‘Bana ke ba Bohlokoa, Empa Bara ke ba Bohlokoa ka ho Fetisisa’
Ka baahi ba eona ba fetang limillione tse 850 le karolelano ea bana ba 31 ba hlahang har’a batho ba 1 000, India ho hlaha bana ba ka bang limillione tse 26 selemo le selemo, e leng palo e lekanang le ea baahi ba Canada. Ha ho makatse hore e be o mong oa merero e potlakileng ea ’muso ke ho laola lenane le hōlang ka potlako la baahi ba ’ona. O atleha hakae? Tse ling tsa litšitiso tseo o tobanang le tsona ke life?
“PELE Motho a E-ba Lilemo li 20, Che! Ha a se a Fetile Lilemo tse 30, ka Sebele Che! Bana ba Babeli Feela—ba Molemo!” ke keletso e fanoang ke tse ling tsa litšoantšo tse mebala-bala tse manamisitsoeng mathuleng a ntlo-khōlō ea thero ea malapa e Bombay, India. Se seng sa tsona se bontša ’mè ea tšoenyehileng ea pota-potiloeng ke bana ba bahlano. Sea hlokomelisa: “U se ke ua Ikoahlaea Hamorao!” Molaetsa ona o hatella ntlha ena: Bana ba babeli ba lekane bakeng sa lelapa ka leng. Empa ha ho bonolo ho etsa hore batho ba amohele ba be ba sebetse tumellanong le khothalletso ena ea ’muso ea bana ba babeli bakeng sa lelapa ka leng.
Buka Hindu Manners, Customs and Ceremonies e re: “Mahindu a nahana hore tekanyo ea thabo ea motho e itšetlehile ka lanane la bana bao a nang le bona. Har’a ’ona, ka sebele, ho nahanoa hore bana ke tlhohonolofatso ea lelapa. Ho sa tsotellehe hore na motho o na le lelapa le leholo hakae, ha a phetse ho rapella hore le ’ne le eketsehe.” Leha ho le joalo, ho latela pono ea bolumeli, ke ngoana e motona eo e leng oa bohlokoa haholoanyane ho ntate oa lelapa. Buka ena e tsoela pele ho hlalosa: “Ha ho bomalimabe bo lekanang le ba ha motho a sa siee mora kapa setloholo sa moshemane ha a shoa hore se tle se etse mesebetsi ea ho qetela e mabapi le lepato la hae. Ho lumeloa hore ho hloka monyetla o joalo ho ka sitisa motho ka ho felletseng ho kena Lehaeng la Thabo ka mor’a lefu.”
Bara ba boetse baa hlokahala bakeng sa ho ntšetsa pele mokete oa borapeli ba baholo-holo, kapa sraddha. Ho The Wonder That Was India A. L. Basham oa ngola: “Bonyane mora a le mong o ne a hlokahala ka hohle-hohle. Boikutlo bo matla ba lelapa India ea Bohindu bo ne bo phahamisa takatso ea ho ba le bara, bao ka ntle ho bona leloko le neng le ka fela.”
Se seng se tsamaeang le litumelo tsa bolumeli, e leng tloaelo e susumetsang takatso ea ho ba le bara ke tokisetso ea India ea moetlo ea lelapa le kopaneng, le akarelletsang beng ka motho, moo bara ba nyetseng ba tsoelang pele ho lula le batsoali ba bona. Dr. Lalita S. Chopra oa Lekala la Mokhatlo oa ’Masepala oa Bophelo bo Botle le Boiketlo ba Lelapa oa Bombay oa hlalosa: “Barali baa nyaloa ’me ba il’o phela malapeng a ba bohali, empa bara ba sala hae le batsoali ba bona; ’me batsoali ba lebelletse hore bara ba bona ba ba hlokomele nakong ea botsofali ba bona. Sena ke tšireletso ea bona. Batsoali ba ikutloa ba sireletsehile ha ba e-na le bara ba babeli. Ka hona, hoa utloahala hore haeba banyalani ba finyelletse tekanyo ea bana ba babeli ba khothalletsoang, ’me bobeli ba bona e le banana, ho ka etsahala hore ba tsoele pele ho leka ho ba le mora.”
