Melata—U ka e Thusa Joang?
MOQOLOTSI oa litaba Günter Wallraff o ile a ikhakanya joaloka mosebetsi oa Turkey ’me a sebetsa moo ho etsoang tšepe Jeremane. Ha a senola seo a se hlokometseng mabapi le tsela eo melata e tšoaroang ka eona, kapa basebetsi bao e seng ba naha eo, sechaba se ne se tšohile ebile se halefile. O ile a fana ka bopaki ba liketsahalo tse latellanang tsa khethollo e totobetseng le leeme le nyelisang le reretsoeng basebetsi ba melata. Ketsahalong e ’ngoe, o ile a bona ka mahlo ha basebetsi ba Turkey ba laeloa hore ba sebetse sebakeng se kotsi ho sa tsotellehe litemoso tsa kotsi le mabone a makhubelu a lemosang ka kotsi. Ha monna e mong a tšoha ’me a batla ho tloha sebakeng seo, o ile a tšosoa ka hore o tla lelekoa mosebetsing.
Phihlelo ea Wallraff e senola boemo ba melata ka mokhoa o hlakileng. Ha matsoalloa a leng mohau a ntse a hlokomela ka mokhoa o moholoanyane mathata ao batho bao e leng melata ba tobanang le ’ona, ba bangata ba ipotsa hore na ba ka etsa eng ho thusa mojaki le lelapa la hae.
Le re nke Kamoo re Leng ka Teng
Qoba leeme. Ha ho se hahang lerako la ho belaellana pakeng tsa letsoalloa le molata kapele ho feta leeme le akaretsang. Bukeng ea hae Tribal Life Today sengoli Ben Levitas se re: “[Litloaelo] li khopamisa pono ea rōna ea kamoo batho ba bang ba etsang lintho ka teng, haholo-holo ha litloaelo tsa bona li fapana . . . le tseo re li tloaetseng.” O bolela hore ho se tšoane hona “hangata ho etsa hore re be ba tšoaeang ba bang liphoso mabapi le tsela eo ba etsang lintho ka eona.” Helen oa Korea ea falletseng Canada, o hopola ka ho hlakileng letsatsi leo tichere ea hae e halefileng e neng e mo halefela ka baka la ho hlōleha ho etsa mosebetsi oo klase e neng e laetsoe hore e o etse. Helen eo nakong eo a neng a utloile bohloko haholo maikutlong o re: “Ha a ka a hlokomela hore ke ne ke sa utloisise seo a se buang.”
Ho se utloane le mehopolo e inahaneloang ka batho ba merabe e meng hangata li theiloe linthong tse iqapetsoeng eseng ’neteng. Bangoli Mildred Sikkema le Agnes Niyekawa-Howard bukeng ea bona Cross-Cultural Learning & Self-Growth, ba re bolella ka moprofesa e mong oa Amerika ea neng a hlahloba liithuti tsa hae tse ncha tsa melata ka ho li bolella mosoaso o itseng. Ebe u sheba hore na li itšoara joang. Haeba li sa tšehe, hang-hang liithuti tsena li ne li isoa klaseng ea Senyesemane. Bangoli bana ba re: “[Moprofesa enoa] o ne a sa hlokomele hore e le hore motho a ka utloisisa mosoaso oa Amerika o lokela ho tseba litloaelo tsa Maamerika hammoho le puo ea ’ona . . . Ntho e qabolang batho ba litloaelo tse itseng e ka ’na ea bonahala e le mpe ho batho ba litloaelo tse fapaneng le tseo.” Liketso tse etsoang ka sepheo se setle ke matsoalloa li ka ’na tsa bontša ho hloka temoho ha a sebelisana le melata.
Haeba u amohela molata kamoo o leng ka teng, u se na leeme, o tla u ananela bakeng sa ho etsa joalo. Tsela e joalo e tumellanong le molao-motheo o tataisang oo Jesu a buileng ka oona ka mantsoe ana: “U tlameha ho rata . . . moahelani oa hao joalokaha u ithata.” (Luka 10:27, NW) Yasushi Higashisawa, eo e leng ’muelli oa molao Tokyo, Japane, ea sebetsanang le melata, o re hlokomelisa hore “katamelano e haufi le batho ba litloaelo tse ling ke pheko e molemo ka ho fetisisa ea leeme.” Mofuta ona oa katamelano o etsa hore bajaki ba thusoe ka litsela tse ling tse ngata.
Thuso e Sebetsang
Ho na le se sengata seo molata o batlang ho se tseba ka naha ea oona e ncha—tsela ea ho fumana ntlo, ho ithuta puo e ncha, ho fumanela bana sekolo, ho sebelisa litšebeletso tsa bophelo bo botle le tsa sechaba. U ka o lokolla matšoenyehong a sa hlokahaleng ka ho arolelana le oona seo u se tsebang.
Ka mohlala, na u ka thusa molata hore o fumane makala kapa mekhatlo e ka o thusang hore o tloaelane le puo le litloaelo tsa sebaka sa heno? Kapa mohlomong na u ka felehetsa mojaki oa mosali ha a il’o reka ka makhetlo a seng makae a pele hore u ka mo thusa ho fumana lijo le lintho tse sebelisoang ka tlung? Ho thoe’ng ka ho fa lelapa la bajaki keletso mabapi le mokhoa oa ho sebetsana le mehato e rarahaneng ea ho ngolisa bolulo ba bona ka molao, ho fumana mosebetsi, ho tlatsa liforomo tsa lekhetho le lintho tse ling?—Bona mongolo o botlaaseng ba leqephe lebokoseng.
Motho eo u ka mo Tšepang
Ka mehla hoa thusa ho ipotsa: ‘Haeba ke ne ke le naheng e ’ngoe, ke ne ke tla rata ho tšoaroa joang?’ Mantsoeng a tsebahalang a Molao oa Gauda Jesu o itse: “Ntho tsohle tseo le ratang hore batho ba le etse tsona, ba etseng tsona le lōna.” (Mattheu 7:12) Ho ba le motsoalle eo u mo tšepang ha u feta phihlelong ena e boima ea ho fetola tsela ea hau ea bophelo e le hore e ka lumellana le litloaelo tsa naha e ncha ke thuso eo melata e mengata e ka e ananelang. Ho amohela baeti ka mofuthu ho joalo ha letsoalloa ho tlisa melemo. Molao-motheo o mong oa Bible oa bolela: “Ho fana ho tlisa thabo e eketsehileng ho feta ho fuoa.”—Liketso 20:35, NW.
Haeba u e mong oa Lipaki tsa Jehova, mpho e molemo ka ho fetisisa eo u ka e fang molata ke tebello ea boena bo kopaneng. Ka sebele o tla khona ho fumana boitsebiso bo hahang bo ngotsoeng boo u ka bo arolelanang le eena ka puo ea ha habo.
Ho hlakile hore boikarabelo ba ho falla bo itšetlehile haholo-holo ka molata. Empa ka ho nahana e sa le pele, ho na le ho hongata hoo u ka ho etsang ho o thusa hore o ikutloe o lokolohile, kahoo ua etsa hore phihlelo ea ho falla e be e sa ferekanyeng haholo, esita le ho ba e khotsofatsang.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 11]
“Re nahana hore batho ba nang le litloaelo tse sa tšoaneng le tsa rōna . . . ba bona, ba ikutloa, le ho nahana joaloka rōna. . . . Ho hloka kutloisiso ho hongata ho bakoa ke ho nahana hore tsela eo re etsang lintho ka eona ke eo lintho li etsoang ka eona lefatšeng lohle.”—Cross-Cultural Learning & Self-Growth
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 12]
Seithuti se seng ka mor’a hore se be sehleke-hlekeng sa Guam ka nako e itseng se itse: ‘Ke khona ho mamella ka ho eketsehileng mekhoa e mecha ea ho etsa lintho.’—Cross-Cultural Learning & Self-Growth
[Lebokose le leqepheng la 12]
U ka thusa molata ho . . .
▶ lokoloha ka ho o amohela ka mofuthu joaloka moahisani
▶ sebelisana le ba boholong ha o ngolisa bolulo ba oona ka molao*
▶ tlatsa liforomo tsa lekhetho*
▶ fumana mekhatlo e ka o rutang litloaelo tsa sechaba le puo
▶ fumana bolulo
▶ fumana litšebeletso tsa bongaka le tsa sechaba
▶ fumanela bana ba oona sekolo
▶ reka lintho tse hlokahalang ka litheko tse loketseng
▶ fumana mosebetsi
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
Linaha tse ling tse kang Jeremane li na le melao e thata mabapi le motho ea fanang ka keletso litabeng tsa molao, ho fallela naheng e ’ngoe le litaba tsa lekhetho. Lintho tsena li lokela ho hlahlojoa pele u fana ka thuso leha e le efe ho melata mabapi le boemo ba eona ba molao.