Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g91 12/8 maq. 3-5
  • “Hopolang Pearl Harbor!”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Hopolang Pearl Harbor!”
  • Tsoha!—1991
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Tora, Tora, Tora”
  • Ho Phethahatsa Tlhaselo ea Tšohanyetso
  • Na e ne e le Tlhaselo ea Tšohanyetso e Tlisang Khotso ea Lefatše?
  • “Li-Hiroshima Ha li sa le Eo!”
    Tsoha!—1991
  • Karolo ea 4—1940-1943 Lichaba li Tsielehile, li Susumetsoa ke Tšabo
    Tsoha!—1987
  • Mpho eo Majapane a Neng a sa e Lebella
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Mohla Maqeba a Nakong e Fetileng a Folang
    Tsoha!—1991
Bala Tse Ling
Tsoha!—1991
g91 12/8 maq. 3-5

“Hopolang Pearl Harbor!”

ENE e le letsatsi le khanyang la Sontaha hoseng Sehleke-hlekeng sa Oahu. Adeline, ngoanana oa Lejapane oa Hawaii ea neng a le sekolong se tlaase, o ne a le ka jareteng eabo toropong ea Honolulu. O ile a bona lifofane tse fetang le mosi li tsoa ka nģa ea Pearl Harbor. Na e ne e le boikoetliso bo bong ba masole?

Baahi ba Oahu ba ne ba tloaetse boikoetliso ba masole le molumo o kang oa lithunya hoo esita le Motlatsi oa Molaoli oa Lifofane le Likepe tsa Ntoa tsa U.S. tsa Pacific, William S. Pye a ileng a hlolisa ka fensetere ea kamore ea hae ’me a re ho mosali oa hae: “Ke ntho e sa tloaelehang hore ebe Masole a ka ikoetlisetsa ho thunya ka Sontaha hoseng.” E ne e le hoseng ha Sontaha sa December 7, 1941.

Moshemane ea lilemo li 13 ha a utloa lifofane li atamela o ile a hlolisa ka fensetere. O ile a tlalehela ntat’ae eo e neng e le molaoli oa Setsi sa Likepe le Lifofane sa Kaneohe: “Ntate, lifofane tseo li na le lilika-likoe tse khubelu.” Ho bona lilika-likoe tse khubelu feela tsa mahlaseli ha letsatsi le chaba lifofaneng tsa Japane tsa Lebotho la Metsing la Moemphera ho ne ho lekane ho hlalosa se etsahalang—tlhaselo ea tšohanyetso!

Molaoli oa Sesole H. E. Kimmel, eo e neng e le molaoli oa Lifofane le Likepe tsa Ntoa tsa Pacific tsa U.S. Pearl Harbor, o ile a amohela tlaleho ea tlhaselo ka thelefono. Sefahleho sa hae se ile “sa soeufala joaloka liaparo tseo a li apereng” ha a ntse a tsielehile, a shebelletse lifofane tsa lira ha li ntse li fofa joaloka bobi ha li ntse li ruthutha likepe tsa habo tsa ntoa ka libomo. O ile a re: “Ke hlile ka tseba li sa tloha feela hore ho na le ntho e tšabehang e etsahalang, hore sena e ne e se tlhaselo ea lifofane tse ’maloa feela tse tsoileng taolong. Sepaka-paka se ne se tletse lifofane tsa lira.”

“Tora, Tora, Tora”

Metsotso e ’maloa pele liqhomane tse kotsi le libomo li senya khutso ea Pearl Harbor, moofisiri ea palameng sefofane sa Japane se lahlelang libomo o ile a bona sehleke-hleke sa Oahu se hlahella thōko mane. O ile a nahana: “Sehleke-hleke sena se tletse khotso haholo hore se ka hlaseloa.”

Leha ho le joalo, lekhalo le ileng la buleha marung le ile la ama Molaoli Mitsuo Fuchida, eo e neng e le moeta-pele oa lebotho la moeeng le hlaselang, ka tsela e fapaneng ka ho felletseng. O ile a nahana: “E tlameha ebe Molimo o na le rōna. E tlameha ebe ke letsoho la Molimo le ileng la hula maru ka ho tobileng ho koahela Pearl Harbor.”

Ka 7:49 hoseng, Fuchida o ile a fana ka taelo ea ho hlasela, “To, To, To,” e emelang “Hlaselang!” ka Sejapane. A kholisehile hore masole a Amerika a ne a hlahiloe lesumatha, o ile a fana ka taelo ea hore ho ntšoe molaetsa oa hore tlhaselo ea tšohanyetso e entsoe—ka mantsoe ana a tloaelehileng ao e neng e le lepetjo le khethehileng “Tora, Tora, Tora” (“Nkoe, Nkoe, Nkoe”).

