Ba Kulelang Lefu ba ka Fuoa Tlhokomelo Efe?
MORAO tjena tsela eo batho ba sebetsanang le lefu le ho shoa ka eona e se e fetohile haholo likarolong tse ngata tsa lefatše.
Mehleng ea pele lingaka li ne li amohela lefu e le qetello e ke keng ea qojoa ea litšebeletso tsa tsona bakeng sa bakuli ba bang—e le qetello e lokelang ho bebofatsoa, le eo hangata ho neng ho sebetsanoa le eona lapeng.
Haufinyane tjena, kaha ho se ho buelloa haholo theknoloji le phekolo, basebetsi ba phekolo ea meriana ba se ba talima lefu e le ho hlōleha. Kahoo pakane ea sehlooho ea tšebeliso ea phekolo ea meriana e se e le ho thibela lefu ho sa tsotellehe hore na seo se ka akarelletsa eng. Phetoho ena e tsamaea le boqapi ba theknoloji e ncha ka ho felletseng e reretsoeng ho boloka batho ba ntse ba phela halelele ho feta kamoo ho neng ho khoneha ka teng pele.
Theknoloji ea phekolo ea meriana e hlahisitse khatelo-pele eo re ke keng ra e latola linaheng tse ngata; leha ho le joalo, e bakile lipelaelo tse ling tse tebileng. Ngaka e ’ngoe e ile ea hlalosa: “Lingaka tse ngata ha li sa na tšoaneleho ea bohlokoa eo e kileng ea ba karolo ea bohlokoa phekolong ea meriana, e leng botho. Mechine, katleho le ho etsa lintho ka nepo li se li ntšitse mofuthu, qenehelo, kutloelo-bohloko le kameho bakeng sa motho ka mong lipelong. Hona joale phekolo ea meriana e se e le saense e hlokang mofuthu; tšoaneleho ea eona e ipiletsang ha e sa le eo mehleng ena. Motho ea makhatheng a ho shoa a ka fumana matšeliso a fokolang feela bongakeng bo itšetlehileng ka mechine bo sa natseng litlhoko tsa hae tsa maikutlo.”
Ena ke khopolo ea motho a le mong feela, ’me ka sebele hase qoso e akaretsang e khahlanong le mosebetsi oa phekolo ea meriana. Leha ho le joalo, mohlomong u bone hore batho ba bangata ba se ba tšaba ho bolokoa ba ntse ba phela ka mechine.
Butle-butle ho ile ha qala ho utloahala boikutlo bo bong. E ne e le ba hore maemong a mang batho ba lokela ho tlohelloa hore ba shoe ka tsela ea tlhaho, e hlomphehang, ’me ba se ke ba kenngoa tlas’a khatello ea ho kenella ha theknoloji e hlokang kutloelo-bohloko. Phuputso e ileng ea etsoa haufinyane bakeng sa makasine oa Time e ile ea senola hore ba fetang karolo ea 75 lekholong bao ho ileng ha buisanoa le bona ba ne ba ikutloa hore ngaka e lokela ho lumelloa hore e se fe mokuli ea kulelang lefu phekolo e tšehetsang bophelo. Phuputso eo e ile ea fihlela qeto ena: “Hang ha [batho] ba se ba talimane le se ke keng sa qojoa, ba batla ho shoa ka mokhoa o hlomphehang, ba sa hokelloa letotong la mechine ka kamoreng ea tlhokomelo e khethehileng joalokaha eka ke lintho tseo ho tlil’o etsoa lipatlisiso ka tsona ka tlas’a khalase ka laboratory.” Na ua lumela? Seo se bapa joang le boikutlo ba hao tabeng ee?
Litharollo tse Buelloang
Ho itšetlehiloe ka bophelo ba sechaba seo motho a tsoang ho sona kapa semelo sa batho bao a neng a phela le bona, ho na le mekhoa e mengata e fapaneng ea ho sebetsana le taba ea lefu le ho shoa. Leha ho le joalo, linaheng tse ngata batho ba bontša thahasello e eketsehileng tlokotsing ea batho ba kulang hoo ho seng ho se tšepo ka bona. Lilemong tse seng kae tse fetileng, litsebi tsa litekanyetso tsa se nepahetseng le se fosahetseng, lingaka, le batho ka kakaretso ba ’nile ba khothalletsa boiteko ba ho fetola tlhokomelo bakeng sa batho ba malimabe joalo.
Har’a mehato e mengata e ileng ea hlahlojoa bakeng sa ho sebetsa taba ena, o mong o ileng oa sebelisoa haholo lipetleleng tse ling ke leano le reng “U se ke ua Leka ho Etsa Hore Motho ea Shoang a Boele a Phefumolohe,” kapa DNR (Do Not Resuscitate). Na ua tseba hore na see se akarelletsa eng? Ka mor’a hore ho tšoaroe lipuisano tse telele le lelapa la mokuli, mohlomong ho be ho buisanoe le eena mokuli ka boeena, ho etsoa litokisetso tse tobileng esale pele, ’me litokisetso tsena li ngoloa tlalehong ea mokuli ea phekolo ea meriana. Litokisetso tsena ke tse mabapi le lithibelo tse tla etsoa boitekong ba ho pompa pelo ea mokuli ea kulang hoo ho seng ho se tšepo ka eena, kapa boiteko ba ho etsa hore a boele a phefumolohe, haeba boemo ba hae bo ka mpefala.
Hoo e ka bang e mong le e mong oa hlokomela hore taba ea sehlooho e lokelang ho eloa hloko liqetong tse boima joalo e lokela ho ba hore na “Mokuli o lakatsa hore ho etsoe joang?” Leha ho le joalo, se etsang hore bothata bona e be bo tebileng ke hore hangata mokuli o ee a be a akhehile kapa ka tsela e ’ngoe e itseng a sa khone ho etsa liqeto tsa botho tse bohlale. Sena se entse hore ho qale ho sebelisoa tokomane e ka ’nang ea bitsoa lengolo le bolelang thato ea motho ha a sa phela. E etselitsoe ho fa batho monyetla oa ho bolela ka ho toba esale pele hore na ba ka lakatsa ho fuoa phekolo efe ha ba se ba le makhatheng a ho shoa. Ka mohlala, lengolo le joalo le bolelang thato ea motho le ka ’na la baleha tjena:
“Haeba nka ba boemong bo ke keng ba phekoloa kapa boo nke keng ka hlola ke hlaphoheloa ho bona bo tla etsa hore ke shoe ka mor’a nako e khutšoanyane, takatso ea ka ke hore bophelo ba ka bo se ke ba lelefatsoa ka ho sebelisa mekhoa e tšehetsang bophelo. Haeba boemo ba ka e se e le ba ho kulela lefu ’me ke sa khone ho kenella liqetong tse amang phekolo ea ka ea meriana, ke laela ngaka e tla beng e sebetsana le ’na hore e tlose kapa e se ke ea fana ka mekhoa e mpang e liehisa tšebetso ea ho shoa le e sa hlokahaleng bakeng sa boiketlo ba ka kapa ho felisa bohloko.” Litokomane tse joalo li ka ba tsa bolela ka ho toba hore na ke mefuta efe ea phekolo eo motho a e batlang kapa eo a sa e batleng ha a se a le boemong ba ho kulela lefu.
Le hoja ka molao mangolo a joalo a bolelang thato ea motho ha a sa phela a sa tlame maemong ’ohle, aa amoheloa libakeng tse ngata. Ho hakanngoa hore United States batho ba limillione tse hlano ba entse mangolo a phekolo ea meriana a bolelang thato ea motho ha a sa phela. Batho ba bangata ba boholong naheng eo ba talima sena e le mokhoa o molemohali o fumanehang oa ho tiisa hore litakatso tsa motho li tla hlonepshoa le ho lateloa.
Ho Hlokahala Phekolo Kapa Tlhokomelo ea Mofuta Ofe?
Ho thoe’ng ka tlhokomelo e hlileng e fuoang batho ba kulelang lefu? Mohlomong ho hlahelletseng ka ho fetisisa e bile qaleho ea khopolo e bitsoang hospice, e ntseng e tsoela pele ho amoheloa lefatšeng ka bophara. Hantle-ntle “hospice” ke eng?
Ho fapana le ho bolela sebaka kapa mohaho, hospice ka kutloisiso ena e hlile e bolela filosofi kapa lenaneo la tlhokomelo ea batho ba kulelang lefu. E nkiloe lentsoeng la Sefora sa Mehleng e Bohareng le bolelang sebaka sa phomolo bakeng sa bahahlauli. Hospice e lebisa tlhokomelo tseleng eo sehlopha (sa lingaka, baoki, le baithaopi) se sebetsang ka eona ho tiisa hore mokuli ea kulelang lefu o bolokoa boemong ba boiketlo le ba ho se utloe bohloko, ’me seo se etsetsoa lehaeng la mokuli ka boeena haeba hoo ho khoneha.
Le hoja li-hospice tse ling li hahiloe ka har’a lipetlele, tse ngata ke tse ikemetseng. Boholo ba tsona li tšehelitsoe ke mehloli ea litšebeletso tsa sechaba, e kang baoki ba tlang ka linako tse ling, litsebi tsa phepo e nepahetseng, baruti, le batho ba phekolang mafu ka mekhoa e khethehileng ea boitlhakiso ba ’mele. Ho e-na le ho sebelisa mekhoa e khethehileng ea phekolo ea meriana, tlhokomelo ea hospice e hatisa kutloelo-bohloko e khethehileng. Ho e-na le ho fana ka phekolo e matla bakeng sa lefu la mokuli, e lebisa tlhokomelo ho faneng ka phekolo e matla bakeng sa bohloko boo mokuli a bo utloang. Ngaka e ’ngoe e hlalositse seo ka tsela ena: “Hospice hase ho fana ka tlhokomelo e fokolang kapa ho se fane ka tlhokomelo kapa ho fana ka tlhokomelo e jang chelete e tlaase. E mpa feela e le mofuta o fapaneng ka ho felletseng oa tlhokomelo.”
U arabela joang khopolong ee? Na tsela ee e bonahala e le eo u ikutloang hore ho lokela ho buisanoe ka eona le ba bang ba baratuoa ba hao bao tlhahlobo ea ngaka e ka ’nang ea bontša hore ba talimane le boemo ba ho kulela lefu, ’me mohlomong ho buisanoe ka eona le ngaka e amehang?
Le hoja e ka ’na eaba tlhokomelo ea hospice ha e fumanehe sebakeng sa heno hona joale, mohlomong e tla ba teng nakong e tlang, kaha keketseho ea li-hospice e ntse e hōla lefatšeng ka bophara. Le hoja qalong tlhokomelo ea hospice e ne e talingoa joaloka mosebetsi o khahlanong le tokisetso e hlophisitsoeng ea tlhokomelo ea meriana, butle-butle e ’nile ea kenella lefapheng le leholo le amoheloang la phekolo ea meriana, ’me hona joale e se e talingoa e le mokhoa o mong oa ho hlokomela batho ba kulelang lefu. Ka mekhoa eo e e sebelisang, haholo-holo tšebeliso e loketseng ea lipilisi tse felisang bohloko, hospice e tlatselitse ka khatelo-pele e hlokomelehang tlhokomelong ea bophelo bo botle.
Lengolong le eang ho New England Journal of Medicine, Dr. Gloria Werth o ile a hlalosa lefu la ngoan’abo ea neng a le ka har’a hospice: “Ha ho mohla ngoan’eso a ileng a qobelloa ho noa meriana, ho ja, kapa ho noa. O ne a lokolohile ho ja, ho noa, . . . kapa ho noa meriana ha a batla . . . Empa ntho ea bohlokoahali ka hospice ke hore hangata seo re se hopolang ka lefu la Virginia ke se khothatsang le se thabisang. Ke hakae ho ka boleloang see ka mor’a lefu la motho ea hlokahaletseng ka kamoreng ea tlhokomelo e khethehileng?”
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 26]
“Hona joale phekolo ea meriana e se e le saense e hlokang mofuthu; tšoaneleho ea eona e ipiletsang ha e sa le eo mehleng ena. Motho ea makhatheng a ho shoa a ka fumana matšeliso a fokolang feela bongakeng bo itšetlehileng ka mechine bo sa natseng litlhoko tsa hae tsa maikutlo”
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 27]
Li-hospice li lebisa tlhokomelo phekolong e matla ea bohloko boo mokuli a bo utloang ho fapana le phekolong e matla ea lefu ka bolona