Le hoja ho e-na le khopolo ea hore bana bohle ba talingoa e le mpho e tsoang ho Molimo, linnete tsa bophelo ba letsatsi le letsatsi li bontša ho fapaneng. Indian Express ea tlaleha: “Ho hlokomolohuoa ha banana litabeng tsa phekolo ea meriana ho totobetse. Ha ho nahanoe hore ho tsoela pele ha bona ba ntse ba phela e hlile ke habohlokoa bakeng sa hore leloko le ’ne le tsoele pele.” Tlaleho ena e bua ka phuputso e ileng ea etsoa Bombay e senolang hore har’a limpa tse 8 000 tse ileng tsa ntšoa ka mor’a litlhahlobo tse senolang hore na ngoana ke ngoanana kapa ke moshemane, tse 7 999 e ne e le tsa banana.
Ntoa e Boima
Puisanong e ’ngoe Dr. S. S. Sabnis, motsamaisi oa lekala la bophelo bo botle la Mokhatlo oa ’Masepala oa Bombay, oa hlalosa: “Hangata ke monna ea etsang qeto ea hore na lelapa le tla ba le bana ba bakae le hore na lelapa le tla ba leholo hakae.” Esita leha mosali a ne a ka rata hore ho fete nako e teletsana pele a ka hlahlamisa bana kapa hore a lekanyetse lelapa, o tlas’a khatello ea monna oa hae ea ka ’nang a ba khahlanong le sena. “Ke kahoo re romelang lihlopha tsa banna le basali lelapeng ka leng metseng ea mek’huk’hu ka tšepo ea hore mosebeletsi oa bophelo bo botle oa monna o tla khona ho buisana le ntate oa lelapa le ho mo khothalletsa ho lekanyetsa boholo ba lelapa la hae, a mo thuse ho bona hore a ka fana ka tlhokomelo e molemo haholoanyane ho bana ba ’maloa.” Empa joalokaha re se re bone, ho na le litšitiso tse ngata.
Dr. Sabnis o re: “Har’a batho ba futsanehileng haholoanyane, masea a shoa ka bongata ka baka la maemo a bophelo a seng matle. Kahoo, ka sebele ho na le takatso ea ho ba le bana ba bangata, ka baka la ho tseba hore ba bang ba tla shoa.” Empa bana bana ha ba hlokomeloe hantle. Ba lelera ba sa hlokomeloa, ba kōpa lijo kapa mohlomong ba thonaka lijo tse lahliloeng. Batsoali bona? Dr. Sabnis oa tletleba: “Ha ba tsebe moo bana ba bona ba leng teng.”
India liphatlalatso li atisa ho bontša banyalani ba thabileng, bao ponahalo ea bona e bontšang hore ba atlehile, ba thabela bophelo le bana ba bona ba babeli, hangata e le ngoanana le moshemane, bao ka ho hlakileng ba hlokomelehileng hantle. Ke karolong ena ea sechaba—sehlopha se bohareng—moo khopolo ena ea bana ba babeli e amoheloang hamolemo ke batho ka kakaretso. Empa ha e-eo ho hang likelellong tsa mafutsana, a behang mabaka ka hore: ‘Haeba batsoali ba rōna le batsoali ba bona ba ne ba e-na le bana ba 10 kapa 12, rōna re ka sitoa ke’ng ho ba le bona? Ke hobane’ng ha re lokela ho beheloa tekanyetso ea bana ba babeli feela?’ Ke har’a bongata ba batho ba futsanehileng ba India moo ntoa ea ho laola palo ea baahi e leng boima. Dr. Chopra o bontša hore: “Hona joale baahi ke batho ba bacha ’me ba lilemong tsa ho ba le bana. Ho bonahala eka re ke ke ra hlōla ntoa ena. Re na le mosebetsi o mongata o larileng ka pel’a rōna.”