Pono ea Bibele
“Thupa ea Taeo”—Na e Siiloe ke Nako?
“Bohlanya bo tlameletsoe pelong ea ngoana, empa thupa ea taeo e tla bo falatsa ho eona.”—Liproverbia 22:15.
“Taeo e ’ngoe le e ’ngoe e akarelletsang ho shapa e kotsi boikutlong ’me ha ea lokela ho sebelisoa.”—Parents Anonymous.
HO BUA ha Bibele ka “thupa ea taeo” ho tsosa khang e khōlō. Sena sea utloahala, hobane selemo se seng le se seng bana ba likete baa shoa hobane batsoali ba bona ba ba hleka-hleka ’meleng. Mohlomong lena ke lebaka leo ka lona tlhaloso e ’ngoe ea Bibele ka ho fosahetseng e bolelang hore molao oa Bibele oa ho shapa ke feela “maikutlo a theiloeng litumelong tsa meetlo ea batho ba neng ba phela linakong tsa Bibele.”
Empa likhopolo tsa meetlo ha lia ka tsa bululela Bibele—ke Molimo ea e bululetseng. (2 Timothea 3:16) Na litlhaloso tsa eona ka “thupa ea taeo” ke tse sa utloahaleng? Ke habohlokoa hore re hlahlobe “thupa” tabeng e e potolohileng. Ka mohlala: likoto tse arohaneng tsa jigsaw puzzle ha li bontše letho le nang le kelello. Ke feela ka mor’a ho li kopanya moo motho a ka bonang setšoantšo se felletseng. Ka ho tšoanang, “thupa” ke feela sekoto se le seng sa puzzle. Hore re tle re bone setšoantšo se felletseng, re tlameha ho kopanya “thupa” le melao-motheo e meng ea Bibele e amanang le taeo.
Pono e Leka-lekaneng
Na Bibele e tšehetsa ho shapa feela? Nahana ka keletso e latelang:
• “U se ke oa khopisa bana ba hao.”
• “U se ke ua khalemela bana ba hao ka mokhoa o tlolisang, hoseng joalo u tla ba nyahamisa lipelo.”
Ba bang ba ka ’na ba re: ‘Seo se utloahala hamolemo haholo ho feta keletso ea Bibele.’ Empa ena ke keletso ea Bibele. E ngotsoe ho Ba-Efese 6:4 (The New Jerusalem Bible) le ho Ba-Kolosse 3:21 (Phillips).
E, pono ea Bibele ke e utloahalang. E lumela hore hase ka mehla ho shapa e leng mokhoa o molemohali oa ho ruta. Liproverbia 8:33, (NW) e re, “Mamela taeo” eseng ‘Utloa [feel] taeo.’ ’Me Liproverbia 17:10, (NW) e bontša hore “khalemelo e sebetsa hamolemo ho motho ea nang le kutloisiso ho feta ho otla leoatla halekholo.” Ho feta moo, Deuteronoma 11:19 e khothalletsa taeo e thibelang phoso, e leng ho nka monyetla ha nako e hlaha ka tšohanyeto hore u kenye litekanyetso tsa boitšoaro ka ho bana ba hao. Kahoo, pono ea Bibele ka taeo ke e leka-lekaneng.
Ho Thoe’ng ka “Thupa”?
Leha ho le joalo, Bibele e bua ka “thupa” ea taeo. (Liproverbia 13:24; 22:15; 23:13, 14; 29:15) Sena se lokela ho utloisisoa joang?
Lentsoe “thupa” le fetoletsoe ho tsoa lentsoeng la Seheberu sheʹvet. Ho Baheberu, sheʹvet e bolela thupa kapa lere, le tšoanang le le sebelisoang ke molisa. Ka kutloisiso ena thupa ea bolaoli e bolela tataiso e lerato, eseng e mabifi.—Pesaleme ea 23:4.
Hangata sheʹvet e sebelisoa ka tšoantšetso ka Bibeleng, e emela bolaoli. (2 Samuele 7:14; Esaia 14:5) Ha e lebisitsoe bolaoling ba botsoali, “thupa” ha e bolele ho shapa ka ho khethehileng. E akarelletsa mefuta eohle ea taeo, eo hangata ho sa hlokahaleng hore e be ea ho shapa. ’Me haeba thupa e sebelisoa, hangata ke hobane mekhoa e meng e ipakile e sa atlehe. Liproverbia 22:15 e bolela hore bohlanya bo “tlameletsoe” (“tiisitsoe,” NJB; “metse ka metso,” The New English Bible) pelong ea motho ea shapuoang. Ho ameha ho fetang ho hloka boikarabelo ha bongoana feela.
Taeo e ka Fanoa Joang?
Ka Bibeleng, taeo e amahanngoa le lerato le bonolo, eseng ho halefa le ho befa. Moeletsi ea bohlale ha a fana ka taeo o lokela ho ba “mosa ho bohle, . . . a mamelle ka sebete. A rute ka bonolo ba hanyetsang.”—2 Timothea 2:24, 25.
Kahoo, motsoali haa lokela ho sebelisa taeo bakeng sa ho ntša maikutlo a hae. Ho e-na le hoo, ke tsela ea ho laea. Ka boeona e lokela ho ruta ngoana ea etsang phoso. Ha e fanoa nakong eo motho a halefileng, chapo e joalo e fana ka thuto e fosahetseng. E khotsofatsa tlhoko ea motsoali, eseng ea ngoana.
Ho feta moo, taeo e sebetsang e na le meeli. Jehova o bolella sechaba sa hae ho Jeremia 46:28 (NW) o re: “Ke lokela ho u shapa ho isa tekanyong e loketseng.” Sena se lokela ho hopoloa ka mokhoa o khethehileng ha ngoana a shapuoa. Ho otla kapa ho sulubanya lesea ho ka le ntša kotsi bokong kapa ha le bolaea.a Ho fetela ka ’nģane ho morero oa taeo—e leng ho khalemela le ho ruta—ho ka fella ka ho hleka-hlekoa ha ngoana.b
Bibele ha e Khothalletse ho Hleka-hleka
Pele Jehova a khalemela batho ba hae, o itse: “U se ke ua tšaba, . . . hobane ke na le uena.” (Jeremia 46:28) Taeo ha ea lokela ho etsa hore ngoana a ikutloe e le ea lahliloeng. Ho e-na le hoo, ngoana o lokela ho ba le boikutlo ba hore motsoali o ‘na le eena’ e le mohloli o lerato le o tšepahalang oa khothatso. Haeba ho lumeloa hore thupa ea hlokahala, ngoana o lokela ho utloisisa lebaka leo e sebelisoang ka lona. Liproverbia 29:15 e re: “Thupa le khalemelo li fa motho bohlale.”
Ke ’nete e utloisang bohloko hore kajeno batho ba bangata ba sebelisa “thupa” ea bolaoli ba botsoali hampe. Leha ho le joalo, phoso e ke ke ea fumanoa melao-motheong ea Bibele e leka-lekaneng. (Bapisa le Deuteronoma 32:5.) Ha re nahana ka “thupa” ka kutloisiso ena, rea bona hore e sebeletsa ho ruta bana, eseng ho ba hleka-hleka. Joaloka litabeng tse ling, Bibele e ipaka e na le “molemo oa ho ruta, oa ho kholisa, oa ho laea, le oa ho hōlisa ka khōlo ea ho loka.”—2 Timothea 3:16.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Buka Outgrowing the Pain: A Book for and About Adults Abused as Children ea hlokomelisa: “Ho shapa ngoana ho ka fetoha ho mo hleka-hleka ha ho etsoa ka tsela e se nang taolo, ka mokhoa o ka bakang likotsi. Ho sebelisa lintho tse itseng bakeng sa ho otla, ho teteka ka feisi, ho otla bana ba banyenyane haholo, le ho ba otla libakeng tse ka utloang bohloko habonolo (sefahleho, hlooho, mpa, mokokotlo, litho tsa botona le botšehali) ho ka eketsa monyetla oa hore ho shapa ho fetohe ho hleka-hleka ngoana.”
b Buka Father Power, ea Dr. Henry Biller le Dennis Meredith, ea hlokomela: “Ho hlokahala hore ho shapa ho etsoe ka mokhoa o bonolo hore ho sebetse. Haeba ho etsoa ke motho ea mo ratang le eo a tsebang hore oa mo rata, phello ea tsebo e joalo boikutlong e tla etsa hore ngoana a nahane ka seo a se entseng.”
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 26]
The Bettmann Archive