Letsatsi le Khethehileng Bophelong ba ka Hong Kong e Petetsaneng
Hong Kong ke se seng sa libaka tse nang le baahi ba bangata ka ho fetisisa lefatšeng. Ka batho ba limillione tse 5,8 ba lulang karolong ea 10 lekholong ea naha ea li-square k’hilomithara tse 1 070, e na le batho ba lulang ho li-square k’hilomithara tse 5 592. Seo se emela hoo e ka bang kakaretso ea batho ba lulang ho li-square k’hilomithara tse 54 000! Leha ho le joalo, ho bonahala batho ba sebaka seo ba tloaetse lepotla-potla la motse ona o petetsaneng, sebaka sa bolulo se senyenyane, le lerata la makoloi le tšilafalo.
KE ILE ka tsosoa ke ho lla ha oache ea ka ea alarm ka 7:30 hoseng, ’me ka tsoha betheng ea ka ea sofa le ho apara kapele. Ke lula ntlong e nyenyane le batsoali ba ka le bo-khaitseli ba bararo, bao kaofela ba sebetsang. Kahoo ka mehla re rata ho sebelisa phaposi ea ho itlhatsoa ka nako e tšoanang, ’me nako ea rōna e lekanyelitsoe. Ka mor’a ho ja lijo tsa hoseng ka potlako, ke palama baesekele ea ka ho ea seteisheneng. Khathatso ea ka mehla e qalile. Ke e mong oa letšoele le leholo le eang mosebetsing Hong Kong e phetheselang.
Terene e mphetisa ka potlako meahong ea bolulo e teteaneng le meahong e melelele e nang le batho ba bangata haholo. Joale ke palama bese ho tšela kou. Re tsamaea ka kotopong, ka har’a sephethe-phethe se seholo. Ke ikutloa ke khatholoha hakaakang ha re hlahella Sehleke-hlekeng sa Hong Kong, moo ofisi ea ka e leng teng, setsing se bohareng sa libanka. Leeto lohle le nka nako e ka bang hora ho ea ho hora le halofo, ho itšetlehile ka sephethe-phethe. Qetellong ke fihla mosebetsing ka 9:30. Empa ha ho nako ea ho roba monakeli—thelefono e qala ho lla. Eo ke motho oa pele eo ke tlamehang ho mo thusa letsatsing leo. ’Me seo ke sona se etsahalang letsatsi lohle—thelefono e lla mocha-o-chele ’me ke ka seoelo ke e behang fatše. Joale e se e le nako ea ho khefutsa bakeng sa lijo tsa motšehare.
Joale bothata ke ho fumana setulo ho le leng la mabenkele a lijo a mangata sebakeng seo. Ho bonahala eka motho e mong le e mong o leka ho ja ka nako e tšoanang esita le ho jela sebakeng se tšoanang ’me hangata le tafoleng e tšoanang! Hape, ke jela tafoleng e le ’ngoe le batho bao ke sa ba tsebeng ho hang. Boo ke bophelo ba Hong Kong e petetsaneng. Ka mor’a ho ja ka potlako, empa e le lijo tse mathe-maloli tse phehiloeng Sechaena, ke khutlela ofising.
Ke lokela ho sebetsa ho fihlela ka 5:30, empa seo se etsahala ka seoelo. Joalokaha ho lebelletsoe, qetellong ha ke fumana nako ea ho phomola ’me ke talima nako, ke 6:15. Ka matsatsi a mang ke tsamaea e se e le ka mor’a hora ea bosupa. Ebe joale ho qala leeto la ho khutlela lapeng.
Pele ke palama bese, ebe ke palama terene. Qetellong terene e fihla seteisheneng, ebe ke nka baesekele ea ka. Ha ke ntse ke palame baesekele ho ea lapeng, ke hopola kamoo toropo ea rōna e nyenyane e fetohileng motse o moholo, o phetheselang oa mehla ea kajeno. Matlo a boemo bo tlaase a motse a nketsoe sebaka ke mehaho e melelele, ho tloha ho ea mekato e 20 ho isa ho e 30. Litsela tse khōlō le tse sephara li nkile likarolo tse khōlō tsa sebaka se feela ’me mateano a litsela tse khōlō a tletse makoloi a lerata a nyolosang le ho theosa a sa khaotse. Mokhoa oa bophelo oa boiketlo oa khale o etse ruri.
Ntlo ea rōna e setšeng se senyenyane—se ka tlaase ho li-square mithara tse 28 bakeng sa batho ba tšeletseng ’me ha ke na kamore ea ka ke le mong. Ke ka lebaka leo ke robalang holim’a sofa ka kamoreng ea boikhathollo. Bonyane batsoali ba ka ba na le kamore ea bona ba le bang, ’me bo-khaitseli ba ka ba bararo ba robala libetheng kamoreng ea bona e nyenyane. Ho rōna boinotši ke mabotho-botho.
Esita leha lehae la rōna le le lenyenyane, le ntlafetse haholo ho feta seo re neng re e-na le sona pele, ha kaofela ha rōna re ne re lula kamoreng e le ’ngoe motseng oa matlo a hahiloeng ke ’muso. Empa esita le seo se molemo hakaakang ha se bapisoa le maemo a batho ba likete ba lulang seterekeng sa Mong Kok ba hirang “matlo a entsoeng ka terata a kang lihoko,” a mekato e meraro le a bolelele ba limithara tse 1,8 le botebo ba lisentimithara tse 76 le bophahamo ba lisentimithara tse 76. Bahiri ba na le sebaka sa materase le lintho tse ’maloa feela tsa botho. Ha ba na sebaka sa thepa ea ntlo.
Ka hora ea borobong motho e mong le e mong o se a le lapeng, ’me re lula fatše bakeng sa lijo tsa mantsiboea. Ka mor’a lijo tsa mantsiboea motho e mong o bulela TV. Seo se felisa tšepo ea ka ea ho bala ka khutso le ho ithuta. Ke leta ho fihlela ha batho bohle ba il’o robala ka hora ea 11 bosiu, ebe ke sala ke le mong ka kamoreng ke e-na le khotso le khutso bakeng sa ho tsepamisa mohopolo. Ka khitla le ’na ke itokisetsa ho robala.
Ke ’nile ka sebetsa ho tloha ha ke qeta sekolong lilemong tse ka bang 12 tse fetileng. Ka letsatsi le leng ke tla batla ho nyala, empa ke tlameha ho sebetsa ka thata bakeng sa bophelo hoo ke hlokang esita le nako e lekaneng ea ho ithuta mosali hantle. ’Me joalokaha re bolela, ho fumana sebaka sa bolulo ho thata ho feta ho fofela marung. Le hoja re ithutile ho mamella, mofuta ona oa bophelo bo potlakileng ba motse o moholo ha o bonahale e le oa tlhaho ho ’na. Leha ho le joalo, ke hlokomela hore ke boemong bo molemo ho feta ba batho ba limillione ’me mohlomong ba libillione likarolong tse ling tsa lefatše ba hlokang mahae a loketseng, motlakase, phepelo ea metsi ka tlung, kapa tsamaiso e loketseng ea likhoere-khoere. Ruri re hloka tsamaiso e molemonyana, lefatše le molemonyana le bophelo bo molemonyana.—Joalokaha ho boletse Kin Keung.