Pono ea Bibele
Ho Nyalana Kapa ho Phela Hammoho—Ho Molemo ke Hofe?
“RE TLA nyalana neng?” Hoo e ka bang lilemo tse 35 tse fetileng, mohlomong potso ena e ’nile ea nahanoa ka ho teba ke baratani ba tšepisaneng lenyalo. Leha ho le joalo, kajeno ho ka etsahala hore potso e joalo e botsoe ke batho ba babeli ba neng ba se ba ntse ba phela hammoho. Mehla e fetohile ’me ho joalo le ka maikutlo a mabapi le lenyalo. Ke tsela efe e molemo haholoanyane: Ho kena lenyalong, kapa ho phela le motho eo u ikhethetseng eena?
Liphuputso li bontša hore Brazil, Fora, Sweden, United States, le linaheng tse ling tse ngata, ho phela hammoho ka ntle ho lenyalo ho tloaelehile. E ka ’na eaba ho tumellanong le litšekamelo tsa boitšoaro ba kajeno, empa hase ntho e ncha. Ho hocha ke maikutlo a amanang le mokhoa ona. Seo batho ba bangata ba neng ba se nka e le ho phela sebeng hona joale ba se nka se se kotsi kapa ba se amohela se nepahetse ka ho felletseng.
Ho Phela Hammoho—Na ho na le Melemo?
Batho ba bang ba pheha khang ka hore tokisetso ea ho phela hammoho e molemo, kaha e etsa hore balekane ba tsebane hantle pele ba kena tlamahanong ea nako eohle ea lenyalo. Melemo e meng eo ba bang ba e supang ke hore: E fokoletsa balekane litšenyehelo ka baka la ho arolelana tefo ea rente; e etsa hore ba lokolohe ho batsoali; e fana ka setsoalle se hlokahalang, ho akarelletsa le kamano ea botona le botšehali. Balekane ba sa nyalanang ba seng ba hōlile ba bolela hore ka ho phela hammoho ha ba lahleheloe ke tokelo ea hore ba amohele chelete ea ’muso ea thuso ea sechaba.
Leha ho le joalo, khang e ’ngoe e khōlō mabapi le ho phela hammoho ka ntle ho lenyalo ke ena: Molekane ofe le ofe a ka felisa tokisetso ena ka nako efe le efe ka hore feela a tsamaee. Ha e le hantle, Le Monde ea Sefora e hatisoang letsatsi ka leng e tlalehile hore Sweden le Norway, halofo ea balekane ba phelang hammoho ka ntle ho lenyalo ha ba qete lilemo tse peli ba ntse ba phela hammoho, ’me ba etsang karolo ea 60 ho isa ho 80 lekholong ba arohana pele ho feta lilemo tse hlano.
Lenyalo—Tsela e Molemo Haholoanyane
Batho ba tšehetsang tokisetso ea ho phela hammoho ba ka ’na ba bolela hore lengolo la lenyalo ke “pampiri feela tjee” ntho eo e seng ea bohlokoa hakaalo. Lipale tse tsoelang pele thelevisheneng le libaesekopong, esita le bophelong ba batho ka bomong ba tummeng li boetse li bontša boikutlo bona ka mokhoa o sa tobang. Kahoo, joale a re ke re hlahlobeng bohlokoa ba ’nete ba sena seo ho thoe’ng ke “pampiri feela tjee.”
Ha u kena selekaneng sa khoebo kapa u reka setša kapa u alima e mong chelete, ke hobane’ng ha u etsa litumellano tse ngotsoeng fatše le tse bileng li hlapanyelitsoeng? Lebaka le leng ke la boitlamo bo entsoeng ke batho ba babeli, ’me ho ngola litumellano ho molemo ho bona ka bobeli. Ka mohlala, haeba e mong a e-shoa, a nyamela, kapa a lebala, litumellano e ntse e le tse tlamang ka molao. Le lenyalong ho joalo. Ha e mong oa banyalani kapa bobeli ba bona ba e-shoa, linaheng tse ngata molao o etsa tokisetso bakeng sa litho tsa lelapa tse phelang. Sena ha se atise ho etsahala tokisetsong ea balekane ba phelang hammoho ka ntle ho lenyalo. Ke boitlamo bona bo etsang hore ho be le phapang pakeng tsa ho phela hammoho le lenyalo. ’Me lengolo la lenyalo le hopotsa banyalani ka tlameho eo ea ho ratana, ho hlomphana, le ho hlokomelana le kamano e teng pakeng tsa molao le likano tsa lenyalo.
Mosali e mong ea nyetsoeng o ile a beha taba ka tsela ena: “Mohlomong ke khomaretse mekhoa ea khale, empa boitlamo ba lenyalo bo etsa hore ke ikutloe ke sireletsehile haholoanyane.” O lumellana le seo Molimo o ileng oa se bua ha o kopanya batho ba babeli ba pele hammoho lenyalong: “Ka baka lena, monna o tla tlohela ntat’ae le ’m’ae, o tla khomarela mosali oa hae, ’me e tla ba nama e le ’ngoe feela.”a (Genese 2:24) A bonngoe bo ikhethang! Kahoo, ho ka etsahala hore “nama e le ’ngoe” e be teng feela kamanong e felletseng, e khethehileng, ea molao, ea bophelo bohle—eseng kae kapa kae.
Leha ho le joalo, batho ba bang ba pheha khang ea hore ba tseba balekane ba bangata ba phelang hammoho ba sa nyalana empa ba na le kamano e matla.
“Ha ba ke ba Kene Lenyalong”
Bibele e fana ka lebaka le molemo ka ho fetisisa la hore balekane ba se ke ba phela hammoho ba sa nyalana. Ba-Heberu 13:4 e re: “Lenyalo a le ke le hlomphehe har’a batho bohle, le liphate li hloke litšila; hobane Molimo o tla ahlola babōki [“lihlola,” NW] le bafebi.” Bibele e bolela ka mokhoa o hlakileng le o bonolo hore ho phela hammoho ka ntle ho lenyalo ke bohlola. Ha e le hantle “bohlola” bo bolela eng? Buka e ’ngoe e hlalosang mantsoe e bo hlalosa e le “likamano tsa botona le botšehali tse sa etsoeng pakeng tsa monna le mosali oa hae.” E le hore re ka ba le letsoalo le letle, re tlameha ho latela keletso ena ea Bibele: ‘Molimo o rata hore le tele bohlola.’—1 Ba-Thessalonika 4:3, NW.
Empa ho thoe’ng haeba ba bang ba e-na le bothata ba ho laola litakatso tsa bona tsa botona le botšehali? Moapostola Pauluse o ngotse: “Haeba ba se na boitšoaro, a ba ke ba kene lenyalong, hobane ho molemo ho kena lenyalong ho e-na le ho chesoa ke takatso.” A boela a re: “Empa haeba e mong a nahana hore ha aa itšoara ka tsela e loketseng mabapi le bohlankana kapa boroetsana ba hae, . . . a ba ke ba kene lenyalong.” (1 Ba-Korinthe 7:9, 36, NW) Hlokomela hore Pauluse ha aa ka a re ba lokela ho ‘etsa seo ba se ratang le ho phela hammoho’ empa o itse, “A ba ke ba kene lenyalong.”
Hase hore lenyalo le lokela ho talingoa feela joaloka mokhoa oa ho khotsofatsa litakatso tsa botona le botšehali. Balekane ba lokela ho tsebana pele ba nyalana. Empa le ka etsa see joang ka ntle le hore le phele hammoho? Lefereho le hlomphehang le fana ka monyetla o mongata oa seo. U lokela ho tseba hore na u lebelletse’ng lenyalong le ho molekane oa hao. Litlhoko tsa hao tsa ’mele, boikutlo, le moea ke life? Na motho eo u nahanneng ka eena hore e ka ba molekane oa hao o tla u thusa ho li khotsofatsa?—Mattheu 5:3.
Ka mor’a hore u nahane ka lintlha tse boletsoeng ka holimo, ntle ho pelaelo u tla lumela hore litseleng tsena tse peli—ho phela hammoho kapa ho kena lenyalong—ho kena lenyalong ho molemo haholoanyane. Balekane ba phelang hammoho lenyalong ba ho etsa ka ntle ho letsoalo le molato kapa tšabo, ’me ba thabela ho hlomphuoa ke metsoalle le beng ka bona. Bana ba bona ba ke ke ba tšoenyeha boikutlong ka baka la ho ba bana ba matšeo. ’Me habohlokoa ka ho fetisisa, balekane ba joalo ba thabisa Molimo ka ho bontša tlhompho bakeng sa tokisetso ea oona ea lenyalo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lentsoe la Seheberu da·vaqʹ (“khomarela”) “le na le moelelo oa ho khomarela motho e mong ka lerato le ka botšepehi.” (Theological Wordbook of the Old Testament) Ka Segerike, le tsoa lentsoeng le bolelang “ho khomaretsa,” “ho bitiela,” “ho kopanya hammoho ka tieo.”
[Setšoantšo se leqepheng la 30]
Lechato la lekholong la bo16 la lilemo
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Peasant Wedding, by Pieter Bruegel the Elder, 16th century
With kind permission of the Kunsthistorisches Museum, Vienna