Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g91 5/8 maq. 16-18
  • Ke Eng se Kotsi ka ho Bapala ka Maikutlo a Lerato?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Eng se Kotsi ka ho Bapala ka Maikutlo a Lerato?
  • Tsoha!—1991
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Se Akarelletsoang ke ho Bapala ka Maikutlo a Lerato
  • Na ke “Monyaka” o Kotsi?
  • Ho Iphahamisa
  • “Ho Betsa Metsu e Kotsi”
  • ‘Ke Batla Hore Batho ba Nthate’
  • Likamano tse Molemo
  • Ke’ng se Phoso ka ho Bapala ka Maikutlo a Lerato a Motho e Mong?
    Tsoha!—1998
  • Nka Qoba ho Utloa Bohloko ba ho Bapala ka Maikutlo a Lerato Joang?
    Tsoha!—1991
  • Bibele e ka re Thusa ho Qoba Mathata
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2018
  • Lula U Hloekile ka ho Sireletsa Pelo ea Hao
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
Bala Tse Ling
Tsoha!—1991
g91 5/8 maq. 16-18

Bacha Baa Botsa . . .

Ke Eng se Kotsi ka ho Bapala ka Maikutlo a Lerato?

“SARAH! Sarah!” moshemane o hoeshetsa a le litulong tse moraonyana. “Tloo u tl’o lula pel’a ka!” O pheta kōpo ea hae metsotso e meng le e meng e mehlano—a sa atlehe. Ho Sarah, boiteko ba moshemane ba ho bapala ka maikutlo a hae a lerato ka klaseng e batla e le matšoenyeho a letsatsi le letsatsi.

Jennifer e mocha ha a e-s’o be moholo hoo a ka kenang sekolo se bohareng [se phahameng], empa o re: “Bashemane ba tla bua lintho tse nang le meelelo e ’meli ’me ba tla itšoara ka tsela eo eseng ea botsoalle feela.” Erika oa eketsa: “Mahlo a bona! Ba u sheba ba bososela haholo ka mokhoa o thetsang, ebe ba bua ka lentsoe le tebileng leo u sa tsebeng hore ba le nkile kae—sena sea nqabola. ’Me ba atamela haufinyane haholo le uena.” Ho bapala ka maikutlo a lerato hangata ho etsahalla le bashemane. John, ea ka tlaase ho lilemo tse 20, oa bolela: “Banana [sekolong] ba leka ho atamela haufinyane le uena ’me ba u phathatse, ba u hake. Ba u lata libakeng tse patisaneng ka har’a mohaho oa sekolo ’me ba leke ho u kopa.”

Ke ’nete, bacha ba bangata ba bonahala ba thabela hore tlhokomelo e lebisoe ho bona. Ngoanana ea bitsoang Connie eo tsela ea hae ea ho apara e hohelang e susumelletsang batho hore ba mo shebe ka takatso ea ho kopanela likamano tsa botona le botšehali le eena o ile a phatlalatsa: “Ke monyaka.” Bacha ba bangata ba thabela ho fana ka tlhokomelo e itseng. Ngoanana e mong o ile a ngolla makasine oa ’Teen a re: “Ke ngoanana ea ratang ho bapala ka maikutlo a lerato a bashemane bohle—ho sa tsotellehe hore na kea ba rata kapa che. Ho bapala ka maikutlo a ba bang a lerato ho nketsa hore ke ikutloe ke kholisehile ke bile ke khahleha haholoanyane.”

Mocha oa Mokreste o lokela ho ba le pono efe ka ho bapala ka maikutlo a ba bang a lerato? Na ke monyaka feela o se nang taba, karolo e ke keng ea qojoa ea tsela e isang leratong? Kapa na ho na le likotsi tsa sebele tse lokelang ho qojoa?

Se Akarelletsoang ke ho Bapala ka Maikutlo a Lerato

Ho latela puo ea Senyesemane, ho bapala ka maikutlo a lerato ha ho tšoane le tlhokomelo e loketseng eo mohlankana a ka ’nang a e bontša moroetsana (kapa ka tsela e fapaneng) ha lefereho le qala. Ho e-na le hoo, ho bolela “ho itšoara ka tsela e bontšang lerato le matla [menahano ea lerato] ntle le ho ba le morero o tiileng.” Mafora a bitsa mosali ea itšoarang ka tsela ena coquette, [mosali ea etsang boiteko bo matla ba ho mema thahasello le tlhokomelo ea banna].

Leha ho le joalo, ho qolla liketso tse bontšang ho bapala ka maikutlo a lerato ha ho bonolo hakaalo. Ho bapala ka maikutlo a lerato ho ka ’na ha akarelletsa ho sheba, ho phathatsa, molumo oa lentsoe, ho bososela ka tsela e hapang tlhokomelo le thahasello—esita le tsela eo motho a aparang ka eona, a emang ka eona, kapa a tsamaeang ka eona. Leha ho le joalo, le hoja ho ka ’na ha ba thata ho hlalosa ho bapala ka maikutlo a lerato, hangata ho bonolo ho elelloa motho ea ho etsang. Ruri, haeba motho a le monyenyane haholo hore a ka nyaloa kapa a nyala, ho etsa boiteko bo matla ba ho mema thahasello le tlhokomelo ea bashemane kapa baroetsana kapa ho bapala ka maikutlo a bona a lerato ho kotsi ka ho felletseng!

Na ke “Monyaka” o Kotsi?

Ho ba le boikutlo ba ho hoheloa ke motho e motona kapa e motšehali ka bohona ha hoa fosahala. Ha e le hantle, nakong ea “palesa ea bocha,” ke ka tlhaho boikutlo bo joalo bo bang matla; ke kamoo ’Mōpi a re entseng ka teng. (1 Ba-Korinthe 7:36) Mohlomong, u ee u ipotse hore na u khahleha hakae; ho bapala ka maikutlo a lerato ho ka ’na ha bonahala e le tsela e seng kotsi ea ho fumana karabo. Makasine oa ’Teen o bile oa khothalletsa banana ho bapala ka maikutlo a lerato ka ho bolela hore, “Ho Bapala ka Maikutlo a Lerato e ka ba Monyaka!” Sehlooho sena se ile sa fana ka litaelo tse felletseng tsa mokhoa oa ho bapala ka maikutlo a lerato.

Empa ’nete ea hore ho bapala ka maikutlo a lerato ho ka ’na ha thoe ke monyaka ha e etse hore ho be molemo kapa ho be hotle. Hlokomela boikutlo ba monna ea lokileng Jobo. O kile a re: “Ke ne ke hlabe selekane le mahlo a ka, sa hore nke ke ka talima moroetsana!” (Jobo 31:1, 9-11) Ha e le hantle, Jobo o ile a etsa tumellano le eena ka boeena hore o tla laola mahlo a hae e le hore le ka mohla a se ke a sheba mosali ea e-song ho nyaloe ka morero oa ho bapala ka maikutlo a hae a lerato. Hobane’ng? Hobane Jobo e ne e le monna ea nyetseng. Ho lumella takatso ea ho bapala ka maikutlo a lerato ho se nang taba e ne e ke ke ea e-ba ho loketseng, e ne e tla ba ho se tšepahale ho mosali oa hae. Ho ne ho ka ’na ha tsosa litakatso le litebello tse fosahetseng. Ke kahoo Jobo a ileng a qoba ho bapala ka maikutlo a lerato.

Ke ’nete hore ha ua nyaloa kapa ha ua nyala. Empa ha u ho nahana, na u na le lebaka le utloahalang la ho isa tlhokomelo e khethehileng ho motho ea khethehileng e motona kapa e motšehali ka tsela e fetang eo Jobo a ileng a etsa ka eona? Etsoe, haeba u se moholo ka ho lekaneng hore u ka kena lenyalong, sepheo e ne e tla ba sefe? U ne u tla etsa joang haeba a arabela? Na u hlile u boemong ba ho ba kamanong e joalo ho fihlela u finyella pakane ea eona e loketseng—lenyalo?a Haeba ha ho joalo, ho bapala ka maikutlo a lerato ho baka ho fetang feela ho ferekana maikutlong.

Ho Iphahamisa

Leha ho le joalo, hangata ho itlama ka litaba tsa lerato ke ntho ea ho qetela e ka bang kelellong ea motho ea bapalang ka maikutlo a ba bang a lerato. A ka ’na a talima ho mema tlhokomelo ea ba batona kapa ba batšehali e le papali. Ka mohlala, ngoanana oa Mokreste ea bitsoang Maria, o ne a tseba hantle taelo ea Bibele ea ho se be le boikutlo bo tebileng ba ho nyaloa ke ea sa lumelang. (2 Ba-Korinthe 6:14) Empa ka phoso o ile a lumela hore ho bapala ka maikutlo a bashemane bao a neng a kena sekolo le bona a lerato ha ho na kotsi. Oa hlalosa: “Hang ha ke fumane tlhokomelo ea bona, taba e ne e fella moo. Ha u fihla boemong boo ho bona ba u kōpang hore ba laetsane le uena, ke hona moo u lokelang ho khaotsa.” Empa na ba khaotsa moo?

Sehloohong se seng sa makasine oa Seventeen mongoli Kathy McCoy o ile a hlokomela: “Batho ba bapalang ka likamano tsa botona le botšehali hangata ke ba ikhalalang ba lekang ho ba le boikutlo bo molemo ka botho ba bona ka ho fumana tlhokomelo le pabatso ea ba bang.” Ho bona liketso tsa e mong li arabela ka tsela e molemo ha u mo sheba ka tsela e memang tlhokomelo kapa u mo phathatsa ho ka ’na ha phahamisa boemo ba hao—empa ka nakoana feela. Ka ntle ho moo, mongoli oa Bibele Pauluse, ha a ne a bua ka lerato la ’nete, kameho e bonolo, le bonngoe ba Bokreste, o ile a lemosa Bakreste hore ba se ke ba etsa ‘letho ka boiphahamiso ba botho,’ kapa “boikhohomoso ba botho,” joalokaha phetolelo e ’ngoe e e ngotse.—Ba-Filippi 2:1-3; The New English Bible.

Ho na le mekhoa e sebetsang hamolemo haholoanyane le e tšoarellang ea ho haha boikutlo ba ho itlhompha ho fapana le ho bapala ka maikutlo a batho ba bang. Ke hobane’ng ha u sa sebeletse ho haha “motho oa ka hare,” kapa seo u leng sona ka hare?—2 Ba-Korinthe 4:16, The Jerusalem Bible.

“Ho Betsa Metsu e Kotsi”

Sehlooho se seng sa makasine oa Seventeen ha se bua ka kotsi e ’ngoe hape, se re: “Ntho e thata ka ho bapala ka maikutlo a lerato ke hore ho bolela lintho tse fapaneng ho batho ba fapaneng, ’me ka linako tse ling meelelo e utloisisoa ka tsela e fosahetseng—ebe maikutlo a ba bohloko.”

Bacha hangata ka baka la ho hloka tsebo ba nka hasesaane kotsi eo ho bapala ka maikutlo a ba bang a lerato ho ka bang le eona boikutlong ba bona. Ho joalokaha maele a bohlale a re: “Ea thetsang oa habo o tšoana le motho ea soro, ea betsang lirumula le metsu le lefu, a re: Na ke ne ke sa bapale na?” (Liproverbia 26:18, 19) Matla a ho ama maikutlo a ba bang e ka ’na ea e-ba a bolaeang. Joaloka matla afe le afe, a tšoanetse ho sebelisoa ka tlhokomelo, ka boikarabelo.

Ho bapala ka maikutlo a lerato a ba bang ke ho ba khelosa, ho bontša ho hloka lerato, ’me hangata ke ho ba khopo. Ho ka senya kamano e neng e ka ’na ea e-ba e atlehileng, e khahlehang. Ho ka etsa hore u eisehe mahlong a ba bang. Ho hobe le ho feta, ho ka fella ka ho ba le maikutlo a lerato pele ho nako e loketseng kapa hona ho kopanela boitšoarong bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali! Bibele ea lemosa: “Ana motho a ka ikokhella mollo sefubeng, liaparo tsa hae li sa che na?”—Liproverbia 6:27.

‘Ke Batla Hore Batho ba Nthate’

Ho hlakile hore, ho batla ho ratoa ke boikutlo ba tlhaho. ’Me ho uena ho ka ’na ha bonahala eka ho bapala ka maikutlo a lerato ho na le menyaka eohle, le hore ba tsebang ho etsa hore ba ratoe ke ba bang ba na le metsoalle e mengata haholo. Empa na ho bapala ka maikutlo a lerato ho hlile ho haha setsoalle sa sebele, se tšoarellang? Le hanyenyane. Ke ’nete hore ba bang ba ka ’na ba rata ho bapala ka maikutlo a lerato ha feela tlhokomelo e sa ntse e lebisitsoe ho bona. Empa ha tlhokomelo e lebisoa ho e mong osele ka tšohanyetso, hangata ba ikutloa ba nyonya ka ho felletseng mokhoa oa ho bapala ka maikutlo a lerato.

Kahoo, ha ho makatse hore ebe tlhahlobong ea banana ba lilemo tse ka tlaase ho 20, ba 80 lekholong ba fihletse qeto ea hore “sebōpeho sa ho bapala ka maikutlo a lerato” se teng ho moshemane hase sa “bohlokoa ho hang.” Joalokaha maele a boholo-holo a re: “Ea lonya o itšenya ’mele.”—Liproverbia 11:17.

Likamano tse Molemo

Ke ’nete hore hase ka mehla ho leng bonolo ho leka-lekana ha motho a sebetsana le motho e motona kapa e motšehali. Ngoanana ea lilemong tse ka tlaase ho 20 ea bitsoang Kelly o re o na le “bothata ba ho bona phapang pakeng tsa ho ba ea nang le botsoalle le ho ba ea bapalang ka ma-ikutlo a lerato.” Oa eketsa: “Ke motho ea nang le botsoalle bo boholo haholo.”

Ha ho na phoso ea letho ka ho ba motho ea nang le botsoalle. ’Me ha ho hlokahale hore u se ke ua ba le botsoalle kapa ho ba le ponahalo ea ho se phutholohe. Ho khona ho ba le meqoqo e hahang, e bontšang bohlale ke hona ho ka u thusang hore u ikhapele metsoalle. Ka ntle ho moo, ho ke ke ha etsahala habonolo hore moqoqo o bulehileng o hlalosoe hampe ho e-na le chalimo e sa hlalosoeng kapa ho bososela ka mokhoa o lihlong tseo u li etsang u le thōko. Empa haeba u bontša botsoalle ho lithaka tsa hao tse tona kapa tse tšehali feela ’me u hlokomoloha ba bang ka ho felletseng, na ba bang ba ke ke ba etsa qeto e fosahetseng ka uena?

Senotlolo ke hore ‘u se ke ua hlokomela tsee e leng tsa hao feela, u mpe u hlokomele le tsee e leng tsa ba bang’—ho sa tsotellehe hore na u lilemo likae, u motona kapa u motšehali. (Ba-Filippi 2:4) Qoba ho bua, ho apara, ho itlhopha, kapa ho etsa liketso tse ka nkoang li tsosa takatso e itseng. (Bapisa le 1 Timothea 2:9.) Haeba u na le botumo ba ho bontša thahasello ea sebele bathong ka kakaretso, ke ka seoelo botsoalle ba hao bo ka nahanoang ka phoso e le ho mema menahano ea lefereho. Lipuo tsa hao le liketso li ka fetisa molaetsa o hlakileng: ‘Ha ke morerong oa ho bapala ka maikutlo a lerato!’

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona khaolo ea 29 (“Na ke se ke Loketse ho Laetsana?”) bukeng Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Bontša thahasello ea sebele ho batho bohle—ho sa tsotellehe lilemo tsa bona kapa hore na ba batona kapa ba batšehali

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela