa tsoa khutla Etosha National Park koana Namibia. Ke hobane’ng ha a ne a li isitse hōle joalo hlatheng? Oa hlalosa:

“Li ile tsa sebelisoa ho etsa filimi ea boitsebiso bo ngotsoeng ba bo-rasaense ba etsang liphuputso bakeng sa ho laola lenane le eketsehang la litau tse phelang hlatheng Namibia. Empa litau tsa ka li rata bophelo boo li bo tloaetseng ba mona. Hang feela ha li bona teraka ea ka Namibia, li ile tsa tla ho eona. Ha hoa ka ha ba thata ho li khutlisetsa hae.”—E nehetsoe.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Courtesy Hartebeespoortdam Snake and Animal Park

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Randall Moore, hammoho le litlou tsa hae hlatheng Afrika

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela