Malapa—Kopanang Pele e E-ba Morao Haholo
“Lelapa ke tokisetso ea batho ea boholo-holo. Ke la bohlokoa ka ho fetisisa ka litsela tse ngata haholo. Ke motheo o moholo oa tsamaiso ea batho. Tsoelo-pele eohle ea lichaba e ile ea ntlafala kapa ea senyeha ka baka la ho tiea kapa ho fokola ha bophelo ba lelapa.”—The World Book Encyclopedia (Khatiso ea 1973).
LELAPA le kopaneng le tšoana le seamporene se sireletsang bana. Libakeng tse ngata kajeno, seamporene sena se phunyehile masoba a mangata; ’me libakeng tse ling tse ngata, sea senngoa; ’me ha se sa sebetsa. Hangata sebōpeho sa lelapa la boholo-holo se hlokomolohuoa joaloka se seng se sa sebetse kajeno. Hangata litšoantšiso tsa thelevishene li bontša hore bo-ntate ke maoatla, bo-’mè ba bohlale ho feta bo-ntate, empa bana ba tseba hamolemo ka ho fetisisa.
Ho se tšepahale lenyalong ho atile. Linaheng tse ling tse seng li hatetse pele mesebetsing e meholo, lenyalo le le leng ho a mang le a mang a mabeli a pele le fella ka tlhalo. Ha tlhalo e ntse e ja setsi, malapa a motsoali a le mong a eketseha ka potlako. Palo ea batho ba lulang hammoho ba sa nyalana ea eketseha. Basodoma ba batla ho etsa hore kamano ea bona e hlomphehe ka ho nka likano tsa lenyalo. Likamano tsa botona le botšehali, tse tloaelehileng le tse sa tloaelehang, li hlahisoa e le tse ipiletsang libaesekopong le lividiong. Likolo li na le pono ea hore ho hloeka boitšoarong ha ho sebetse ’me li fana ka li-condom ho etsa hore bohlola e be bo sireletsehileng—e leng seo li-condom li sa khoneng ho se etsa. Mafu a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali le ho ima ha bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20 a ntse a eketseha ka lebelo le phahameng haholo. Masea e ba bahlaseluoa—haeba a lumelloa hore a hlahe. Ho felisoa ha sebōpeho sa boholo-holo sa lelapa ho entse hore bana e be bona ka ba sehloohong ba lahleheloang.
Lilemong tse fetileng, mohapi oa Khau ea Nobel Alexis Carrel, bukeng ea hae Man, the Unknown, o ile a fana ka keletso ena: “Sechaba sa kajeno se entse phoso e tebileng ka ho etsa hore sekolo se nkele koetliso ea lelapa sebaka ka ho felletseng. Bo-mè ba siea bana ba bona likolong tsa tlhokomelo ea bana ba banyenyane [kapele haholo kajeno, hore li hlokomele bana motšehare le hore li ba fe thuto e ba lokisetsang ho ea sekolong sa mathomo] e le hore ba ka hlokomela mesebetsi ea bona ea ka moso, ka baka la takatso ea ho ba batho ba tummeng sechabeng, menyaka ea bona ea likamano tsa botona le botšehali, litšekamelo tsa bona thutong le mesebetsing ea matsoho, kapa feela hore ba thabele bolokolohi ba ho hloka boikarabelo, ho ea libaesekopong, kapa ho senya nako ea bona ka ho tšoareha linthong tse se nang molemo. Ka baka leo, ba ikarabella bakeng sa ho fela ha sehlopha sa lelapa seo ho sona ngoana a neng a e-na le kamano e haufi-ufi le batho ba baholo ’me a ithuta ho hongata haholo ho bona. . . . E le hore a ka ba le matla a felletseng, ho hlokahala hore motho a ikarole ho batho ba bang ho isa bohōleng bo itseng le hore a fumane tlhokomelo ea sehlopha se itseng sa lelapa se lekanyelitsoeng.”—Leqephe 176.
Haufinyane tjena, mongoli oa libuka tsa metlaee Steve Allen o ile a bua tjena ka ho hlasela ha thelevishene lelapa, le ho thahasella ha eona puo e litšila le boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali. O ile a re: “Ho sebelisoa ha puo e litšila le boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali ho tlotlolla batho bohle. Mofuta oa puo oo batsoali ba hanelang bana ba bona hore ba o sebelise hona joale o khothalletsoa ntle ho thibelo ea letho ke barekisi ba lithelevishene, empa nakong e fetileng mananeo a thelevishene a ne a bontša litekanyetso tse phahameng tsa boitšoaro. Mananeo a thelevishene a bontšang bana le batho ba baholo ba buang puo e litšila a hatisa ho oa ha lelapa la Maamerika.”