Ho Phethahatsa Tlhaselo ea Tšohanyetso

Ke joang lebotho le leholo joalo la sesole le kopanyelletsang likepe tse tšeletseng tse nkang lifofane tsa ntoa le ileng la atamela haufi hakaalo ka lik’hilomithara tse 370 ho tloha Oahu ’me la ntša sehlopha sa pele sa lifofane tse hlaselang tse 183, tse ileng tsa phema marang-rang a radar ’me tsa etsa larita Lebothong la Lifofane le Likepe tsa Ntoa tsa Pacific tsa U.S. ka sehlōhō se joalo? Lebaka le leng ke hore lebotho la sesole la Japane le ile la nka tsela e ka leboea ho sa tsotellehe mariha a batang leoatleng le mabifi. Balebeli ba U.S. ba ka leboea ho Pearl Harbor e ne e le ba fokolang haholo. Likepe tse nkang lifofane tsa Japane tsa ntoa li ile tsa boloka boikemisetso bo matla ba ho se sebelise sea-le-moea.

Leha ho le joalo, radar e ne e lebetse sehleke-hleke seo se ileng sa fetoha lebala la ntoa ho bona lifofane leha e le life tse atamelang. Hoo e ka bang ka hora ea bosupa hoseng hoo ho mahlonoko, mafokisi a mabeli a neng a le mosebetsing Opana Mobile Radar Station sehleke-hlekeng sa Oahu a ile a hlokomela litšoantšo tse khōlō ka mokhoa o sa tloaelehang mochineng oa oscilloscope, tse emelang “hoo e ka bang lifofane tse fetang 50.” Empa ha a hlokomelisa Setsi sa Boitsebiso, a ile a bolelloa hore a se tšoenyehe ka seo. Moofisiri ea leng Setsing sa Boitsebiso o ile a nahana hore ke lifofane tse betsang liqhomane tsa Amerika tsa B-17 tse neng li lebelletsoe ho fihla ho tsoa United States.

Ho sa le joalo, na ’muso oa U.S. ha oa ka oa belaela hore ho tla ba le tlhaselo? ’Muso oa Japane o ne o rometse molaetsa oa oona o likarolo li 14 ho baemeli ba oona Washington, D.C., hore ba o ise ho Cordell Hull, mongoli oa litaba tsa ’muso, hantle feela ka 1:00 thapama ho latela Nako e Sebelisoang Bochabela ka December 7, 1941. E tlameha hore ebe e ne e le hoseng ha December 7 Pearl Harbor. Molaetsa ona o ne o e-na le lipolelo tse bolelang hore Japane e ne e tla khaola maqhama a eona le United States ka baka la litaba tsa bohlokoa tsa lipolotiki. Ka mor’a ho khaoletsa molaetsa ona, ’muso oa U.S. o ile oa hlokomela botebo ba boemo bona. Bosiung ba pele ho letsatsi leo la bohlokoa, Franklin D. Roosevelt, eo e neng e le mopresidente oa United States ka nako eo, o ne a se a amohetse likarolo tsa pele tse 13 tsa tokomane eo ba e khaolelitseng. Ka mor’a ho e bala, ka bokhutšoaane feela o ile a re: “Sena se bolela ntoa.”

Le hoja liofisiri tsa U.S. li ne li ikutloa hore Japane e ne e le haufi le ho nka bohato ba ntoa, The New Encyclopædia Britannica e re: “Li ne li sa tsebe nako kapa sebaka seo sena se tla etsahala ho sona.” Ba bangata ba ne ba ikutloa hore sena se tla etsahala kae-kae Bochabela bo Hare, mohlomong Thailand.

Taetsano e neng e behiloe ea 1:00 thapama e ile ea tlameha ho chechisetsoa morao hobane bangoli ba manģosa a ’muso oa Japane ba ile ba ba lenama ha ba thaepa molaetsa oo ka Senyesemane. Ha Japane e neha Hull tokomane eo, nako e ne e se e le 2:20 thapama Washington. Nakong eo Pearl Harbor e ne e se e hlasetsoe ’me ho ne ho e-na le tšabo ea hore e tla boela e hlaseloe ke mokhahlelo oa bobeli oa sesole. Litaba tsa tlhaselo ena li ne li se li finyelletse ho Hull. Ha aa ka a bontša baemeli bao botsoalle ’me ka ho hloka botsoalle o ile a ba neha tsela.

