Ho Bua ka Batho ba Bang—Ke Hobane’ng ha ho Ipiletsa Hakaale?
KA SECHAENA ke shén-tán; ka Sefinishe ke juoru, ka Setaliana ke pettegolézzo; ka Sepanishe ke chisme. E, ho bua ka bang ke kobo-anela. Ka lipuo tse ling, ho bua ka ba bang ho nka moelelo o fosahetseng ho tloha qalong feela. Ka Sesotho poleloana “ho bua ka ba bang” ha e le hantle e bolela “puo e se nang motheo,” ho bua ka lintho tseo eseng tsa bohlokoa.
Leha ho le joalo, ka ho thahasellisang poleloana ena ea Sesotho e se e e-na le moelelo o mobe. Kahoo, hangata poleloana “ho bua ka ba bang” e lateloa ke mantsoe “lonya” kapa “kotsi.” Ho joalo hobane hangata puo e se nang motheo e tšoana le puo e kotsi kapa e tsosang likhathatso. E ka ’na ea fetoha ketselletso e pepenene e ’nileng ea hlalosoa e le “ho etsa liqoso tsa bohata kapa litlhaloso tse fosahetseng tse silafatsang le ho senya botumo ba motho e mong.” Joale ha ho makatse ha maele a boholo-holo a re: “Ho bua ka ba bang ho baka bohale feela joalokaha ka tieo moea oa leboea o tlisa pula.”—Liproverbia 25:23, Today’s English Version.
Joale, ka baka la kotsi eo ho bua ka ba bang ho ka e hlahisang, ke hobane’ng hangata re fumana ho bua ka ba bang e le ho ke keng ha hlōloa ebile e le ho ipiletsang hakaale? Ke hokae moo motho a ka sehang moeli mahareng a ho bua ka ba bang ho seng kotsi le ho kotsi?
Ho Bua ka ba Bang—Ho Abelana Boitsebiso
Ho na le lebaka la motheo la ho bua ka ba bang: Batho ba thahasella batho ba bang. Ka tlhaho re na le tšekamelo ea ho bua ka batho ba bang. Ho joalokaha Max Gluckman, seithuti sa likamano tsa batho, a kile a bolela: “Letsatsi le leng le le leng, boholo ba nako letsatsi ka leng, bongata ba rōna re bua ka ba bang. Ke nahana hore haeba re ne re lokela ho boloka tlaleho ea kamoo re sebelisang nako ea rōna eo re e qetang re falimehile, ho bua ka ba bang ho ne ho tla tla ka mor’a ‘mosebetsi’ feela—ho ba bang ba rōna—tlalehong eo.”
Ha moqoqo o tloaelehileng e le o itekanetseng feela ebile e le o mosa, o ka sebelisoa ho abelana boitsebiso ba bohlokoa joaloka ho ba nakong ka liketsahalo tsa morao-rao. O ka ’na oa akarelletsa lintho tse se nang molato tse kang hore na ke mang ea nyalang, ke mang eo e leng moimana, ke mang ea hlokahetseng, kapa e ka ’na ea e-ba puo feela e qabolang e se nang morero o lonya.
Leha ho le joalo, hangata, puo e se nang motheo e tšela meeli e loketseng le e lokileng. Linnete lia tsoakoa hore li ipiletse haholoanyane, lia fetelletsoa, kapa lia sothoa. Lintho tse hlabisang lihlong li fetoloa mesoaso. Litaba tsa botho lia pepesoa. Lekunutu leo motho a tšepetsoeng hore o tla le boloka le bolelloa batho ba bang. Botumo bo botle boa senngoa. Lintho tse molemo tse ka rorisoang li koaheloa ke litletlebo, ho koma-koma le ho batla liphoso. Taba ea hore ho ne ho se morero oa ho ntša motho kotsi hase matšeliso ho motho eo ho buuoang ka eena. Ho bua ka ba bang ho kotsi ho ’nile ha bapisoa le seretse se ileng sa pharoa leboteng le hloekileng. Se ka ’na sa se ke sa khomarela empa ka mehla se siea manothoko.
Ho Amoheloa
Lebaka le leng leo re ka huleloang habonolo tabeng ea ho bua ka ba bang ke takatso ea rōna ea tlhaho ea ho ratoa ke batho ba bang le ho amoheloa. Lingaka tsa mafu a kelello John Sabini le Maury Silver lia ngola: “Ka mabaka a fapa-fapaneng, u tlamehile ho bua; ’me ho bua ka ba bang ke tsela e monate, e bonolo, le e amoheloang lefatšeng ka bophara ea ho phethahatsa tlamo eo.” (Moralities of Everyday Life) Ho isa bohōleng bo itseng, ho bua ka ba bang ke motsoako oa bohlokoa o ntšetsang moqoqo pele, ke ntho e etsang hore motho a amohelehe.
Bothata ke hore batho ba na le tšekamelo ea ho thabisoa ke boitsebiso bo bobe ka motho e mong ho e-na le boitsebiso bo botle ka eena. Ho bonahala ba bang ba bile ba thabela ho tšosoa ke litaba tse hapang maikutlo ka ho fetelletseng le tse nyarosang. Kahoo ho bua ka ba bang ke ho ikhulela tlhokomelo—haeba makumane ao a litaba e le a litaba tse tšosang kapa a nang le boitsebiso bo senyang botumo ba motho, e ba a molemo haholo. Ke ka seoelo ho bang le kameho ka ho tiisa liqoso tseo tse tšosang.
Ho Bua ka ba Bang ka Mecha ea ho Phatlalatsa
Mofuta ona oa ho bua ka ba bang o ipiletsa bofokoling bo bong ba botho—ho rata litaba ka mokhoa o fetelletseng. Re rata makunutu. Re thabela ho ba boemong ba ho tseba lekunutu. Ho tloha mathoasong a lilemo tsa bo-1730 ha Benjamin Franklin a ne a simolla ho ngola karolo e buang ka ba bang koranteng ea Pennsylvania Gazette, ho ile ha hlokomeloa hore batho ba ne ba ikemiselitse ho lefella ho bua ka ba bang.
Ho bua ka bang ka mecha ea ho phatlalatsa ho tsoela pele—’me ha ho khaotse. Europe likoranta li tletse lipale tse buang ka litaba tsa malapa a borena, batho ba beisang ka makoloi le mekete ea machaba ea boithabiso. Kahoo, sehlooho se seng sa koranta se ile sa bitsa ho bua ka ba bang khoebo e khōlō.
Empa ha e le hantle, na ho molemo ho rata ho tseba litaba ka ho fetelletseng mabapi le se etsahalang malapeng a batho ka sephiring, ka likamoreng tsa ho robala esita le ka likelellong tsa bona? Na mohlomong ho bala le ho sheba boitsebiso bo ka tsosang takatso ea ho rata litaba ho loketse? Ka ho hlakileng, ho bua ka ba bang ka mecha ea phatlalatso ho tšela meeli e loketseng.
“Ke Utloile ka Mohala oa Cheche”
Litaba tsa bo-ba-re le boitsebiso bo fosahetseng li boetse li hlohlelletsa ho bua ka ba bang ho kotsi. Ka bomalimabe, hangata mohala oa cheche o hlahisa litholoana tse babang. Litaba tsa bo-ba-re li ’nile tsa ikarabella bakeng sa tšabo, lefu, le pherekano. Litšenyehelo tseo sena se li bakileng khoebong ke tse ke keng tsa baloa. Lebenkele le leng le rekisang lijo tse phehiloeng le ile la qeta nako e fetang selemo le ntse le loantša puo ea bo-ba-re ea hore li-hamburger tsa lebenkele leo li ne li e-na le libōkō. K’hampani e tsebahalang ka ho etsa lihlahisoa tsa sesepa e ile ea qeta lilemo—le ho senya liranta tse limillione—e leka ho felisa lipuo tsa bo-bare tsa hore letšoao la eona la lithekiso e ne e le letšoao le hlahelletseng la Satane le hore k’hampani eo ka boeona e ne e ameha ka litsela tse itseng borapeling ba bodemona.
Leha ho le joalo, ke batho ka bomong ba utloang bohloko bo boholo ka ho fetisisa le ba tsoang kotsi ka baka la lipuo tsa bo-bare. Leha ho le joalo, ka baka la hore lipale tse sa tloaelehang li atisa ho fetoha tse thahasellisang, batho ba na le tšekamelo ea ho li ntšetsa pele ba sa tsotelle ’nete kapa liphello tsa tsona.
Ho Bua ka ba Bang ho Tletseng Lonya—Ketselletso
Hangata mohono le lehloeo ke tsona motso oa ho bua ka ba bang ho kotsi—ho bua ka ba bang ho tletseng lonya kapa ketselletso. Lentsoe la Segerike bakeng sa “moetselletsi” ke di·aʹbo·los, e leng lentsoe le fetoletsoeng ka Bibeleng e le Satane Diabolose. (Tšenolo 12:9) Lebitso lena ke le loketseng kaha Satane ke moetselletsi e moholo oa Molimo. Joaloka Satane, ba bang ba bua ka batho ba bang ka morero o mobe. Ka linako tse ling morero oa bona ke ho busetsa molamu sefateng ka baka la maikutlo a bohloko kapa mōna. Leha ho le joalo, ba rata ho etelletsa lithahasello tsa bona pele ka ho senya lebitso la batho ba bang le letle.
Le hoja ka ho hlakileng ho bua ka ba bang ho kotsi kapa ketselletso e le mokhoa o nyatsehang ka ho fetisisa oa ho bua ka batho ba bang, ho ameha mokhoeng leha e le ofe o kotsi, o bakang pherekano ke boitšoaro bo bobe le ho hloka boikarabelo. Joale, ke joang motho a ka thibelang puo feela e tloaelehileng hore e se fetohe ketselletso?
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Hangata ho bua ka ba bang ka botsoalle ho sebeletsa e le morero oa ho abelana boitse-biso ba bohlokoa le ho ntšetsa lipuisano pele
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Ho bua ka ba bang ho kotsi ho tšoana le seretse se phariloeng leboteng le hloekileng. Se ka ’na sa se ke sa khomarela, empa ka mehla se siea manothoko
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Batho ba bang ba bua ka ba bang ka sepheo sa hore e be bona ba hapang tlhokomelo