Ba Ile ba Hlolloa ke Seo ba Ileng ba se Bona
LEHLABULENG la selemo se fetileng (karolong e ka leboea ea lefatše) likarolong tse ngata tsa Europe Bochabela esita le likarolong tse hōle tsa Kazakhstan le Siberia, Lipaki tsa Jehova li ile tsa hlokomeloa ka litsela tse ngata tseo ho seng mohla li kileng tsa hlokomeloa ka tsona. Baahi ba metse eo le baeti ba tlileng likopanong metseng eo ba ile ba khahloa haholo, e, ba ile ba hlolloa ke seo ba ileng ba se bona.
Baeti ba tlileng Zagreb ba ile ba bolelloa khafetsa hore: “Re ne re sa nahane hore le tla tla!” Baeti ba bang ba bangata ba ne ba se ba khaolitse ho etsa litokisetso tsa leeto—empa eseng Lipaki tsa Jehova. Mabapi le kopano, The Times ea London e ile ea tlaleha: “Ha e le hantle, ke kopano ea pele ea ho hlophisoa ke Lipaki tsa Jehova naheng eo ho eona ho nang le qhoebeshano.”
Mapolesa e ne e le ’ona a hlolletsoeng ka ho fetisisa. Le leng Zagreb le ile la re: “E tla ba ntho e ntle ho bontša mecha ea phatlalatso se etsahalang lebaleng lena la lipapali, hona mona, moo re bonang Maserbia, Macroat, Maslovenia, Mamontenegro, le ba bang ba lutse hammoho ka khotso.”
Budapest lepolesa le ile la kōptjoa ho bapisa Lipaki tse kopaneng lebaleng le leholo la lipapali le matšoele a tloaelehileng a tlang lipapaling. Le ile la bososela, la sheba holimo ’me la re: “Phapang e leng teng e tšoana le e mahareng a leholimo le lefatše.”
“U bolela’ng?”
Le ile la arabela: “Ak’u shebe. Ha ho motho ea tsubang, ha ho lipampiri le matlakala tse lahletsoeng hohle ’me batho ba mosa. Ba etsa seo u ba kōpang hore ba se etse.”
Kiev, motse-moholo oa Ukraine, ba 14 654 ba ile ba bokana Lebaleng la Lipapali la Dynamo. Paki e ’ngoe e neng e le teng moo e ile ea botsa e mong oa baokameli ba mapolesa hore na basebeletsi ba hae ba ile ba sebetsa ka thata nakong ea kopano. “Che, nakong e tlang re tla romela mapolesa a mabeli feela.”
O ile a botsoa: “A mabeli feela hobane’ng?”
O ile a arabela ka bosoasoi: “Ha le leng le robala, le leng le ka sala le le hlokometse.”
Sechaba se Ile sa Hlolloa
Pesti Hírlap, koranta ea Budapest e ile ea tlaleha: “Batho ba fetang 40 000 ba ile ba jella mafelo-beke ana Népstadion. Ho ne ho sa siuoa leha e le sekotoana sa pampiri, mafoforetsane a bohobe kapa setompi sa sakerete.” Fehérvár Hírlap, koranta e ’ngoe ea motseng oo, e ile ea re: “Ba ileng ba fapohela Népstadion ka tsietsi feela mahareng a July 26 le 28 ka sebele ba ile ba makala ka tsela e thabisang. . . . Ba ne ba ka bona mohlala o bonoang ngope-setšoha oa boitšoaro ba Bokreste le tsela ea bophelo.”
Mafelo-bekeng ao ho ile ha na pula ea matlopo-tlopo Budapest; e ile ea na ka tekanyo ea limilimithara tse 50. Empa ha e-ea ka ea thibela Lipaki. Ho ile ha utoahala lepolesa le leng le re: “Ke ntho e khahlisang! Ke ntho e tsotehang! Ba fihla lenyele-nyele . . . Ha ho ntho e ka ba thibelang.” Ka ’Mantaha koranta e ’ngoe e neng e e-na le sehlooho se seholo se reng, “Thapelo Har’a Pula” e ile ea qotsa mantsoe a baeti ba tlileng kopanong: “Pula e re kolobisa feela, empa ha e etse hore re tsamaee!”
Lvov, moo ba 17 531 ba ileng ba kopana Lebaleng la Lipapali le Bohareng la Ukraine, ofisiri ea ’muso ea sepolesa e ile ea bolella e mong oa Lipaki: “Meketeng e meng ea sechaba moo ho nang le batho ba bangata hakana, re ne re tla hloka mapolesa a makholo-kholo. Bakeng sa kopano ea lōna re bile le a leshome feela, ’me ha e le hantle a ne a hlile a sa hlokahale.”
Joale ha e bontša kamoo e neng e hlolletsoe ka teng ke kopano, ofisiri eo e ile ea hlokomela: “Le atleha haholo ho ruta batho ba bang se leng molemo, le bua ka Molimo, ’me ha le itšunya-tšunye pefong. Re ne re ntse re bua ka hore na ke hobane’ng ha re ne re le hlorisa, ’me re fihletse qeto ea hore re ne re e-s’o ka re le mamela ’me re ne re sa tsebe letho ka lōna.”
Ka mor’a hore moqolotsi oa litaba oa koranta ea Soviet Union Leninskiy Put’ a etele kopano e neng e le Usolye-Sibirskoye, Siberia, o ile a ngola: “E bile ho makatsang ho bona mosa le ho nahanela, haesita le matla a ho ela lintho hloko le ho arabela litlhokong tsa ba bang, tseo bahlanka ba Jehova ba neng ba li bontša e mong ho e mong. Nke ke ka lebala mantsoe a builoeng kopanong: ‘Le se ke la utsoa! Le se ke la bua leshano! Le se ke la noa [ka ho fetelletseng]! Le sebetse ka mafolo-folo! Le thuse baahisani ba lōna!’ Ha e le hantle, ena ke melao-motheo eo batho ka kakaretso ba lokelang ho e phehella. Empa hangata rea e lebala.
“Ntho e ’ngoe e khahlisang e ne e le boikutlo ba boena bo neng bo bontšoa ho ba bang, ho ithaopela ho thusa. Mosali e mong o ile a re neha koranta e le hore re se lule setulong se tletseng lerōle. Ha pula e qala ho na, mofumahatsana e mong ea lutseng haufi le ’na o ile a mpha sekhele sa hae a ntse a bososela, ’me haufi le moo monna e mong o ile a kenya moshanyana e mong ea kolobileng tlepere! tlas’a sekhele sa hae. . . .
“Boemo bo neng bo rena kopanong ka bobona feela bo ile ba etsa hore motho a ikutloe hamolemonyana, a ikutloe e le ea rutehileng haholoanyane, e le ea nang le boitšoaro haholoanyane. E ne e se ntho e ka etsahalang hore u se arabele ka ho bososela moseng o neng o bontšoa ke batho bao u sa ba tsebeng. . . . Re ile ra tloha lebaleng la lipapali re ikutloa re hloekisitsoe, re ikutloa hore re fumane ntho e ntle.”
Bakeng sa kopano e neng e le Kiev, ba fetang 2 000 ba ne ba tsoa Moscow ’me ba ka bang 4 500 ba ne ba tsoa Caucasus. Lefapha la boitsebiso le ile la hlongoa boema-fofane ’me ho ile ha behoa lingoliloeng tsa Bibele moo bohle ba neng ba ka li bona. Ba bangata ba ile ba botsa lipotso tse ileng tsa arabeloa hantle. Mantsiboea a mang monna e mong o ile a atamela ’me a re: “E se e le nako joale ke le behile leihlo. Ke makalitsoe ke mosa oo le buisanang le batho ka ’ona ha le bua ka ’Muso. Ntumelleng hle ho le neha lipalesa tsena e le mpho bakeng sa mosebetsi oa lōna o motle.”
Nakong ea kolobetso kopanong ea Usolye-Sibirskoye, moqolotsi e mong oa litaba o ile a khahloa haholo ha a bona Marussia a mangata a aka le ho lebohela motho ea sa tsoa kolobetsoa eo e neng e le oa sechaba sa Buryat. Le hoja ka kakaretso Siberia e se na leeme la morabe, botsoalle ba sebele mahareng a Marussia le batho ba morabe oa Asia bo fumaneha ngope-setšoha. Moqolotsi eo oa litaba o ile a botsa: “Le nolofalloa joang ho hlōla mekoallo ee ea bochaba?”
O ile a bolelloa: “Ka ho sebelisa molao-motheo oa Bibele o reng, ‘u lokela ho rata moahisani oa hao joalokaha u ithata.’”
Boena ba Machaba
Se neng se thabisa ka ho khethehileng likopanong tse tharo tsa machaba e ne e le botsoalle bo lerato bo neng bo le teng mahareng a baeti ba tsoang likarolong tsohle tsa lefatše. Budapest e bile le baeti ba tsoang linaheng tse 35, ’me boholo ba baeti bo ne bo tsoa Poland le Jeremane, baeti ba bang ba ne ba boetse ba tsoa libakeng tse ling tse ngata ho kopanyelletsa le ba ka bang 500 ba tsoang Soviet Union. Prague e bile le baeti ba tsoang linaheng tse 39 ho kopanyelletsa le ba fetang 26 000 ba tsoang Jeremane, ba ka bang 13 000 ba tsoang Poland, ba fetang 900 ba tsoang Italy, ba 570 ba tsoang Netherlands, ba 746 ba tsoang Sweden, le ba 743 ba tsoang Japane. Zagreb e bile le baeti ba tsoang linaheng tse 15 ho sa tsotellehe tšokelo ea ntoa ea baahi.
Kopanong ka ’ngoe ea machaba ho ne ho e-na le lithala tse tharo lebaleng tse shebileng likarolong tse fapaneng tsa lebala la lipapali. Lithaleng tsena lenaneo lohle le ile la neheloa ka nako e tšoanang ka lipuo tse tharo. Budapest lipuo tsena e bile Sehungary, Sepolishe le Sejeremane; Prague e bile Seczech/Seslovak, Sepolishe le Sejeremane; ’me Zagreb e bile Secroatia/Seserbia, Seslovenia le Setaliana. Nakong ea tšoantšiso ea Bibele e rutang, e neng e thehiloe phihlelong ea Esdrase oa boholo-holo le metsoalle ea hae, baeti ba buang lipuo tse fapaneng ba ne ba ka shebella tšoantšiso ena ba le karolong leha e le efe ea tse tharo moo ba neng ba khetha ho lula teng.
Litho tsa Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova li ile tsa fana ka lipuo tse ngata tsa sehlooho ka Senyesemane ka nako e tšoanang. Setho ka seng se ne se fana ka puo se le sethaleng se le seng sa tse tharo. Ha e le hantle lipuo tsena li ne li fetoleloa molemong oa lihlopha tse buang lipuo tse tharo tse khōlō, ’me Budapest le Prague, li ile tsa fetoleloa lipuong tse ling tse ngata.
Bafetoleli ba fapaneng ba lipuo tsena ba ne ba eme lebaleng ka pel’a sehlopha se buang puo eo. Libuela-hōle tse shebisitsoeng karolong ea ba buang puo eo ka ho khethehileng li ile tsa nolofalletsa motho e mong le e mong hore a utloe puo ea habo a sa sitisoe ke phetolelo ea puo e ’ngoe likarolong tse ling. Ka mohlala, Budapest lipuo tsa litho tsa Sehlopha se Busang li ne li fetoleloa ka Sedutche, Sefinnishe, Sefora, Segerike, Setaliana, Sejapane, Senorwegian, Sepanishe le Seswedishe ho phaella lipuong tse ka sehloohong tsa Sehungary, Sepolishe le Sejeremane.
Kopanong ka ’ngoe ea machaba, puo e phethang e susumetsang e ne e fanoa ke litho tse tharo tsa Sehlopha se Busang. Phephetso eo li neng li talimane le eona e ne e le ho leka ho qeta ka nako e tšoanang ka hohle kamoo ho ka etsahalang. Ka mor’a moo, mantsoe a merabe e fapaneng a ile a kopanela pineng, ’me qetellong lipelo li ile tsa kopanngoa ka thapelo e matla ea ho leboha Jehova Molimo bakeng sa ho hlohonolofatsa likopano tsena tse babatsehang ka katleho.
Ha ho thoe “Amen!” e koalang, ho ne ho se motho ea batlang ho tsamaea. Meokho e ile ea keleketla lifahlehong tsa batho ba likete-kete. Ho haola le mabala a maholo a lipapali, ho ne ho tsokotsoa lisakatuku, lik’hafo le likhele e le tumeliso ea karohano ea metsoalle e ratehang e ileng ea boloka botšepehi ho Molimo ka lilemo tse telele tsa lithibelo le ho koalloa teronkong. Prague metsoalle e mengata e ile ea lula nako e fetang hora e ntse e bina le ho thabela botsoalle.
Katleho e babatsehang ea likopano tsena ha ea itlela feela ka ntle le boiteko. Ka sebele Lipaki tsa Jehova li sebelitse lihora tse makholo a likete eseng feela ho etsa litokisetso tsa ho ba teng empa hape le ho hlokomela lintlha tse ngata-ngata tse nyenyane bakeng sa ho etsa hore likopano tsena e be tse atlehileng.
Ho Lokisa Libaka
Lebala la Lipapali le leholo ka ho fetisisa la Strahov, Prague, leo ka lilemo le sa kang la sebelisetsoa liboka tse khōlō, le ne le le boemong bo bobe haholo bo hlokang ho lokisoa. Ho ne ho e-na le litulo tse 55 000 feela tse ka sebelisoang, ’me li ne li ke ke tsa lekana lenane la batho ba neng ba lebelletsoe ho tla kopanong e khōlō ka ho fetisisa lehlabuleng leo Bochabela Europe. Kahoo ho ile ha fumanoa mochine o moholo o betlang mapolanka, oa lokisoa ’me oa sebelisoa ho etsa libenche tse fetang lik’hilomithara tse 18 bakeng sa batho ba eketsehileng ba ka bang 30 000.
Ho etsa libenche le ho li kenya e ne e mpa e le karolo ea mosebetsi feela. Ho ne ho boetse ho hlokahala hore ho ferefuoe, ho hloekisoe, ho fotholoe litlama-tlama le hore ho lokisoe lintho tse ling ka kakaretso. Qetellong lebala leo la lipapali le ne le khabisitsoe ka lipitsa tsa lipalesa tse 8 300 tse kentseng lipalesa tse 33 200 le lifate tsa mofuta oa phaene tse 1 357. Ka linako tse ling ho ne ho e-ba le basebetsi ba sekete. Ka kakaretso baithaopi ba tsoang liphuthehong tse 260 tsa Lipaki tsa Jehova ba ile ba sebetsa lihora tse fetang 66 000.
Ho ile ha etsoa mosebetsi o tšoanang ho lokisa mabala a mang a lipapali Budapest, Zagreb le metseng e meng. Baithaopi ba ka bang 4 000 ba ile ba sebetsa lihora tse fetang 40 000 mabaleng a kopano Lvov. Mosebetsi oa bona o ile oa nkoa e le tefello ea ho hira sebaka sena. Libenche tsohle tse mabaleng a lipapali li ile tsa lokisoa le ho ferefuoa, ’me matloana ’ohle a ile a hloekisoa le ho lokisoa. Hape, ho ile ha hahoa mohaho oa litene o bolelele ba limithara tse 33 bakeng sa libaka tse eketsehileng tsa matloana. Ka tsela e tšoanang, Lebaleng la Lipapali la Khimik Usolye-Sibirskoye, ho ile ha hahoa matloana a eketsehileng a 52 e le hore a ka sebelisoa nakong ea kopano.
Enjiniere e khōlō lebaleng la lipapali la Lvov e ile ea re: “Bophelong ba ka kaofela ha ho mohla nkileng ka bona batho ba makatsang tjena. Le sebetsa joaloka lelapa le le leng le leholo. Ke sitoa ho utloisisa sena, empa ho sebetsa hammoho le lōna ke ntho e thabisang.” Lefapha la tsamaiso la lebala la lipapali le ile la lokisetsa molaetsa oo le lebohang Lipaki ka oona bakeng sa “boinehelo mosebetsing oo li o entseng le bakeng sa litšoaneleho tsa tsona tse ntle le boikutlo ba boikarabelo.” Molaetsa oo o ile oa qetella ka hore: “Re le lakaletsa kopano e atlehileng Lvov.”
Kiev fuluru ea ntlo eo ho neng ho tla lokisetsoa lijo ho eona e ne e hloka ho lokisoa. Mosebetsi ona o ile oa qetoa ka matsatsi a mabeli. Basebetsi ba babeli ba lebala la lipapali ba ile ba tla ho tla bona “mohlolo,” ba ntse ba bolellana ba re: “Ka matsatsi a mabeli ba phethile mosebetsi o nkang basebetsi ba rōna likhoeli tse tšeletseng hore ba o qete.” Mopresidente oa lipapali tsa metsing o ile a bolella molebeli oa kopano: “Le fetotse lebala lena la lipapali hoo re ke keng ra hlola re le tseba.”
Batsamaisi ba lebala la lipapali Kiev ba ile ba ngola ka kananelo: “Tlhophiso ea kopano ea Lipaki tsa Jehova e re thabisitse ho tsoa pelong. . . . Joalokaha melatsoana e kopana ’me e bōpa molapo o jang litlhokoa, ka ho tšoanang matšoele a Lipaki tsa Jehova a hlaha ka makhalo ’ohle ’me a phallela hammoho moketeng oa ’ona. Sena ke se babatsehang. Re qala ho se bona. Re leboha hore mohlala oa lōna o re rutile ho hong.”
Ho Hlokomela Baeti
O mong oa mesebetsi e meholo ka ho fetisisa e bile ho lokisetsa baeti ba likete marobalo. Lipaki tsa metseng eo li ile tsa amohela baeti malapeng a tsona. Bakeng sa kopano ea Prague, Lipaki tsa Maczech li ile tsa amohela batho ba 6 280 ba tsoang Poland malapeng a tsona. Budapest, baeti ba 2 203 ba ile ba amoheloa malapeng a batho ka ho fapana. Lipaki tse 278 tsa Kiev li ile tsa amohela baeti ba ka bang 750 ho isa ho ba 800.
Ho phaella moo, likolo tse ngata le matlo a boikoetliso ba ’mele a ile a sebeletsa joaloka libaka tsa bolulo Budapest le Prague. Likolo tse fetang 40 Budapest li ile tsa sebelisoa ho neha batho ba 7 930 bolulo. Prague batho ba 12 530 ba ile ba robala likolong le matlong a boikoetliso ba ’mele. Ho ile ha batloa materase a likete a neng a ka sebelisoa mehahong ena. Ba fetang 29 000 ba bileng teng kopanong ea Prague ba ile ba robala liholong tsa bolulo tsa liithuti esita le lihosetele tsa bacha, ’me ba bang ba likete ba ile ba fumana marobalo lihoteleng tse tloaelehileng.
Likopanong tse ling, ho ile ha etsoa litokisetso tsa hore baeti ba robale litereneng tse neng li ba tlisitse. Lipaki tse ka bang 2 000 tse tsoang Zakarpatskaya Oblast li ile tsa sebelisa materoko a terene joaloka libaka tsa tsona tsa marobalo Kiev. Lipaki tse ling tse tsoang Caucasus tse tlileng Kiev li ile tsa etsa se tšoanang. Ka mokhoa o tšoanang, Lipaki tse tsoang Lithuania tse tlileng kopanong Tallinn, Estonia, li ile tsa robala litereneng tse li tlisitseng.
Esita le ha baeti ba se ba fihlile, batho ba ba amohetseng ba nahanelang ba ile ba ba hlokomela ka litsela tse ngata. Ka mohlala, Prague ho ile ha etsoa litokisetso tsa hore ho sebelisoe libese tse 40 ho matlafatsa mocha oa libese oo ka tloaelo o neng o sebelisa bese e le ’ngoe feela. Ho phaella moo, ka baka la ho lefella lipalangoang esale pele baeti ba ile ba tseba ho itsamaela ba sa lefe letho ka ho hlahisa libeche tsa kopano feela lipalangoeng tsa sechaba ho ea kopanong hoseng le mantsiboea. Soviet Union, libese tse 11 tse neng li ea kopanong ea Usolye-Sibirskoye li tsoa haufi le Angarsk li ne li felehelitsoe ke likoloi tse peli tsa balaoli ba sephethe-phethe, e ’ngoe e tsamaea ka pel’a libese ’me e ’ngoe e li setse morao!
Boiteko ba ho ba Teng
Ka ho khethehileng baeti ba bang ba tlileng likopanong tsa Soviet Union ba ile ba lokela ho tsamaea sebaka se selelele ka litšenyehelo tse boima tsa botho. Ba bang ba ile ba boloka chelete selemo sohle bakeng sa ho lefella leeto la bona. Baeti ba bang ba neng ba tsoa koung ea Vladivostok e Leoatleng la Pacific ba ile ba tsamaea lik’hilomithara tse fetang 3 200 ho ea Usolye-Sibirskoye. Baeti ba bang ba 12 ba ne ba tsoa sehleke-hlekeng sa Sakhalin Leoatleng la Pacific ka leboea ho Japane. E mong e ne e le mocha ea lilemo li 20 ea neng a tsamaea le bacha ba bang ba bararo bao a ba khannelang lithuto tsa Bibele.
Mokhanni oa bese oa Sayanogorsk, ea neng a rerile ho kolobetsoa Usolye, o ile a phehella mong’a hae hore a mo nehe matsatsi a se makae e le hore a e’o ba teng kopanong empa mong’a hae o ne a sa ikemisetsa ho mo lokolla. Kahoo monna enoa o ile a ea toropong ea Abakan ’me a fumana kopi ea tokomane ea Soviet Union ea March 27 e bontšang ho ngolisoa ha Lipaki tsa Jehova ka molao e le mokhatlo oa bolumeli. Ho sa tsotellehe ho bona tokomane ena, mong’a hae o ile a ’na a hana ho mo lokolla. Hoseng ha letsatsi leo a tsamaeang ka lona, ka mor’a thapelo e matla, monna enoa o ile a boela a etsa boipiletso ’me qetellong o ile a fumana tumello ea ho tsamaea.
Kolobetso le Litokollo tse Ncha
Kolobetso e bile tšobotsi e thabisang ea likopano tsohle tsa Europe Bochabela. Ka ketso ea tšoantšetso ea ho qoelisoa metsing, batho ba 18 293 ba ile ba iponahatsa phatlalatsa ka pel’a lipaki hore ba nehetse bophelo ba bona ho sebeletsa Jehova Molimo ba sa itšiele letho. Mokolobetsuoa e mong e mocha Prague ea neng a sa tsoa fumana tšepiso ea mosebetsi o motle o ile a hlokomela: “Ke ne ke ikutloa hore ke tlameha ho etsa khetho mahareng a molimo oa boraro-bo-bong oa dolara ea U.S., mark ea Jeremane le sheleng ea Austria le Jehova ka lehlakoreng le leng. Ke ile ka khetha Jehova ’me ka hana tšepiso eo.”
Tallinn kolobetso e ne e tšoaretsoe ka thōko ho letangoana la ho sesa haufi le Leoatle la Baltic moo mohaho o moholo oo khale-khale e neng e le teronko o neng o ntse o bonahala ka morao. Ke hona mona moo Lipaki tse ngata tsa Estonia li ileng tsa bolokoa teng pele li isoa likampong tsa mosebetsi o boima Russia mathoasong a lilemo tsa bo-1950. E bile ntho e thabisang hakaakang, haholo-holo ho ba seng ba hōlile ho bona balumeli ba bacha ba 447 ba tšoantšetsa boinehelo ba bona ho Jehova phatlalatsa!
Tšobotsi e ’ngoe e thabisang ea likopano e bile ho lokolloa ha likhatiso tse ncha. Metsoalle ea Malithuania e neng e le Tallinn e hlile ea raoha litulong tsa eona le ho lla ha e bolelloa hore joale bukana e boholo ba makasine “Bonang, Ntho Tsohle ke li Etsa tse Ncha” e ne e se e fumaneha ka puo ea habo eona. Ka tsela e tšoanang, ntlha ea sehlooho likopanong tsa Romania e bile ho lokolloa ha buka Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi! ka Seromania, ’me e ile ea ba thabo e khōlō ho Maczech le Maslovak a Prague ho amohela New World Translation of the Holy Scriptures ka lipuo tsa ’ona.
Leha ho le joalo, likopanong tse ngata tokollo e ileng ea tlisa thabo e khaphatsehang e bile buka e ncha Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela. Ho se ho hatisitsoe likopi tse limillione tse leshome ka lipuo tse 59.
Ho Sebelisa Tokoloho ka Mokhoa o Loketseng
Kajeno lingoliloeng tsa Bibele li amoheloa ka matsoho a mabeli Europe Bochabela, ho kopanyelletsa le Soviet Union. Literaka tse tletseng Molula-Qhooa le Tsoha! li tloha moahong o moholo oa khatiso oa Lipaki tsa Jehova Selters/Taunus, Jeremane ebe likhatiso tsena li tšela meeli ho ea linaheng tsa Europe Bochabela. Ho fapane hakaakang le nakong eo Lipaki li neng li le kotsing ea ho tšoaroa, ha li ne li lokela ho kenya lingoliloeng tsena ka sekhukhu linaheng tsee!
Puisano e latelang e bileng teng mahareng a mohlanka oa ’muso ea sebetsang moeling le e mong oa Lipaki tsa Jehova ka kopano e neng e le Tallinn e bontša phetoho e babatsehang:
“U tšetse’ng ka lebokoseng leo le lenyenyane?”
“Limakasine.”
“Ke limakasine tsa mofuta ofe? Na ke limakasine tsa Molimo?”
“E, ho joalo, ke tsona.”
“Limakasine tsa Jehova Molimo?”
“E!”
“Jaa’a, ho lokile. Tsamaea.”
Ka mor’a kopano ea Budapest, Arpad Goncz, mopresidente oa Hungary o ile a mema Paki e ’ngoe eo a neng a koalletsoe le eona ka seleng nakong ea khatello ea Bokomonisi hore e mo etele. Monghali Goncz o ile a qeta hora le eona ’me ka mor’a moo a kōpa motho enoa eo a neng a koalletsoe le eena ka seleng ho fetisetsa litakaletso tsa hae tse molemo ho Lipaki tsa Jehova. Ka sebele hohle barati ba tokoloho ea bomolimo ba thabetse hore bahlanka ba teng hona joale ba ’muso ba kang Monghali Goncz, joale ba lumella tokoloho ea borapeli Europe Bochabela.
Ho bontša hore batho ba Jehova ba sebelisa tokoloho ea bona ka ho loketseng, khoeling ea September The New York Times e ile ea hlalosa ketsahalo e etsahetseng St. Petersburg (eo pele e neng e le Leningrad): “’Mino oa morethetho o iketlileng oa pina ‘Summertime’ ea Gershwin o tšela Nōka ea Neva . . . ’Mino o ne o utloahala ha u feta batho ba nonneng ba paqameng letsatsing, bana ba lelekisang lintja, batho ba rekisang litšoantšo tsa boholo-holo tsa St. Petersburg le Lipaki tsa Jehova tse neng li batla basokolohi.”
E, Lipaki li sebelisa tokoloho ea tsona ka mafolo-folo ho bolela litaba tse molemo! Na u lakatsa ho tseba ka ho eketsehileng ka molaetsa oa tsona? Koranta ea Soviet Union Vostochno-Sibirskaya Pravda e ile ea hlalosa: “Makolopetso a eketsehileng mabapi le mosebetsi oa tsona a ka fumanoa libakeng tsa thuto ea Bibele ea Lipaki tsa Jehova motseng o mong le o mong.” Ho sa tsotellehe hore na u lula hokae lefatšeng, u se ke ua tsila-tsila ho botsa.
[Chate e leqepheng la 25]
LIKOPANO TSA EUROPE BOCHABELA LE SOVIET UNION
Naha Tlhōrō ea ba Ba Kolo-
Bileng Teng belitsoeng
Czechoslovakia (Prague) 74 587 2 337
Hungary (Budapest) 40 601 1 134
Poland (metse e 12) 131 554 4 250
Romania (metse e 8) 34 808 2 260
Soviet Union (metse e 7) 74 252 7 820
Yugoslavia (Zagreb) 14 684 492
Kakaretso ea likopano tse 30: 370 486 18 293
[Litšoantšo tse leqepheng la 20, 21]
Ka ho le Letona: Ho fetolela bakeng sa lihlopha tsa lipuo tse fapaneng Prague
Ka Tlaase: Lebala la Lipapali la Strahov, Prague le tletseng baeti ba fetang 74 000
[Litšoantšo tse leqepheng la 22]
Ka Holimo: Kopano Tallinn, Estonia
Kopano ea Budapest, moo baeti ba 40 000 ileng ba thabela lenaneo ho sa tsotellehe hore na maemo a leholimo a joang
[Litšoantšo tse leqepheng la 27]
Ka Holimo: A mang a matloana a neng a hahetsoe ho sebelisoa kopanong ea Usolye-Sibirskoye, Siberia
Ho ferefa lebala la lipapali le ho etsa libenche tse eketsehileng bakeng sa bolulo Prague
[Litšoantšo tse leqepheng la 28]
Tšoantšiso ea Bibele le kolobetso Zagreb
[Litšoantšo tse leqepheng la 29]
Ka Holimo: Ho neheloa ha Holo ea ’Muso ea pele e hahiloeng ke Lipaki Hungary ka June 1991
Bohareng: Ba fetang 20 000 ba ile ba robala likolong le matlong a boikoetliso ba ’mele Budapest le Prague
Ka Tlaase: Ho abjoa ha buka “Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela” Usolye-Sibirskoye, Siberia