Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g88 3/8 leq. 3
  • Ba se Nang Matlo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ba se Nang Matlo
  • Tsoha!—1988
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ba se Nang Matlo Lisosa ke Life?
    Tsoha!—1988
  • Ba se Nang Matlo Na Tšepo e Teng?
    Tsoha!—1988
  • Qaka ea Bolulo e Bakoa ke Eng?
    Tsoha!—2005
  • E Mong le e Mong o Hloka Lehae
    Tsoha!—2005
Bala Tse Ling
Tsoha!—1988
g88 3/8 leq. 3

Ba se Nang Matlo

Bothata Bona bo Tebile Hakae?

HO POTA lefatše, batho ba limillione ba phela matlung a sa lokelang bolulo. Ho ea ka leselinyana la Machaba a Kopaneng le bitsoang Building for the Homeless, lichabeng tse fokolang moruong “karolo e fihlang ho 50 lekholong—metseng e meng e ka ba karolo ea 80 lekholong—ea batho ba leng metseng ea litoropo ba lula mekhoroaneng kapa mekhukhung,” moo ho se nang metsi a lekaneng, mabone, le tsamaiso ea likhoere-khoere. Bophelo bo joang libakeng tse joalo? Bangolli ba Tsoha! ba re etsetsa lipeho tse re behang leseling tabeng ena.

Bombay, India—Mocheso oa letsatsi nakong ea lehlabula o matla haholo bohareng ba toropo ea Bombay. Tlas’a sefate monna, mosali, le lesea ba robetse thōko ho tsela. Liphate tse fokolang, lipitsa tse seng kae, le molora oa mollo o monyenyane li bontša hore sebaka sena se fetohile lehae la bona la nakoana. Ha ba na sebaka se seng. Bareki le batho ba khoebo ba feta lelapa lena mohoalotso. Ho na le batho ba joaloka lelapa lena ba likete tse leshome motseng ona. Naheng eo ho nang le khaello ea matlo a limillione tse 24, 7, ho tloaelehile ho bona batho ba hloka bolulo.

Haufi le moo, litšeng tse bulehileng le mathōkong a litsela tse khōlō le haufi le liporo tsa terene, ho hlonngoe litente tse ngata. Mekotla le marantha li sebelisoa ho etsa tširelo bakeng sa batho ba se nang palo ba hlokang matlo. Haeba ba boholong ba sa felise boemo bo joalo, litente tse tletseng haholo, tse se nang lifenstere, tse entsoeng ka thepa e lahluoeng li tla eketseha. Ba lulang libakeng tse joalo ba batlana le metsi kamehla. Seporo sa terene le libaka tseo ho lahleloang lithole ho tsona li fetoha matloana a bona. Boemo bo batlang bo le molemonyana ke moo ho hlonngoeng mekhoro “eo e seng ea nakoana,” moo bonyane ho nang le lipompo li se kae le matloana.

Gauteng, Afrika Boroa—Ba basoeu ba Afrika Boroa ha ba na bothata ba matlo, ha feela ba ka tseba ho lefella chelete ea oona e phahameng. Leha ho le joalo, ho ea ka buka ea selemo ea ’muso South Africa 1986, “hona joale Afrika Boroa e na le bothata bo boholo ba khaello ea matlo a ba Batšo, haholo-holo libakeng tsa litoropo.” Erekaha batho ba likete ba emetse ho fumana matlo ao ba a ngolisitseng, malapa a mararo ka linako tse ling a lokela ho lula tlung ea likamore tse ’nè kapa lelapa le le leng la litho tse tharo kapa tse ’nè le lokela ho lula kamoreng e le ’ngoe. Ha mora oa lelapa leo a nyala, o lokela ho emela ntlo ea hae eo a e ngolisitseng, a tšepile hore mohlomong e tla tsoa kamor’a lilemo tse peli kapa tse tharo. Khabareng, ho hlokahala hore banyalani bana ba bacha ba lule tlung e le ’ngoe le batsoali ba bona kapa ba iketsetse mokhukhu jareteng eona eo.

Libakeng tse ling, beng ba matlo ba haha mekhukhu e joalo le ho lefisa rente e phahameng haholo. Makhotla a motse a lumella mekhukhu e joalo ka hobane ho se na tsela ea ho hlōla bothata ba patlo ea matlo. Boemo bona bo hōlisa matlo a mekhukhu le bonokoane le mafu. Tlaleho ea sea-le-moea e behile hore masea a 136 ho a mang le a mang a 1 000 a shoa ka baka la ho hlahela ka tlas’a maemo a joalo a mabe—moo ho seng metsi, mohlomong le ntloana e sebelisoa ke malapa a mane kapa a mahlano. Bana ba hōlileng le bona ba angoa ke boemo bona. Ba ithuta ho utsoa le ho sebelisa lithethefatsi ba sa le banyenyane. Botahoa bo ja setsi har’a bacha.

Shanghai, Chaena—Motseng ona o penyaneng haholo lichabeng tsohle tsa lefatše, ho leka ho fumana matlo a lekaneng bakeng sa baahi ba oona ba fetang limillione tse 12 ke phephetso e tšosang ka sebele. Le hoja ’muso o etsa sohle se matleng a oona ho haha matlo a macha, boholo ba batho bo sa ntsane bo lula matlung a manyenyane, a hahiloeng ka bo1930 le bo1940, a shebahalang joaloka matlo a ho bapalisa. Ba penyane motseng o moholo o nang le matlo a hloellaneng, a ka flnyeloang feela ka seo baahi ba Shanghai ba se bitsang litselana. Boholo ba matlo ana ha bo na tsamaiso ea likhoerekhoere, kamore ea ho phehela, kapa ntloana, ’me ha a na mohloli oa ho futhumatsa ntlo, esita le haeba mariha ho ka bata po. Mehaho e moholo eo pele e neng e le ea Mafora le ea Manyesemane e arotsoe ka likamore moo lelapa le le leng le sebelisang kamore, ’me malapa ’ohle a kopanela kichini le kamore ea ho hlapela. Hangata, kamoreng e joalo ho lula maqheku, bana le litloholo.

Ba boholong metseng ba amehile haholo ka ho hahela batho matlo. Hona joale ho lekanyetsoa hore motho a le mong naheng eo o lula sebakeng se lekanang ka hohle sa limithara tse 4 ho ea ho 5, 4. Tekanyetso eo e ka tlase ho pakane ea sechaba ea limithara tse lekanang ka hohle tse 5,9 bakeng sa motho ka mong. Litlaleho li bontša hore Shanghai ho ile ha hahuoa matlo a macha a 6 000 ka 1985, ’me ho sebelisitsoe liranta tse limillione tse 270 ka 1986. Empa ho sa le joalo, batho ba fetang likete tse lekholo ba ngolisitse matlo, ’me ha ho na tsela ea ho bolela hore na ke batho ba bakae ba batlang sebaka seo ba tla se bitsang sa bona.

Sao Paulo, Brazil—Matlo a mekhoro a ja setsi hohle motseng ona. Ka baka la ho felloa ke tšepo, batho ba se nang matlo ba kena mehahong eo e seng ea sechaba le libakeng tse bulehileng ’me ba hloma mekhukhu ea bona, ka linako tse ling ba e hloma haufi le matlo a matle le mehaho e metle ea hona joale. Matlo a mangata a etselitsoeng lelapa a fetotsoe likamore tse hirisoang, hangata ho na le kamore e le ’ngoe ea ho hlapela ’me e sebelisoa ke batho ba ka holimo ho 50.

Lintho li ile tsa senyeha haholo ka ’Mesa ha mapolesa a leleka baahi ba mekhoro ba sa lumeloang ke molao motseng oa Sao Paulo. Ho ea ka koranta O Estado de S. Paulo, maqheku a ne a otloa, basali ba hlothoa ka meriri, bana ba pshatlahanngoa fatše. Ba bangata ba thatafalloa ho hema ka baka la gase ea likeleli e neng e akheloa ka hare ho mekhoro.

Motho leha e le ofe ea e-s’ong ho latsoe masisa-pelo, khatello, le ho hloka tšepo bophelong ba mekhoro, matikiri le mekhukhu (kapa leha e le ka tsela efe eo u khethang ho e bitsa) a thata ho ka nahanoa ke motho leha e le ofe ea e-song ho ka a phela boemong boo. Empa leha ho le joalo, batho ba limillione tse lekholo ba phela ho bona letsatsi le letsatsi.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela