“Li-Hiroshima Ha li sa le Eo!”
LE HOJA Majapane a ne a tletse thabo ka baka la tlhōlo ea Pearl Harbor ’me a ile a hopola sena ha a ntse a hlōla, ka mor’a hore a hlōloe ntoeng, letsatsi leo le ile la lebaloa. Haufinyane ha ho botsoa ’muso oa Japane hore na ke hobane’ng ha o sa kōpa tšoarelo ka baka la tlhaselo ena, mongoli e moholo oa kabinete o ile a arabela: “Ha re bua ho latela pono ea maqiti a ntoa le ka pono e akaretsang, ke ikutloa hore tlhaselo ea Pearl Harbor e ne e se ntho e babatsehang ho hang. Leha ho le joalo, litaba tse amanang le ntoa mahareng a United States le Japane li ile tsa lokisoa ke Selekane sa Khotso sa San Francisco.”
Mantsoe a hae a hlalosa maikutlo a batho ba bang ba Japane ka tlhaselo ea tšohanyetso e ileng ea hlohlelletsa ntoa ea Pacific. Le hoja Majapane a fetang millione a etela Hawaii selemo se seng le se seng, koranta e bitsoang Mainichi Shimbun e tlaleha hore ke batho ba ’maloa feela ba etelang Seemahale sa Sekepe sa United States se Arizona, se ileng sa haheloa ho ikhopotsa tlhaselo ea Pearl Harbor.
Le hoja lepetjo “Hopolang Pearl Harbor!” le hopotsa Maamerika a mang liketsahalo tse bohloko, Majapane a hopola ho hlokofatsoa ha ’ona ka mohoo o reng “Li-Hiroshima ha li sa le Eo.” Libomo tsa athomo tse ileng tsa phatloha ka holim’a metse ea Hiroshima le Nagasaki ka August 1945 ha lia ba le phello e bohloko ho batho ba ileng ba hlaseloa ka ho tobileng feela empa li bile le phello e bohloko ho sechaba kaofela.
Ho utloa liphihlelo tsa batho bao ka bobona e bileng mahlatsipa ho re thusa ho utloisisa maikutlo a bona. Ka mohlala, nahana ka Itoko ea neng a sa tsoa qeta sekolong ’me e le mongoli setsing sa Lebotho la Metsing la Hiroshima. Le hoja a ne a le ka har’a mohaho moo a neng a sebetsa teng, ka tšohanyetso o ile a utloa ho tsekema ha bomo ea athomo joaloka hoja o ile a angoa ke khanya ka boeona. Itoko oa hlalosa: “Ke ne ke sebetsa le masole ho phutha litopo motseng. Koana nōkeng masole a ne a ntse a akhela letlooa a le ka seketsoaneng ’me nako le nako a ne a fumana litopo tse fetang 50 ha a hula letlooa. Re ne re isa litopo lebōpong ebe re li bokella ka liqubu tsa tse hlano ebe rea li chesa. Boholo ba tsona li ne li hlobotse. Ke ne ke thatafalloa ho khetholla banna ho basali ’me melomo ea bona e ne e ruruhile joaloka molomo oa lekau.” Majapane a ke ke a lebala sehlōhō se bakiloeng ke libomo tse peli tsa athomo.
Lebaka Leo ho Ileng ha Sebelisoa Libetsa tse Bolaeang Larita
Moprofesa Shigetoshi Iwamatsu oa Univesithi ea Nagasaki eo ka boeena e leng mohlaseluoa oa bomo ea athomo, o ile a ngolla likoranta tsa Bophirima lilemong tse fetang 20 tse fetileng ho li tsebisa ka boemo ba bahlaseluoa. Asahi Evening News ea tlaleha: “O ile a makatsoa ke likarabo. Halofo ea likarabo e ne e le hore ke libomo tsa athomo tse ileng tsa thibela mabifi a Majapane ’me e ne e le ntho e sa utloahaleng ho bahlaseluoa ba bomo ho etsa boipiletso ba khotso.”
Ha The Encyclopedia Americana e hlalosa lebaka la ho sebelisa libetsa tse bolaeang larita e re: “[Harry S. Truman] o ile a etsa qeto ea ho sebelisa libomo tsa athomo Japane, a lumela hore li ne li tla felisa ntoa kapele le ho pholosa bophelo.” Le hoja a ne a sa iphapanyetse maikutlo a bahlaseluoa ba bomo ea athomo, Kenkichi Tomioka, moqolotsi oa litaba oa Japane ea ileng a tlaleha ka maemo a ka mor’a ntoa, oa lumela: “Ha ke hetla morao mahareng a March/April le August 1945 ha litokisetso tsa ho felisa ntoa li fihla sehlohlolong ’me li beha bokamoso ba sechaba kotsing, re ke ke ra iphapanyetsa karolo e phethahalitsoeng ke litekanyo tse peli tsa moriana oa khalemelo [libomo tsa athomo] oo ka ho khethehileng o ileng oa phekola lihlakana-hlohoana, o ileng oa fuoa batšehetsi ba ntoa ba neng ba batla hore ho bonahale hore na ea matla ke mang bakeng sa ho sireletsa naha. Phehisano ea hore na ea matla ke mang e ka be e boletse gyokusai (ho ikisa lefung ho e-na le ho inehela) ho baahi ba limillione tse 100.”
Leha ho le joalo, ba ileng ba lahleheloa ke baratuoa ba bona ho qhomisoeng ha libomo le ba hlokofatsoang ke mafu a bakiloeng ke mahlaseli a chefu ba ikutloa hore bohloko ba bona bo ke ke ba folisoa ke mantsoe a lokafatsang pikadon, kapa “ho tsekema le ho phatloha ha bomo,” joalokaha baphonyohi ba bitsa libomo tsa athomo. Le hoja e se e le nako e telele ba ntse ba italima e le bahlaseluoa ba se nang molato, baphonyohi ba bang ba bomo ea athomo joale baa hlokomela hore bona joaloka Majapane, ba lokela ho lumela, joalokaha Moprofesa Iwamatsu a tsoela pele ho bolela, hore ho na le “litlōlo tsa molao tseo ba li entseng ka mabifi khahlanong le linaha tse ling tse tikolohong ea Asia le Pacific.” Ka 1990 mohlaseluoa e mong oa bomo o ile a kōpa tšoarelo bakeng sa litlōlo tsa molao tsa ntoa ea Japane ka pel’a sehlopha sa baeti ba tsoang linaheng tse ling lipontšong tsa selemo le selemo tse nyatsang ho sebelisoa ha libomo Hiroshima.
Na ka Sebele ba ne ba E-na le Mabaka a ho Bolaea?
Boikutlo bo matla ba lehloeo la ntoa bo ntse bo setse ka lipelong tsa baphonyohi ba bangata le lipaki tse boneng ka mahlo se etsahetseng Pearl Harbor, Hiroshima, le Nagasaki. Ba bang ha ba hetla morao ba ipotsa hore na ebe linaha tsa habo bona li ne li e-na le mabaka a utloahalang a hore li etse bophelo ba baratuoa ba bona sehlabelo.
E le hore a hlohlelletse ntoa le ho lokafatsa polao, mahlakore ana ka bobeli a ile a qala ho hlaselana ka mantsoe. Maamerika a ne a bitsa Majapane “Majap a bolotsana” ’me a ile a nolofalloa ho fehla lehloeo le ho iphetetsa ka mantsoe ana “Hopolang Pearl Harbor!” Majapane a ile a rutoa hore Manyesemane le Maamerika ke kichiku, ho bolelang hore ke “libatana tsa bademona.” Ba bangata Okinawa ba bile ba leka ho ipolaea ho e-na le ho oela matsohong a “libatana.” Ka ho tšoanang, ka mor’a hore Majapane a inehele, ha mabotho a hlaselang a Amerika a fihla koung e haufi le moo, molaoli o ile a neha Itoko e mocha ea boletsoeng pelenyana litekanyo tse peli tsa chefu ea potassium cyanide. O ile a laela: “U se ke ua iketsa ntho eo masole a naha esele a tla ipapalla ka eona.”
Leha ho le joalo, ka thuso ea metsoalle ea hae ea Majapane a Hawaii, butle-butle Itoko o ile a atolosa pono ea hae ’me a hlokomela hore ka bobeli Maamerika le Manyesemane e ka ba batho ba nang le botsoalle, ba bonolo le ba mosa. O ile a kopana le George, monna oa Ireland ea hlahetseng Singapore, eo ntat’ae a ileng a bolaoa ke Majapane. Ba ile ba tsebana ’me ba nyalana. Ke o mong oa mehlala ea batho ba bangata ba hlokometseng hore bao e neng e le lira pele ke batho ba ratang khotso. Hoja bohle ba ne ba sa talime “lira” ka pono e hlohlelletsoang ke batho ba khothalletsang ntoa, empa ba li talima ka mahlo a hlokang leeme, ba ka be ba ile ba li neha lerato ho e-na le ho li qhomisa ka libomo.
E, khotso e thehiloeng kutloanong ea batho ea hlokahala bakeng sa khotso ea lefatše. Empa ka lebaka la lintoa tse eketsehileng tse ileng tsa loanoa ho tloha ka 1945, ho hlakile hore batho ha baa ithuta thuto ena ea motheo Pearl Harbor le Hiroshima. Leha ho le joalo, esita le khotso mahareng a batho ha ea lekana bakeng sa ho tlisa khotso ea lefatše. Ke eng se hlokahalang? Sehlooho se latelang se tla hlalosa.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 7]
Le hoja lepetjo le reng “Hopolang Pearl Harbor!” le hopotsa Maamerika a mang liketsahalo tse bohloko, Majapane a hopola ho hlokofatsoa ha ’ona ka mohopolo o reng “Li-Hiroshima ha li sa le Eo!”
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 8]
Khotso e thehiloeng kutloanong ea batho ea hlokahala bakeng sa khotso ea lefatše
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Lloyd Barry le Adrian Thompson, baromuoa ba Watch Tower ka pel’a Seemahale sa Khotso sa Hiroshima ka 1950
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Hiroshima e setseng e le lesupi ka mor’a ho phatloloa ke bomo ea athomo
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
U.S. Army/Courtesy of The Japan Peace Museum