Ke lefa lefe leo sechaba sa hona joale se le sielang bana ba sona? Bala likoranta, shebella thelevishene, shebella vidio, litaba tsa mantsiboea, mamela ’mino o binoang ka mokhoa oa moqoqo, bona mehlala ea batho ba baholo tikolohong e u potolohileng. Bana ba feptjoa lijo tsa kelello le tsa maikutlo tse se nang molemo. Monghali Keith Joseph eo e kileng ea e-ba mongoli oa thuto oa Brithani o itse: “Haeba u batla ho timetsa naha, u sebelise chelete ea eona hampe.” ’Me o ile a phaella: “Tsela ea ho timetsa sechaba se itseng ke ho susumetsa bana ba sona hore ba kopanele boitšoarong bo bobe.” “Ho susumelletsa motho boitšoarong bo bobe,” ho bolela “ho furallisa motho bohloeki kapa bokhabane.” Kajeno sena se etsoa ka mokhoa o fetelletseng. Ho buuoa haholo ka boitšoaro bo bobe bo etsoang ke bacha; ho hongata ho feta hona ho lokela ho buuoa ka boitšoaro bo bobe bo etsoang ke batho ba baholo.
Liphello tsa Liketso tsa Rōna li Tla re Tšoenya
Puong eo a ileng a nehelana ka eona qalong ea selemo sena, mopresidente le motsamaisi ea ka sehloohong oa Tšebeletso ea Malapa ea Amerika, Geneva B. Johnson, o itse: “Lelapa le kula ka ho tebileng, mohlomong re ka re le kulela lefu.” O ile a le bitsa “setšoantšo se tšosang bakeng sa bongata ba bana ba rōna,” eaba o bolela mahlomola ao a a bonelang pele ha a re: “Boikemisetso ba sechaba ba ho tlohella bongata ba bana ba rōna ba lulang matlong a boemo bo tlaase, ba feptjoang lijo tse se nang molemo ’meleng, ba sa fumaneng phekolo ea meriana e nepahetseng, ba sa fumaneng thuto e molemo hore ba lelekoe sechabeng se ruileng bo tla re tšoenya ka linako tsohle.” Bo se bo ntse bo re tšoenya. U ka bala ka hona likoranteng, u ka utloa ka hona litabeng tse hasoang ke sea-le-moea, ua ba ua ho bona thelevisheneng ea hao. Mehlala e seng mekae ke ena:
Judonne o ntša sethunya ’me o thunya Jermaine ka makhetlo a mararo sefubeng. Jermaine o shoele; o ne a le lilemo li 15. Judonne o lilemo li 14. E ne e le metsoalle ea hlooho ea khomo. Ba ne ba tseka kharebe.
Batho ba lekholo ba phuthehela lepatong la Michael Hilliard ea lilemo li 16. O ile a thunngoa ka morao hloohong ha a ne a tloha moo ho neng ho entsoe khang ka papali ea basketball.
Brooklyn, New York, bacha ba bararo ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ba ile ba chesa banyalani ba se nang lehae. Ha ba bona hore rubbing alcohol ha e sebetse, ba ile ba leka ho sebelisa peterole. E ile ea sebetsa.
Florida, ngoana ea lilemo li hlano o ile a bolaea ngoana ea ithutang ho tsamaea ka ho mo sutumelletsa methating ea moaho a le mokatong oa bohlano.
Texas, ngoana ea lilemo li leshome o ile a nka sethunya ’me a thunya ngoana ea bapalang le eena a ba a pata setopo sa hae ka tlas’a ntlo.
Georgia, moshanyana ea lilemo li 15 o ile a hlaba mosuoe-hlooho oa hae ka thipa ha a mo khalemela.
Motseng oa New York, kenke ea bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20 le ba ka holimo ho tsona hanyenyane, ba hlometseng ka melamu, liphaephe, lilepe, lithipa, le lisebelisoa tsa ho khabela nama, e ile ea “etsa merusu” pel’a leqhofa la banna ba se nang lehae, ea ntša batho ba bangata kotsi ea ba ea khaola e mong molala. Morero oa bona e ne e le ofe? Mofuputsi e mong o ile a hlalosa: “Ba ne ba thabela ho hlasela ba se nang mahae.”
Detroit, Michigan, moshanyana ea lilemo li 11 o ile a kopanela le ea lilemo li 15 petong ea ngoanana ea lilemo li peli. Ho nahanoa hore ba ile ba lahlela mohlaseluoa enoa oa bona ka Moqomong oa lithōle.
Cleveland, Ohio, bashanyana ba bane ba nang le lilemo tse tšeletseng ho ea ho tse robong ba ile ba beta ngoanana ea lilemo li robong sekolong se seng se tlaase. Ha a bua ka sena ho Plain Dealer ea Cleveland, mongoli oa limakasine ea bitsoang Brent Larkin o itse: “Peto ena e bontša ho hongata ka se etsahalang naheng ena, le kamoo litekanyetso tsa rōna tsa tsamaiso li theohetseng boemong bo tlaase ka teng.”
Dr. Leslie Fisher, moprofesa oa thuto ea kelello Univesithing ea Naha ea Cleveland, o ile a beha thelevishene molato. O ile a e bitsa “mochine o moholo oa likamano tsa botona le botšehali,” ’me “bana ba lilemo li 8 le ba lilemo li 9 ba shebella lintho tsena.” O ile a boela a beha batsoali molato bakeng sa ho theoha ha boemo ba malapa a Maamerika: “’Mè le ntate ba tšoarehile haholo ka mathata a bona ’me ha ba na nako ea ho hlokomela bana ba bona.”
Seo Motho a se Jalang o Tla se Kotula
Likarolo tse sa tšoaneng sechabeng, haholo-holo mehloli ea litaba, batho ba tlosang ba bang bolutu ka boithabiso, le mehloli ea boithabiso—likarolo tse fumanang phaello ka ho khotsofatsa litakatso tse mpe tsa batho—li bontša likamano tsa botona le botšehali le tlōlo ea molao le tšenyeho ’me kahoo li tlatsetsa haholo ho theoheng ha boemo ba boitšoaro ba bacha le ba lelapa. Kahoo molao ona oa sebetsa: Jala ho bola, kotula ho bola. Seo motho a se jalang o tla se kotula. Motho o fumana liphello tse bohloko tsa seo a se entseng—’me liphello ke tse sisimosang.
Na sechaba se hlahisa moloko oa bana ba se nang letsoalo? Potso ena e ile ea botsoa ka mor’a ketsahalo e tummeng hampe e “mabifi” e ileng ea etsahala Serapeng sa Boikhathollo se Bohareng ba New York moo mosali ea lilemo li 28 a ileng a shapuoa le ho betoa a ba a siuoa moo hore a shoe ke kenke e sollang ea bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20. Mapolesa a itse ba ne ba “khotsofetse ba bile ba sa tšoha” ’me ha ba tšoaroa ba ile ba “’na ba etsa mesoaso le ho qoqa le ho bina.” Ba ile ba fana ka mabaka a ho etsa sena: “E ne e le monyaka,” “Re ne re jeoa ke bolutu,” “E ne e le ntho eo ho leng molemo ho e etsa.” Makasine oa Time o ile oa ba bitsa “batho ba hlokang karolo e ’ngoe ea bomoea ba bona” ba neng ba “lahlehetsoe, mohlomong ba e-s’o ka ba ba le karolo ea bomoea eo re e bitsang letsoalo.”
U.S.News & World Report ea re phehella: “Sechaba sena se tlameha ho sebeletsa ho qoba moloko o mong hape oa bana o se nang letsoalo.” Setsebi sa kelello se tsebahalang, Dr. Ken Magid, le Carole McKelvey ba hatisa kotsi eona eo bukeng ea bona e tsebahalang haholo High Risk: Children Without a Conscience. Liketsahalo tsa histori le bopaki bo tsoang ho litsebi tsa kelello le lingaka tsa kelello li fana ka tšehetso e khōlō polelong ea Magid: Lebaka le leholo la sena ke ho hlōleha ho haha tlamahano e matla pakeng tsa batsoali le bana nakong ea tsoalo le lilemong tse latelang tsa ho hōla.
Ruri, malapa a tlameha ho kopana lilemong tseo tsa ho hōla pele e e-ba morao haholo!