Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g91 10/8 maq. 17-19
  • Nka Etsa Joang Hore a Tlohele ho Nkhathatsa?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nka Etsa Joang Hore a Tlohele ho Nkhathatsa?
  • Tsoha!—1991
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Hobane’ng ha Sena se Nketsahalla?
  • Lebaka Leo ho Leng Thata ho Hana
  • Ho Sebetsana le Khatello
  • Ho Balehela Leraba!
  • “Nka Etsa Bobe Bona bo Boholo Joang?”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Pono ea Bomolimo ka ho Hloeka Boitšoarong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Re ka Lula re Hloekile Boitšoarong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Nka Sebetsana Joang le ho Hleka-hlekoa ke ba Batona Kapa ba Batšehali?
    Tsoha!—2000
Bala Tse Ling
Tsoha!—1991
g91 10/8 maq. 17-19

Bacha Baa Botsa . . .

Nka Etsa Joang Hore a Tlohele ho Nkhathatsa?

JOSEFA e ne e le mohlankana ea ratoang. O ne a sebetsa ka thata, a tšepahala, a na le tšobotsi e ntle, ’me o ne a ratoa ke e mong le e mong eo a neng a sebetsa le eena. Bothata e ne e le hore mosali oa mong’a hae le eena o ile a ikutloa a hoheloa ke eena. Ho mo talima ha hae ka mokhoa o tsosang maikutlo a lerato ho ile ha ’na ha eketseha; puo ea hae ea mantsoe a papali a lerato e ile ea e-ba matla le ho feta.

Josefa o ile a leka ho iphapanyetsa katamelo ea hae e mo memelang likamanong tsa botona le botšehali, empa ka letsatsi le leng ha a le mosebetsing, o ile a iphumana a e-na le eena a le mong feela. Mosali oa mong’a hae o ne a ile a loha leano leo ka hloko nako e telele ha ho ne ho se na batho. Pele Josefa a elelloa se etsahalang, o ne a hlile a mo senolela morero oa hae, a mo kōpa hore a robale le eena!—Genese 39:7-12.

Phihlelo ena ea sebele e etsahetse lilemong tse fetang 3 500 tse fetileng. Empa letsatsi le letsatsi ho etsahala liketsahalo tse tšoanang sekolong le libakeng tsa mosebetsi. Hobane le hoja mecha ea khaso e bolela ho hongata ka ho hlaseloa ha basali—’me e le ka nepo—hangata bothata bo iphapanyetsoang ke ba ho hlaseloa ha bahlankana ka likamano tsa botona le botšehali.a Joalokaha mokhatlo oa batho oa kajeno o beha khatiso e khōlō likamanong tsa botona le botšehali le ho lekana ha basali le banna, hammoho le boitšoaro le litekanyetso tsa kahisano tse ntseng li senyeha, ha ho makatse hore bahlankana ba bangata ba tlaleha hore ba ’nile ba hlaseloa ke banana ka likamano tsa botona le botšehali.

Ho bonahala bahlankana ba bang ba thabela boemo bona bo fetohang; ba thetsoa ke tlhokomelo eo ba e fuoang ke banana. Leha ho le joalo, bacha ba Bakreste ba khomarela litekanyetso tsa Bibele tsa boitšoaro ba botona le botšehali. Ha ba batle ho khathatsoa ke banana ba hlokang tlhompho ba nang le morero oa boitšoaro bo bobe. Potso ke hore, Ke joang ba ka qobang tlhaselo e joalo?

Ke Hobane’ng ha Sena se Nketsahalla?

Bibele e re: “Botle ba bahlankana ke matla a bona.” (Liproverbia 20:29, NW) Botle ba bocha hammoho le boitšoaro ba bohlankana bo hloekileng le mekhoa ea Bokreste, e ka ba lintho tse hohelang haholo ho mosali. Ba bang ba ka ’na ba talima ho senyeha ha boitšoaro bo hloekileng ba Mokreste e mocha e le phephetso eo ba ratang ho bona pheletso ea eona.

Hape ho na le tšusumetso ea mokhatlo oa batho oa kajeno. Ho ngoloa libuka tse ngata le lihlooho ho thusa banana ho hapa tlhokomelo ea bashemane. Ka tloaelo limakasine tsa bacha li khothalletsa banana hore ba bapale ka maikutlo a lerato ntle le ho hlajoa ke lihlong. Makasine Seventeen o ile oa phatlalatsa: “Ho bapala ka maikutlo a lerato ke tsela e bohlale ea ho tsebisa motho e mong hore u mo fumane e le motho ea . . . hohelang. . . . Ho ka etsa hore le be metsoalle kapa le ratane.” Se talingoang e le litekanyetso tse khothalletsoang ke mecha ea khaso le boikutlo ba boitšoaro bo litšila bo tšoaetsanoang le tsona li reretsoe ho felisa matla a boitšoaro a bahlankana. Mongoli Kathy McCoy oa hlokomela: “Batho ka kakaretso, batsoali, ka ho khethehileng le lithaka, ba lumella boitšoaro ba likamano tsa botona le botšehali ho bashemane haholoanyane. Litsebi tse ling li lumela hore bashemane ba fumana khothatso e matla . . . ea ho kopanela likamanong tsa botona le botšehali.”

Leha ho le joalo, Lentsoe la Molimo le khothalletsa bacha ho lula ba hloekile boitšoarong. “Hobane ho rata ha Molimo ke hore le halalele, le hore le tšabe bofebe.” (1 Ba-Thessalonika 4:3) U se ke ua lumella litšusumetso tsa lefatše lena hore li u khelose! Joale, u lokela ho etsa eng haeba motho e mong a u atamela ka tsela e u memelang likamanong tsa botona le botšehali?

Lebaka Leo ho Leng Thata ho Hana

Le hoja hangata banna ba ’nile ba hatella basali ba neng ba hanela katamelo ea likamano tsa botona le botšehali, ke ka seoelo basali ba ka hatellang banna ka tsela e joalo. Joale ke hobane’ng ha ho le thata hakaale ho mohlankana ho hanela ngoanana ea hlokang tlhompho?

Lebaka le leng ke hore ‘pelo e mano.’ (Jeremia 17:9) Ho joalokaha Wayne e mocha a ile a lumela: “U laba-labela tlhokomelo ea mofuta o joalo. E u neha boikutlo bo mofuthu ba ho tseba hore motho e mong oa u thahasella. Ke boikutlo bo thetsang.” Ho hlakile hore ke boikutlo ba tlhaho ho thabela tlhokomelo ea batho ba batšehali. Empa hlokomela! Pelo ea hao e mano e ka etsa hore litakatso tsena tsa tlhaho e be tse matla ho feta seo u se tsebang ka kelello hore se nepahetse. (Jakobo 1:14, 15) Pele u elelloa, u ka ’na ua khelosoa ‘joaloka pholo ha e isoa tlhabong’!—Liproverbia 7:22, BPN.

Kahoo Liproverbia li lemosa bahlankana bana hore ba itšireletse khahlanong le “leleme le lekang la mosali ea lelerang. U se ke ua lesa pelo ea hao ea luma bokhabane ba hae, u se ke ua hapuoa ke chalimo ea mahlo a hae.” (Liproverbia 6:24, 25) Kahoo, senotlolo ke ho laola pelo ea hao le litakatso tsa hao. (1 Ba-Thessalonika 4:4-6) Ke feela haeba u kholisehile ka ho felletseng hore boitšoaro bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali ha bo fane ka letho haese “nģalo ea bafu,” u ka itšireletsang ka mokhoa o matla le o atlehang.—Liproverbia 7:27.b

Ho Sebetsana le Khatello

bMohlankana e mong o ile a tletleba: “Banana baa phehella; ba tsoela pele ho ’na ba khutla. Ba u rorisa haholo ’me ba sebelisa mantsoe a babatsang a thetso.” Ho babatsa ho thetsang e ’nile ea e-ba sebetsa sa mosali ea hlokang hlompho ka nako e telele. Na u motho ea ka bang mohlaseluoa oa eona habonolo? (Liproverbia 26:28) Liproverbia 11:2 ea hlokomela: “Bohlale bo ho ba ikokobetsang,” ’me haeba u e-na le pono e leka-lekaneng ka bouena, ho babatsoa ho thetsang ho ke ke ha u ntša kotsi habonolo.

Empa u arabela joang ha ngoanana a u babatsa ka moriri oa hao, ’mele oa hao, kapa ho bososela ha hao? Mohlomong ha ho morero o mobe o amehang. ’Me ba sa rate ho bonahala e le ba ikhohomosang, bacha ba bang ba mpa ba leboha ngoanana eo bakeng sa ho babatsa ha hae—’me kapele ba fetola moqoqo. Leha ho le joalo, hlokomela hore u se fane ka boikutlo ba hore u thabela puo e bapalang ka maikutlo a lerato.

Ka linako tse ling ho hlokahala likhato tse tiileng. Ba bang ba sebetsana le taba ho tloha qalong kapele kamoo ho ka khonehang. Ka tsela ena ba qoba ho lelefatsa boemo bo ntseng bo khathatsa. Karabelo e tobileng ea Daniele e mocha ke e reng: “Ha ke thahaselle ho ba le kharebe hona joale.”

Ho ’nile ha boleloa hangata hore tšireletso e molemohali ke khopiso e molemo ka ho fetisisa. Mofuputsi e mong o fana ka keletso ena: “Ho felisa litaba ka ho felletseng, qalisa moqoqo ka bolumeli.” Ka sebele, haeba u tsejoa u le motho eo ka mehla a buisanang ka litumelo tsa bolumeli ba hae, ho hang ha ho bonolo hore u be mohlaseluoa. ’Me haeba motho e mong a ba le sebete sa ho u atamela ho sa tsotellehe seo, tlhaloso e tobileng ea litumelo tsa bolumeli ba hao e ka etsa hore a khaotse hang-hang.

Ka bomalimabe, bacha ba Bakreste ka linako tse ling ba hlōleha ho sebelisa tšireletso ena e molemohali. Tim e mocha o re: “Ba bangata ba rōna ba ne ba sa batle ho re, ‘Bona mona! Ke Mokreste, ’me ha ke batle ho etsa hona.’ Re ne re batla ho ba joaloka motho e mong le e mong.” Hape ke feela haeba u kholisehile e le kannete hore tsela ea Jehova ke e molemohali u tlang ho ba le sebete se hlokahalang sa ho qoba tlokotsi ea boitšoaro.

Ho Balehela Leraba!

Ho thoe’ng haeba khathatso e ntse e tsoela pele, ho sa tsotellehe boiteko ba hao bo matla? Koana, nahana hape ka mohlala oa mohlankana ea boletsoeng qalong—Josefa. Genese 39:6 e re bolella hore “o na a na le sebopeho se setle, le tšobotsi e ntle” ’me o ile a hapa tlhokomelo ea mosali oa mong’a hae, Potifaro. Mosali oa mong’a hae o ile a etsa sohle se matleng a hae ho leka ho mo hohela. ’Me Bibele ha e fane ka tlhaloso ea hore o ne a e-na le tšobotsi e mpe kapa hore o ne a e-na le ho hong hoo Josefa a neng a sa ho rate. Leha ho le joalo, Josefa o ile a hanela katamelo ea hae. Ke joang a ileng a khona ho etsa joalo?

Tabeng ea pele, Josefa o ne a tiile tumelong ea hae. O itse: “Nka etsa joang bobe bo boholo hakalo, ka siteloa Molimo na?” Le hoja ho ne ho se molao o tobileng o thibelang likamano tsa botona le botšehali pele ho lenyalo ka nako eo, letsoalo la hae le ile la ’molella hore seo mosali oa Potifaro a neng a batla ho se etsa se ne se fosahetse. Ho ntse ho le joalo, mosali oa Potifaro o ile a phehella. Boikemisetsong ba hae o ile a tšoara kobo ea hae ’me a mo kōpa: “Robala le ’na!” Josefa ha aa ka a senya nako ka ho leka ho bebofatsa boemo ka ho soasoa, leha e le hore o ile a leka ho mo ruta boitšoaro bo botle. Hang-hang o ile a “siea kobo ea hae matsohong a hae, a baleha.”—Genese 39:9-12.

Josefa o ile a khona ho nka khato ka potlako hobane o ne a sa tlameha ho etsa qeto ea hore a etse eng. O ne a se a entse qeto. O ile a ikhethela ho utloisoa bohloko ke liphello tsa khalefo ea mosali eo ho e-na le ho soabisa Jehova. ’Me liphello li ne li le bohloko; Josefa o ile a lahleloa teronkong! Empa Jehova o ile a hlohonolofatsa boiteko ba hae ba ho lula a hloekile boitšoarong. Qetellong o ile a fetoha motho ea ka sehloohong tlung ea Faro ’me a boela a kopanngoa le lelapa labo leo a neng a arohane le lona ka nako e telele.

Ka tsela e tšoanang, Jehova o tla hlohonolofatsa boiteko ba hao ba ho lula u se na “sekoli le letheba . . . har’a moloko o senyehileng, o khopo.” (Ba-Filippi 2:15) Ho sa tsotellehe hore lintho li bonahala li le joang qalong, ka mehla tsela e nepahetseng e tla qetella ka tlhohonolofatso. Empa u tlameha ho ikemisetsa ho lula u hloekile boitšoarong joaloka Josefa. U tlameha ho phehella boitekong ba hao, u etse hore ‘che ea hao e be che.’ (Mattheu 5:37) U tlameha ho lula u ikemiselitse ’me u batla ho arolelana le ba bang litumelo tsa hao tse theiloeng Bibeleng. Haeba u etsa joalo, esita le ngoanana ea hlokang tlhompho ka ho fetisisa o tla utloisisa ka ho hlakileng—’me mohlomong o tla tlohela ho u khathatsa!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakeng sa boitsebiso bo mabapi le kamoo banana ba ka emelanang le boitšoaro ba bashemane bo khathatsang, bona sehlooho “Nka Etsa Joang Hore a Khaohane le ’Na?” tokollong ea Tsoha! ea June 8, 1991.

b Bona likhaolo 23 le 24 tsa buka Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

U arabela joang mantsoe a u memelang boitšoarong bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela