Ho Laola Ka Lere La Metsi Na ke Saense Kapa ke Bonohe?
“MEHLOLO!” ha bolela joalo rapolasi ea lebese Bophirimela bo hare ba United States. Kalana e tšesaane ea sefate sa perekisi e ne e ea holimo le tlaase ka tsela e matla matsohong a hae. O ile a kenyeletsa manala a hae khoebōng ea eona ho tšoara lekala ka ho tsitsa empa matla a hulelang tlaase a ne a le matla. A hemela holimo ’me a maketse, o ile a re: “E ile ea siea le likaroloana tsa khoebō matsohong a ka.” O ’nile a makala haholoanyane hamorao ha a fumana metsi ka ho cheka sebakeng sona seo lekalana le ileng la supa ho sona. Ho ne ho etsahala eng mona?
Rapolasi o ne a etsa hoo hangata ho bitsoang ho laola ka lere bakeng sa metsi, boloi ba metsi, kapa bonohe ba metsi. Hangata, ea sebelisang lere la ho laola bakeng sa metsi o tšoara lekala le kang feroko matsohong a hae ’me o tsamaea butle, a tebisitse monahano ho batleng metsi. Hang-hang, lere la hae la ho laola le ka etsa ho makatsang. Mare a mang a rutlela fatše ka sekhahla, a mang holimo, esita le ho otla ea le sebelisang sefahlehong kapa sefubeng, ha a mang a sa sisinyehe ho hang. Lebaka leha e ka ba lefe, motho ea sebelisang lere lena bakeng sa ho laola o utloa hore ho na le metsi ka tlaase. Ho laola ka lere bakeng sa ho fumana moo metsi a leng teng ho etsoa lefatšeng lohle. Ho latela ho hakanya ho hong ha lipalo, batho ba sebelisang mare ana ba ka bang 25 000 ba teng United States feela.
Na ke Saense
Na ho na le molao-motheo o itseng oa saense o etsang hore ho laola ka lere ho sebetse? Potso eo e ’nile ea baka khang ka nako e telele. Lilemo tse ka holimo ho tse 70 tse fetileng, makasine oa Molula-Qhooa o ile oa beha mabaka ka tsela ena: “Ha re rate ho ba le boikutlo ba ho nyatsa melao ea tlhaho, empa ho bonahala ho makatsa haholo hore ho qhitsa ha metsi a leng [limithara tse hlano kapa tse tšeletseng] ka tlaase ho mobu ho ka ba le matla a khoheli a lekaneng ho koba lere le lesesaane ha molatsoana o tletseng metsi o ke ke oa ama lere leo ka tsela e tšoanang. . . . Ka hona e tlameha ebe ho na le ntho e itseng e fetang tšebetso ea melao ea tlhaho.”
Ho ntse ho le joalo, batho ba bangata ba sebelisang lere la ho laola ba tsitlella ho bolela hore ho laola ka lere lena ke saense. Ha e le hantle, Mokhatlo oa Amerika oa ba Sebelisang Lere la ho Laola Bakeng sa Metsi o ipitsa “Mokhatlo o sa etseng phaello, oa thuto le saense.” Ho theosa le lilemo, bo-rasaense ba bangata ba ile ba hlahella ba ipiletsa likarolong tse ncha tsa saense ho hlalosa tšebetso ena ea ho laola ka lere bakeng sa metsi. Ka bo-1700 e ne e le “tšusumetso” ea likaroloana tsa athomo tse neng li etsa ho laola ka lere ho sebetse. Ka bo-1800 e ne e le motlakase. Lekholong la rōna la lilemo e bile ntho e ’ngoe le e ’ngoe ho tloha ho radioactivity ho ea ho khoheli ea motlakase ho ea ho matla a kelello ea motho.
Morao-rao tjena, ka 1979, makasine o tsejoang New Scientist o hatisitse likhopolo tse bonahalang li ka lumeloa ka ho laola ka lere. Moeletsi oa tšebetso ea matla le setsebi sa majoe ba ile ba hakanya hore ’mele oa motho ka booona o ka ’na oa ba le kutlo e matla ea liphetoho tse nyenyane tsa libaka tsa motlakase, khoheli, kapa khoheli ea motlakase e bakoang ke metsi kapa tšepe e ka tlaase ho lefatše.a
Empa likhopolo tse joalo li hlōlehile ho fumana kamohelo har’a bo-rasaense. Ha e le hantle, ho The Encyclopedia Americana, bo-rasaense ba Univesithi ea Harvard, E. Z. Vogt le L. K. Barrett ba ile ba qhala ho laola ka lere ka tsela ena: “Liteko tse entsoeng ka ntle le laboratoring li ile tsa hlōleha ho fumana ho nepahala ha ho laola ka lere, ’me ha ho ahloloa ka litekanyetso tsa saense ha e le hantle tšebetso ena ha e-na motheo.” Ka November 1990, batho ba sebelisang lere la ho laola bakeng sa metsi ba ile ba lumela ho etsa liteko tse 720 Kassel, Jeremane. Le hoja ba laolang ka lere la metsi ba ne ba thabela maemo a liteko hape ba kholisehile hore ba tla atleha, ba ile ba hlōleha; ho atleha ha bona ho fumana metsi a ka tlaase le litšepe e bile feela taba ea lehlohonolo. Makasine oa khoeli le khoeli Naturwissenschaftliche Rundschau o ile oa etsa qeto ea hore ha ho laola ka lere la metsi ho ahloloa ka saense, ho “tšepahala joaloka ho akhela chelete ea tšepe holimo.” Liteko tse ling tse joalo li felletse ka tsela e tšoanang.
Ba sebelisang lere la ho laola la metsi ba hlalosa ho hlōleha ho joalo ka litsela tse makatsang. Ka mohlala, ba bang ba tletleba ka hore liteko tseo li etsa hore ba belaele matla a bona kapa li etsa hore ba laole ka lere bakeng sa merero e sa nepahalang kapa e sa tebang ka ho lekaneng. Ba bolela hore mabaka a joalo a etsa hore ba lahleheloe ke matla a bona ka nakoana. Ha e le hantle, batho ba bangata ba sebelisang lere la ho laola ba fumane hore ka mor’a bophelo bohle ba ho laola ka lere la metsi ka mokhoa o atlehileng, ke feela nakong eo ba tlamehang ho paka bonnete ba bona moo matla a bona a felang hang—kapa a ba lahlang. Kahoo ba bang ba etsa qeto ea hore matla a susumetsang ho laola ka lere la metsi a na le boikutlo bo tšehisang ka mokhoa o sa lokang.
Na hona ho utloahala e le saense ho uena? Ho ntse ho le joalo, matla a tlhaho (a lekanyetsoang ka mefuta e tsejoang ea saense) ha a na boikutlo ba ho tšehisa, bo sa lokang kapa ka tsela e ’ngoe; kapa a fetohang a sa lebelloa. A tšoana ka linako tsohle. Ha a feto-fetohe ho ea ka boikutlo, boemo ba kelello, kapa ka maikutlo a ba a lekang. Ka hona, ho bo-rasaense ba bangata ho laola ka lere la metsi ke tumela-khoela—ke phetho. Ha e le hantle, esita le batho ba hlahelletseng ba sebelisang lere la metsi la ho laola ba lumetse hore ha ho matla a tsejoang ke saense a ikarabellang bakeng sa ho laola ka lere la metsi.
Na ke Thetso?
Empa na ho se be teng hona ha tlhaloso ea saense ho bolela hore liketsahalo tsohle tse tlalehiloeng tsa ho laola ka lere la metsi ka mokhoa o atlehileng ke lintho tse etsahetseng ka tsietsi kapa thetso e tebileng? Ho thoe’ng ka phihlelo ea rapolasi e boletsoeng qalong—na e ne e mpa e le thetso, ketsahalo e ikhethang?
Ha e le hantle, tšebetso ea ho laola ka lere la metsi e ile ea hlahisa lipale tse ngata tse ileng tsa pakeloa ka botlalo. Ka mohlala, mosali e mong Vermont o ile a bitsa motho ea sebelisang lere la metsi la ho laola ha mohloli oa metsi ntlong ea hae o khaoha. Kamoo ho bonahalang ka teng peipi e telele e tsoang selibeng se hōle e tlisang metsi tlung e ne e lutla. Mosali o ne a sa tsebe le moo peipi e leng teng—e ne e epetsoe moo lilemo tse 30 tse fetileng—a sa tsebe le moo karolo e phatlohileng e leng teng. Empa motho ea laolang ka lere la metsi o ile a botsa thupa ea hae, ’me e ile ea ea holimo le tlaase sebakeng se itseng. Lisenthimithara tse 15 ho tloha moo, karolo ea peipi e lutlang e ile ea fumanoa.
Mohlomong pale e tsejoang ka ho fetisisa e ama motho ea sebelisang lere la metsi la ho laola ea tsejoang ka ho fetisisa oa Moamerika Henry Gross. Batho ba ithutang ka majoe a lefatše ba ne ba kholisehile hore metsi a hloekileng a ke ke a fumanoa ka tlaase ho mobu Bermuda. The Saturday Evening Post e ile ea tlaleha: “Gross o ile a phetla ’mapa oa Bermuda lelapeng la [mongoli Kenneth] Roberts le Kennebunkport, Maine, ’me a fetisa lere la hae la metsi holim’a oona, a tšoaea libaka tse tharo tseo metsi a hloekileng a ka fumanoang ho tsona . . . Ho tiisa seo a se fumaneng, Gross le Roberts ba ile ba kena sefofaneng ho ea Bermuda, ba phehella ’muso ho ba fa mechine ea ho cheka, ’me ba qala ho sebetsa. Likhoeli tse ’maloa hamorao, ka April 1950, ho ile ha chekoa liliba tse tharo joalokaha Gross a ile a bua.”
Batho ba sebelisang lere la metsi la ho laola ba bolela hore ba fumane metsi a liliba tse likete. Batlalehi ba ’nile ba tsamaea le ba sebelisang lere la metsi la ho laola, ba bone ha lere le ea holimo le tlaase ka matla hoo matsoho a motho ea sebelisang lere lena a ileng a tsoa matsoabali, hape ba utloile batho ba sebelisang lere le joalo ba bolela esale pele botebo ba metsi. Ba bone liliba li chekoa ’me litaba tse boletsoeng esale pele li phethahala. Le hoja saense e sitoa ho fana ka mabaka a tiileng a hore na ke hobane’ng ha ketsahalo ena e makatsang e sebetsa, ka ho hlakileng e-ea sebetsa—bonyane bakeng sa batho ba bang, ka linako tse ling. Hobane’ng?
Histori e Senolang
Histori ea ho laola ka lere la metsi e senola ho hoholo tabeng ena. Ho ka etsahala hore tšebetso ena e bile teng ka lilemo tse likete. Empa e ne e le lekholong la bo16 la lilemo ha ngaka Georgius Agricola a ngola buka mabapi le mosebetsi oa merafong, De Re Metallica, moo tlhaloso ea pele e qaqileng ea ho laola ka lere la metsi e ileng ea tlalehoa. Batho ba sebetsang merafong ba Majeremane ba ne ba sebelisa lere lena ho fumana moo ba ka fumanang lirafshoa tsa tšepe teng. Empa esita le ka nako eo ho ne ho na le khang mabapi le hore na ebe ho laola ka lere la metsi ke tšebetso ea tlhaho kapa ea bonohe. Agricola o boletse hore ba bang ba ne ba hana tšebetso ena, kaha “makalana [mare a metsi a ho laola] a ne a sa sisinyehe bakeng sa motho e mong le e mong, empa feela bakeng sa ba nang le thatho kapa botsebi [ba tsona].” Ha ho laola ka lere la metsi ho ata ho pholletsa Europe, khang e ile ea ata le hona. Martin Luther o ile a ho nyatsa, ’me baeta-pele ba bang ba bolumeli ba ile ba ho nyatsa le bona. Ho khotsofatsa baruti ba joalo, batho ba bang ba sebelisang lere la metsi la ho laola ba ile ba kolobetsa mare a bona, ’me ba ne ba kōpa thuso ea Molimo oa bona oa Boraro-bo-bong ha ba laola ka ’ona.
Batho ba bangata ba sebelisang lere la metsi ba ne ba sa felle feela tabeng ea ho batla metsi le lirafshoa. Ba ile ba fumana mesebetsi e eketsehileng bakeng sa lere la bona. Lekholong la bo17 la lilemo France, Jacques Aymar o ile a qala ho laola ka lere bakeng sa ho fumana batlōli ba molao! Ho tlalehoa hore ka letsatsi le leng o ne a laola ka lere a batla metsi ha lere la hae le qala ho ea holimo le tlaase ka matla lebitleng la mosali ea bolailoeng. Eaba lere lena le supa monna oa mosali enoa, eo ka potlako a ileng a baleha. Aymar—le baetsisi ba hae—ba ile ba sebelisa lere la ho laola ho pepesa batlōli ba molao Europe eohle. Batho ba chesehelang haholo bolumeli ba K’hatholike ba ile ba sebelisa Aymar le lere la hae la ho laola ho ba thusa ho tsoma Maprostanta hore a bolaoe.
Kamano le Bonohe
Ha ho makatse hore esita le mehleng ea Aymar ho ne ho e-na le “litsebi” tse neng li nahana hore li ka hlalosa liketsahalo tse joalo ka saense. Ba ne ba e-na le khopolo ea hore lere la ho laola la Aymar le ne le utloa “litšusumetso” tse makatsang tse hlahellang feela ho babolai, tseo ba ileng ba li bitsa “boikutlo ba babolai.” Leha ho le joalo, ho hlakile hore liketso tsa Aymar li ne li sa amane le saense. Matla a neng a susumetsa seo Aymar a neng a se etsa a ne a le bohlale. A ne a ka khetha batlōli ba molao, ho etsa phapang pakeng tsa Moprostanta le Mok’hatholike, hammoho le ho fumana metsi le lirafshoa.
Ka ho tšoanang, ke joang ntho leha e ka ba efe haese matla a bohlale e ka susumetsang ho laola ka lere la metsi ’mapeng, moo lere le bontšang mehloli ea metsi holim’a ’mapa oa sebaka se hōle? Batho ba bang ba sebelisa lere lena la ho laola bakeng sa ho fumana mekotlana ea bona e lahlehileng ea ho kenya chelete, liphasepote, mabenyane, haesita le batho ka ho supa ’mapeng. Ba bang ba emela karabo ea sesebelisoa sa ho laola ho araba lipotso tse hlokang e kapa che. Ka bo-1960 Sesole sa Likepe tsa U.S. se ne se sebelisa mare a metsi a ho laola ho fumana libomo ka tlaase ho metsi, libomo tse koahetsoeng ka mobu, le mamena ntoeng ea Vietnam. Kajeno, lere la metsi la ho laola le tsejoa haholo joaloka sesebelisoa sa matla a phahametseng a tlhaho. Le sebelisoa ho bolela bokamoso esale pele, ho batla ‘lithotsela,’ le ho hlahloba ‘bophelo ba nako e fetileng.’
Mongoli Ben G. Hester qalong o ne a kholisehile hore ho laola ka lere la metsi e ne e mpa e le “ketsahalo ea sebele e sa tloaelehang e e-song ho utloisisoe.” Empa ka mor’a lilemo tse robeli tsa ho hlahloba taba ena, o ile a ngola buka Dowsing—an Exposé of Hidden Occult Forces. Ho eona o beha sehlopheng se tšoanang lere lena la metsi le lintho tse kang mapolanka a Ouija. O ile a fumana hore batho ba bang ba sebelisang lere la metsi la ho laola ba bolela hore ba tseba ho folisa batho—kapa ho ba kulisa—ka lere la metsi la ho laola! Ka ho tšoanang, ea sebelisang lere lena la metsi la ho laola Robert H. Leftwich o ile a ngola bukeng ea hae Dowsing—The Ancient Art of Rhabdomancy: “Matla a sebelisoang mohlomong a tsoa matleng a . . . sebelisanang haufi le a sebelisoang boloing. Ka hona liteko tse bohlasoa li ka ba kotsi.”
Ho Bakreste ba ’nete, taba e ka holimo e utloahala e sa ba thabise. Ebang ke ’nete kapa ke thetso, ho hlakile hore ho laola ka lere la metsi mabakeng a joalo a bontšitsoeng ka holimo hase saense; ho bonahala e le bonohe. Bo-rasaense Evon Z. Vogt le Ray Hyman ho Water Witching U.S.A. ba ile ba qetella ka hore: “Ka hona re qeta ka hore boloi ba metsi ke taba e hlakileng ea bonohe ba boselamose.”
Na Mokreste o Lokela ho Tšoaseha Tšebelisong ea Lere la Metsi?
Ka ho hlakileng, haeba kannete ho laola ka lere la metsi e le ketso ea ho noha, Mokreste oa ’nete o tla batla ho ho qoba. Molimo o ile a laela batho ba hae, joalokaha re bala Bibeleng ho Deuteronoma 18:10: “Ho se ke ha fumanoa ha eno motho . . . ea phofang, kapa selaoli se laolang, kapa senohe, kapa moloi.” Moprofeta Hosea o ile a llela ho hlōleha ha Baiseraele ho mamela taelo ena, a ngola: “Sechaba sa ka se botsa lehong, lere le araba lipotso tsa bona.”—Hosea 4:12, The Jerusalem Bible.
Leha ho le joalo, ba bang ba ka ’na ba hana ka hore ba mpa ba kenela feela mofuta oa ho laola ka lere o bonolo: ho fumana metsi. Empa na ho laola ka lere bakeng sa ho fumana metsi ho arohile kamanong eohle le bonohe? Ke ho thahasellisang ho hlokomela hore barupelli ba ho laola ka lere ka tloaelo ba ruta liithuti tsa bona ho bolella lere seo ba se batlang ka ho toba, joalokaha eka ba bua le motho ea bohlale. Morupelli e mong oa ho laola ka lere o ile a bolella liithuti tsa hae hore li rehe lere lebitso ’me li le bitse ka lebitso leo! Hangata ba sebelisang lere lena la metsi la ho laola ba botsa mare a bona hore na metsi a botebo bo bokae. Lere le tla qala ho ea holimo le tlaase, ’me motho ea le sebelisang o tla bala makhetlo ao le etsang joalo ka ’ona. Lenane la ho qetela le lekana le botebo ba mohloli oa metsi, ka limithara! Na hona ha ho bontše hore bohlale bo poteletseng bo tšebetsong?
Ho feta moo, ho laola ka lere bakeng sa ho fumana metsi ho ’nile ha amahanngoa le tšebetso e ’ngoe eo Lipaki tsa Jehova li ’nileng tsa hlokomela ho e qoba ka nako e telele—ESP (extrasensory perception [kutlo e fetang e tloaelehileng]). Molula-Qhooa o ile oa hlokomela kamano ena morao ka 1962. Kapele ka morao ho moo, Mokhatlo oa Amerika oa ba Sebelisang Lere la ho Laola o ile oa arabela ka lengolo: “Re lumela khopolo ea hore ho laola ka lere la metsi ke mofuta oa ESP le hore ho kenela mofuta leha e ka ba ofe oa ESP ho ka isa ho ‘laoloeng’ kapa kamanong le ‘matla a mabe a meea’ ntle le haeba tlhokomelo e nepahetseng e nkuoe. Leha ho le joalo, re tlameha ho nyatsa boikutlo ba lōna bo tiileng ba hore [tšebetso ena e] qobjoe ka ho feletseng.”b
Uena u nahana eng? Haeba esita le babuelli ba tiileng ka ho fetisisa ba ho laola ka lere bakeng sa ho fumana metsi ba lumela hore hona ho tsamaisana le kotsi ea ho ameha meeng e mebe e matla kapa esita le ho laoloa ke eona, na Mokreste ha aa lokela ho batla ho qoba tšebetso e joalo?
Ba bang ba ka botsa: ‘Empa na ho laola ka lere ha ho hlahise melemo e mengata? Na boo hase bopaki ba hore matla a susumetsang ho laola ka lere a molemo?’ Ka bomalimabe, ha ho joalo. Hopola, “Satane le eena [o] ikhakanya ka sebopeho se kang sa lengeloi la leseli.” (2 Ba-Korinthe 11:14) Esita le linakong tsa Bibele ka makhetlo a mang bademona ba ne ba leka ho fumana kamohelo le tšusumetso ka ho bua linnete.—Liketso 16:16-18.
Ke ’nete hore re ke ke ra bua ka ho tiea hore ketsahalo e ’ngoe le e ’ngoe ea ho laola ka lere (hammoho le ea ESP) e ke ke ea hlalosoa ka saense ’me e tlameha hore ebe e etsoa ke bademona. Ka ntle le pelaelo, ho sa ntse ho na le ho hongata ka kelello ea motho le matla a tlhaho ho sa ntseng ho sa utloisisoe ke saense. ’Me ha ho pelaelo hore ho sa ntse ho na le liketso tse ngata tsa ho laola ka lere la metsi le tsa ESP tse ka qhaloang ka ho boleloa e le thetso e hlakileng, le e siiuoeng ke nako. Empa kaha histori le liketso tsa hona joale tsa ho laola ka lere li kopane ka ho ke keng ha arohanngoa le bonohe, ESP, le meea, ho hlakile hore ho kotsi haholo hore ho ka qhaloa e le leqheka le se nang kotsi.
Che, ha ho tluoa ho laoleng ka lere bakeng sa ho fumana metsi, mantsoe ana “le se ke la ama sesila” a ntse a bonahala e le keletso e tšoanelehang.—2 Ba-Korinthe 6:17.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Thuto e ’ngoe e joalo e ile ea tlalehoa tokollong ea Awake! ea June 22, 1979.
b Ka 1989 tlaleho e qaqileng mabapi le ho laola ka lere la metsi ho makasine oa The New Yorker e ile ea hlokomela hore kajeno esita le batho ba sebelisang lere lena ba latelang neano ba Amerika ba lumela—ka ho tiea—hore ESP ke matla a susumetsang ho laola ka lere.
[Lebokose le leqepheng la 29]
Na ke Lere la ho Laola?
KAJENO mare a ho laola a ka mefuta e mengata ho fapana le lekala le kang feroko. Batho ba bang ba sebelisang lere la ho laola ba sebelisa lithupa tse peli tsa tšepe tse etsang sefapano ha ba “batla” ntho eo ba e batlang. Ba bang ba sebelisa thupa e kobehileng joaloka seqha matsohong a bona. Ba bang ba sebelisa lintho tsa terata tse fanyehang liaparo. ’Me ba bang ha ba sebelise letho ho hang; ba mpa ba leta boikutlo ba ho feroha kapa boikutlo ba ho tiea ha matsoho a bona. Hape ho na le mare a mangata a entsoeng ka bohlale ba theknoloji ea mehleng ena a rekisoang, a nang le likarolo tsa ho tšoara le sebaka sa ho beha setšoantšo sa ntho e batloang. Ke ’nete hore ho na le mechine e menyenyane e sebelisetsoang ho bona haeba ho e-na le litšetsoana tse itseng linthong. E hloka mohloli oa matla, joaloka libetheri, ’me ka hona ho bonolo ho e arohanya ho mare a ho laola.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 26]
Woodcut of dowser from Georgius Agricola’s De Re Metallica