Ho lieha ho fana ka qeto ena eo ho neng ho reriloe hore e be ea makhaola-khang ho ile ha eketsa lehloeo la Amerika ho Japane. Esita le baahi ba bang ba Japane ba ile ba ikutloa hore boemo bona bo fetotse tlhaselo ea Pearl Harbor tlhaselo e nanyetsang ho fapana le tlhaselo ea tšohanyetso setsing sa bohlokoa sa ntoa. Mitsuo Fuchida, molaoli oa lifofane tsa tlhaselo ea pele oa ngola: “Mantsoe ‘HOPOLANG PEARL HARBOR’ a ile a fetoha kano e ileng ea fehla moea oa ntoa ka har’a batho ba Amerika.” O ile a lumela: “Tlhaselo ena e tliselitse Japane tlontlollo e sa kang ea lebaloa esita le ka mor’a hore e hlōloe ntoeng.”

Franklin D. Roosevelt o ile a bitsa December 7 “letsatsi le tla tsoela pele e le sekhobo.” Letsatsing leo Pearl Harbor, likepe tse robeli tsa ntoa tsa U.S. le tse ling tse leshome li ile tsa tebisoa kapa tsa senngoa hampe ’me lifofane tse fetang 140 le tsona li ile tsa senngoa. Majapane a ile a lahleheloa ke lifofane tse 29 ho tse 360 tseo e loanang ka tsona le tse akhelang libomo tse ileng tsa hlasela ka mekhahlelo e ’meli, ho phaella ho likepe tse nyenyane tse tsamaeang ka tlas’a metsi tse hlano. Maamerika a fetang 2 330 a ile a bolaoa, ’me a 1 140 a tsoa likotsi.

Mohoo oa “Hopolang Pearl Harbor!” o ile oa tiisoa khahlanong le Japane ponong ea sechaba sa Amerika. Buka Pearl Harbor as History—Japanese-American Relations 1931-1941 e re: “Kaha ho ne ho e-na le boikutlo bo le bong feela bo sa tšoaneng livoutung tsa Ntlo ea Baemeli ba ’Muso, Sehlopha sa ba Boholong (joaloka batho ba Amerika ka kakaretso) se ile sa ba ntsoe-leng ho tšehetsa Mopresidente Roosevelt boikemisetsong ba ho hlōla sera.” Ho batla ho iphetetsa bakeng sa tlhaselo eo e ne e le lebaka le lekaneng la ho bontša bora bo totobetseng ho Japane.

Na e ne e le Tlhaselo ea Tšohanyetso e Tlisang Khotso ea Lefatše?

Babusi ba Japane ba ile ba lokafatsa liketso tsa bona tse sehlōhō joang? Le hoja ho ne ho bonahala ho le thata ho kholoa seo, ba ile ba bolela hore morero e ne e le ho theha khotso ea lefatše ka ‘ho kopanya lefatše lohle hore e be lelapa le le leng le leholo,’ kapa hakkō ichiu. Sena se ile sa fetoha lepetjo le ileng la susumelletsa Japane tšollong ea mali. Ka 1940 kabinete ea Japane e ile ea bolela hore: “Sepheo se seholo sa leano la batho ba Japane se itšetlehile ka ho thehoa ho tsitsitseng ha khotso ea lefatše tumellanong le moea o motle oa hakkō ichiu oo naha ena e thehiloeng holim’a oona, le mohatong oa pele oa tsosoloso ea taolo e ncha Asia Bochabela e Khōloanyane.”

Ho phaella lepetjong la hakkō ichiu, ho lokolloa ha Asia mebusong ea Bophirima ho ile ha fetoha pakane e ’ngoe e khōlō ea boiteko ba ntoa ba Japane. Ho ne ho nahanoa hore lisosa tsena tse peli ke thato ea moemphera. Bakeng sa ho finyella tlhōlo ena ea lefatše, masole a ile a etsa hore sechaba se futuhele Chaena ’me hamorao se futuhele le mebuso ea Bophirima, ho kopanyelletsa le United States.

Leha ho le joalo, Isoroku Yamamoto, molaoli e moholo oa Lebotho le Kopaneng la Lifofane le Likepe tsa Ntoa la Japane, ka ho talima litaba ka pono ea sebele o ile a fihlela qeto ea hore ha ho tsela eo mabotho a Japane a neng a ka hlōla United States ka eona. O ile a bona monyetla o le mong feela oa ho boloka matla a puso a Japane Asia. O ile a beha mabaka tjena: Lebotho la Metsing la Moemphera le tlameha “ho hlasela le ho ripitla lebotho le ka sehloohong la U.S. la likepe le lifofane tsa ntoa ka matla hang feela ha ntoa e qhoma, e le hore morero oa Lebotho la Metsing la U.S. le oa batho ba eona” li ka “tebisoa hoo li ke keng tsa hlola li fumanoa.” Kahoo ho ile ha hlaha khopolo ea ho hlasela Pearl Harbor ka tšohanyetso.

[Setšoantšo se leqepheng la 4]

Pearl Harbor tlas’a tlhaselo

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

U.S. Navy/U.S. National Archives photo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela