Na Moshe o Laotse ka Lere ho Fumana Metsi?
“MOSHE, ea ntšitseng metsi ka ho otla lefika ka lere (Numere 20:9-11), o ’nile a bitsoa motho oa pele ea ileng a sebelisa lere la ho laola bakeng sa ho fumana metsi.” (The Encyclopedia Americana) Ena ke khopolo e hlahellang khafetsa ha ho buisanoa ka taba ea ho laola ka lere la metsi. Morao tjena, makasine oa National Wildlife ka ntle le ho belaela o ile oa bitsa lere la Moshe “lere la ho noha.” ’Me batho ba bang ba sebelisang lere la ho laola ba lumela hore matla a bona a tsoa ho Moshe.
Ka ho fapaneng, Moshe ke eena ea ngotseng molao o khahlanong le bonohe! (Deuteronoma 18:10) ’Me mohlolo o entsoeng Meriba o ne o fapane haholo le ho laola ka lere bakeng sa ho fumana metsi. Batho ba bangata ba sebelisang lere la ho laola ba itšetlehile ka lere ho batla metsi a patehileng; ba le latela hohle, ba le letetse hore le ee holimo le tlaase. Empa ha ho mohla Moshe a ileng a latela lere la hae a letetse hore le ee holimo le tlaase; ha e le hantle, ha aa ka a batla metsi ho hang. Jehova, ’Mōpi oa lefatše le liliba tsa lona tsa metsi a patehileng, o ile a bolella Moshe hantle hore na ke hokae hape ke joang a ka fumanang metsi: Molimo o ile a laela: “U tla bua le lefika, . . . ka sebele le tla ntša metsi a lona.”—Numere 20:8, NW.
Ho feta moo, hangata batho ba sebelisang lere la ho laola ba bolella batho hore ba cheke hokae. Ha lere la Moshe le otla lefika, metsi a ile a phorosela—a lekane ho qeta lenyora la sechaba sohle. Moshe o ile a halefeloa ke Molimo ha a ithorisa bakeng sa mohlolo ona. Ho ne ho tla ba hobe haholo hakaakang haeba a ne a nehile thoriso eo lereng la hae—karolo ea lehong e se nang kutlo!