Matla a ho Bua ka Batho ba Bang
HO IPOLAEA ha moroetsana ho ile ha tšosa motse o mong oa Engelane o khutsitseng. Ntho e ileng ea makatsa ka ho fetisisa e bile sephetho sa komiti ea liphuputso tsa mafu: ‘O ile a bolaoa ke puo eo e seng ea bohlokoa kapa e hlokang motheo!’ Ka ho hlakileng, lebitso la moroetsana enoa, botumo ba hae, ’me qetellong le bophelo ba hae, li ile tsa senngoa ke puo ea motse e lonya e se nang motheo.—Rumor and Gossip—The Social Psychology of Hearsay, ka Ralph L. Rosnow le Gary Alan Fine.
Le hoja e le ka seoelo liphello e bang tse bohloko joalo, ha ho pelaelo hore ho bua ka ba bang ho na le matla a maholo. Ka lehlakoreng le leng, ho lumeloa hore ona ke mokhoa o tloaelehileng oa ho abelana boitsebiso ba bohlokoa. Ka lehlakoreng le leng, ho bua ka ba bang ho ka boela ha nkoa ho ikarabella bakeng sa pherekano ea ’muso, ho arohana ha malapa le ho senyeha ha mesebetsi.
Ho bua ka ba bang ho ’nile ha behoa molato bakeng sa ho hlobaela, lefu la pelo le ho sokeloa ka maleng. Ha ho pelaelo hore ka linako tse ling ho bua ka ba bang ho ’nile ha u tepelletsa. Ha e le hantle, mongoli William M. Jones o hlokomelisa hore lefatšeng la khoebo, “u lokela ho lumela hore nakong ea hao ea mosebetsi, motho e mong o tla leka ho senya botumo ba hao.”
Ho bua hampe ka ba bang ho batla ho sa amoheloe lefatšeng ka bophara. Har’a Maindia a Maseminole a United States, “ho bua motho e mong hampe” ho tšoana le ho bua leshano le ho utsoa. Sechabeng se seng sa Afrika Bophirima, batho ba bua-buang ka ba bang ba ne ba ka ipeha kotsing ea hore ba khaoloe melomo, kapa ho hobe ka ho fetisisa, ba ne ba ipeha kotsing ea hore ba bolaoe! Ka sebele, ho theosa le histori ho nkiloe mehato e mengata ho thibela ho bua ka ba bang.
Ho ne ho tloaelehile ho sebelisa setulo sa ho qoelisa mahareng a lekholo la bo15 le la bo18 la lilemo Engelane, Jeremane, ’me hamorao le United States ho leka ho soabisa batho ba buang ka ba bang hore ba khaotse mokhoa ona oa bona o kotsi oa ho ho bua ka ba bang. Ea neng a fumanoa a le molato oa ho bua ka ba bang o ne a tlamelloa setulong ebe ka makhetlo-khetlo o qoelisoa ka metsing.
Le hoja e le khale setulo sa ho qoelisa se se se khaolitse ho sebetsa feela joaloka metšoaso, ntoa e khahlanong le ho bua ka ba bang e ’nile ea tsoela pele ho fihlela mehleng ea kajeno. Ka mohlala, lilemong tsa bo-1960, ho ile ha ahoa litsi tsa taolo ea ho bua ka ba bang United States bakeng sa ho thibela lipuo tsa bo-bare tse neng li le kotsi haholo mesebetsing ea ’muso. Litšebeletso tse tšoanang li ile tsa sebelisoa Ireland Leboea le Engelane. Ho ’nile ha etsoa melao ho thibela ho bua ka ba bang ho reretsoeng ho baka kotsi ea moruo mekhatlong e itseng ea lichelete.
Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe boiteko bo joalo, ho bua ka ba bang ho sa ntsane ho tsoela pele. Ho bua ka ba bang ho ntse ho le teng ebile hoa eketseha. Ho fihlela joale ha ho molao kapa mokhoa leha e le ofe oa motho o atlehileng ho felisa matla ana a senyang a ho bua ka ba bang. Ho bua ka ba bang ke kobo-anela. Ho na le ho bua ka baahisani, ho bua ka ba bang liofising, ho bua ka ba bang mabenkeleng, ho bua ka ba bang liphathing le ho bua ka ba bang lapeng. Ho bua ka ba bang ho kenelletse boitšoarong ba batho ba lichaba tsohle, merabe le tsoelo-pele, ’me ho tsoetse pele boemong bo bong le bong ba sechaba. Setsebi se seng se itse: “Ho bua ka ba bang ho tloaelehile hoo ho seng ho batla ho tšoana le ho phefumoloha.” Setsebi seo se boetse sa re: ‘Ke karolo e tebileng ea sebōpeho sa motho.’
Ke ’nete, hangata ho bua ka ba bang ho senola lehlakore le lebe la sebōpeho sa motho, lehlakore le thabelang ho tlisa botumo bo bobe, ho sotha ’nete le ho senya bophelo. Leha ho le joalo, ho bua ka ba bang ho hlile ha ho hobe. Ho na le lehlakore le letle la moqoqo feela. Ho tseba ho seha moeli mahareng a ho bua ka ba bang ho kotsi le ho seng kotsi ke senotlolo sa ho qoba ho utloisa batho ba bang bohloko—hammoho le ho ikutloisa bohloko ka bouena.
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
Ho sebelisa setulo sa ho qoelisa ebile mokhoa o mong oo mebuso ea linaha ka ho fapana e lekileng ho thibela batho ba buang ka ba bang ka oona
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Historical Pictures Service