Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g92 10/8 maq. 14-16
  • Na Molimo o Arabela Lithapelo Tsa Ka?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Molimo o Arabela Lithapelo Tsa Ka?
  • Tsoha!—1992
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Litšitiso tsa Thapelo
  • Tšebeliso e Fosahetseng ea Thapelo
  • Lithapelo “Ka ho Rata ha Hae”
  • Kamoo Molimo a Arabelang ka Teng
  • Atamela ho Molimo ka Thapelo
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Kamoo U ka Atamelang Haufi le Molimo
    Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng
  • Lithapelo Tse Arabeloang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Thapelo e ka U Thusa ho ba Motsoalle oa Molimo
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
Bala Tse Ling
Tsoha!—1992
g92 10/8 maq. 14-16

Bacha Baa Botsa . . .

Na Molimo o Arabela Lithapelo Tsa Ka?

SANDRA ea lilemo li 11 o re: “Ke batla ho tseba hore na Jehova o arabela lithapelo tsa ka hobane ha ke kholoe hore oa li arabela. Ke tseba bacha ba bang ba bangata ba nang le bothata bo tšoanang.” Alyssa ea lilemo li 15 o kile a ba le bothata bo tšoanang ka thapelo. Oa lumela: “Hangata ke ne ke e-ba le boikutlo ba hore ke ntse ke bua ke le mong.”

Ho latela phuputso ea Gallup ea 1988, bacha ba ka etsang karolo ea 87 lekholong ba United States ba kile ba rapela ka nako e ’ngoe e itseng, empa ke ba ka tlaase ho halofo ba etsang joalo ka mehla. Kamoo ho bonahalang ka teng ba bang ba ba le boikutlo ba hore ho hang lithapelo tsa bona ha li arabeloe. Ka linako tse ling, le uena u ka ’na ua ba le boikutlo ba hore ha ho motho ea mamelang lithapelo tsa hao. Leha ho le joalo, Bibele e re tiisetsa hore, ha motho a etsa thapelo e tiileng ea tumelo, “Ea utloang merapelo” o mametse! (Pesaleme ea 65:2) Empa u ka tseba joang hore ha a mamele feela—a utloa ka mosa empa ha a arabela a etsa ho honyenyane kapa ho hang a sa arabele?

Ka mor’a ho bitsa Molimo Ea Utloang merapelo, mopesaleme o ile a re: “Oho Molimo oa poloko ea rōna, u re arabela ho lokeng ha hao ka liketso tse tšabehang.” (Pesaleme ea 65:5; bapisa le Pesaleme ea 66:19, 20.) Joale, ke hobane’ng ha ba bang ba na le boikutlo ba hore lithapelo tsa bona ha li arabeloe?

Litšitiso tsa Thapelo

E ka ’na eaba lebaka ke ho haella ha kamano ea sebele le Molimo. Bacha ba bang ba belaella le boteng ba hae feela. Ba bang baa lumela empa ba mo talima e le sebōpuoa se hōle, se inahaneloang. Thapelo e ba ntho e etsoang ngope’a setšoha—mohato oa ho qetela maemong a tlokotsi a fetelletseng. Mocha e mong oa Mok’hatholike o re: “Ke lumela ho Molimo. Ha ke le bothateng, ha ke hloka thuso, ka nako tsohle ke kōpa thuso ea Hae.” Mocha e mong o ile a re ka ho toba: “Ka nako tse ling ke rapela feela ha ho na le ntho eo ke hlileng ke e batlang.”

Leha ho le joalo, thapelo e lokela ho ba pontšo ea tumelo, tlhompho, boinehelo, le tšepo—eseng feela ea ho tsieleha kapa ea takatso ea boithati. ’Me ha hoa lekana ho rapela feela hobane u nahana hore e ka ’na eaba Molimo o teng. Bibele e re: “Ea atamelang Molimo e ka khona a lumele hobane o teng, le hoba ke oona moputsi oa ba o batlang.” (Ba-Heberu 11:6) Ba belaelang lithapelo tsa bona ha li arabeloe. (Jakobo 1:6-8) Jehova o mamela ba mo tsebang le ba mo ratang; ha ba emele ho rapela ha ho hlaha maemo a tlokotsi. Joalokaha 1 Ba-Thessalonika 5:17 e eletsa, ha ba ‘phetse ho rapela,’ kapa joalokaha An American Translation e e beha, “ho hang ha ba khaotse ho rapela.”

Ka masoabi, bacha ba bang ba Bakreste ba tseba ka Jehova empa ehlile ha ba e-s’o ka ba theha setsoalle le eena. (Pesaleme ea 25:14) Lithapelo tsa bona e ba tse etsoang ka seoelo, tse sa tsoeng botebong ba pelo, ’me li qetella li sa arajoe. Na see e ka ba ’nete ka lithapelo tsa hao? Haeba ho joalo, ‘atamela Molimo’ ka ho mo tseba. (Jakobo 4:8) Alyssa e mocha, ea boletsoeng pejana, o ne a e-na le lipelaelo ka Jehova. Empa thuto ea botho ea Bibele butle-butle e ile ea hlakola lipelaelo tsa hae ’me ea mo thusa ho hōlisa kamano le Molimo.

Boikutlo le boitšoaro ba motho e ka boela ea e-ba lithibelo tse khōlō tsa thapelo. Mopesaleme o ile a re: “Hola eba ke hopotse bokhopo pelong ea ka, Morena a ka be a sa ka a nkutloa.” (Pesaleme ea 66:18; Liproverbia 15:29) Na e ne e ka ba ho utloahalang ho lebella hore Molimo a arabele lithapelo tsa hao haeba u ne u etsa lintho tse mo khopisang—haeba u ne u sebelisa lithethefatsi, u tsuba, u mamela ’mino o hlephisang boitšoaro, kapa u kopanela boitšoarong bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali? Le hanyenyane. Kahoo Jehova o qhelela thōko lithapelo tsa ba phelang bophelo bo habeli, bao ka boikaketsi ‘ba patang botho ba bona.’ (Pesaleme ea 26:4) O mamela feela ea “phelang ka bokhabane, a etsa ho lokileng, a bolela ’nete kamoo e leng pelong ea hae kateng.” (Pesaleme ea 15:1, 2) Kahoo ha u e-ba le boikutlo ba hore u ntse u bua u le mong ha u rapela, hlahloba bophelo ba hao. Mohlomong u ka ’na ua lokela ho etsa liphetoho tse itseng.

Tšebeliso e Fosahetseng ea Thapelo

Ke lintho tsa mofuta ofe tseo u ka li kōpang ho Molimo? Jesu o ile a re tiisetsa hore: “Ntho tsohle tsee le tla li qela ho Ntate ka lebitso la ka, o tla le fa tsona.” (Johanne 16:23) Lentsoe leo le hohelang—tsohle! Na Molimo o hlile o ikemiselitse ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka nako eo u e batlang joaloka mofuta o itseng oa molimo oa modemona? Na o tla khotsofatsa likōpo tsa hao tsohle, esita le tse se nang kelello? Jesu o ile a bua mantsoe a hae lihora feela pele ho lefu la hae le utloisang bohloko. Ka sebele o ne a sa hopola lithahasello tse se nang kelello! Ka baka leo Jakobo 4:3 e re eletsa khahlanong le ho sebelisa thapelo hampe. E re: “Lea kōpa, ’me ha le fuoe, kahobane le kōpa hampe, ho nkela litakatso tsa lōna.”

Ba bangata kajeno ba sebelisa tokelo ea thapelo hampe. Sehlopha se seng sa sekolo sa basketball se ne se ka khumama bohareng ba lebala la basketball ka mor’a papali e ’ngoe le e ’ngoe ebe se etsa thapelo. Empa na u hlile u nahana hore Molimo ke motšehetsi oa basketball kapa hore a ka theoha boemong ba hae ho kena-kenana le papali e tletseng moea oa tlhōlisano? (Bapisa le Ba-Galata 5:26.) Kapa ho thoe’ng ka mosali eo ho boleloang hore o rapella lieta? O re: “Ka nako tse ling lebenkele la lieta le ka ba le para e le ’ngoe kapa tse peli feela tsa lieta tse ntekanang, ’me haeba ke sa tšoara chelete ka nako eo, ke kōpa Molimo hore a tiise hore ha ke khutla li tla be li ntse li le teng.” Joale, ke ntho e ’ngoe ho rapela ka baka la ho hloka—’me e boetse ke e ’ngoe hape ho lebella hore Molimo a u ele mabenkeleng.

Ka tsela e tšoanang, e ne e ke ke ea e-ba ho loketseng—ebile ho se na thuso—ho rapela hore Molimo a u sireletse khahlanong le kotlo kapa taeo eo u lokelang ho e fumana. (Ba-Heberu 12:7, 8, 11) Kapa hona hore u ka ba le katleho e kaalo ha u kōpa Molimo hore a u fe letšoao le letle tlhahlobong eo u entseng ho honyenyane kapa u sa etsang letho ho itokisetsa eona.—Bapisa le Ba-Galata 6:7.

Lithapelo “Ka ho Rata ha Hae”

Moapostola Johanne o hlalosa ntlha ea bohlokoa ka thapelo: “’Me tšepo e tiileng eo re nang le eona ho eena, ke hobane, ha re kōpa ntho ka ho rata ha hae, oa re utloa.” (1 Johanne 5:14) Thapelo ea Jesu ea mohlala (Thapelo ea Morena) e re fa mohlala oa hore na thapelo e joalo e ka akarelletsa lintho life. O ile a rapella (1) hore lebitso la Molimo le halaletsoe, (2) hore ’Muso oa Molimo o tle, (3) hore thato ea Molimo e phethoe, (4) kabelo ea litlhoko tsa nama le tsa moea, le (5) thuso bakeng sa ho qoba maraba a Satane.—Mattheu 6:9-13.

Motheong ona ho na le lintho tse ngata tse loketseng tse ka rapelloang. Ha e le hantle, 1 Petrose 5:7 e phehella Bakreste ho ‘lahlela lipelaelo tsohle tsa bona holim’a Molimo, hobane oa ba hlokomela.’ Hona ho bolela hore ha e le hantle ho loketse ho rapella karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo ba rōna. Na u lokela ho etsa qeto, e kang ea ho khetha lithuto tsa sekolo? Rapella bohlale ba Molimo. (Jakobo 1:5) Na u entse phoso e booatla? Ha ho le joalo kōpa tšoarelo ea Molimo.—Esaia 55:7; 1 Johanne 1:9.

Empa u tlameha ho sebetsa tumellanong le thapelo ea hao. Nahana ka Clint e mocha. E ile ea e-ba ’moleli oa evangeli oa nako e tletseng ka mor’a ho qeta sekolong se phahameng. O ile a qeta likhoeli a sa fumane motho ea thahasellang ho ithuta Bibele. Kahoo o ile a rapella taba eo. Leha ho le joalo, ha aa ka a lebella hore seithuti sa Bibele se itlele feela ka mohlolo a sa ka a etsa boiteko ba letho. O ile a tsoela pele ka mafolo-folo tšebeletsong ea ntlo le ntlo, ’me ka mor’a nako o ile a fumana batho ba ’maloa ba neng ba rata ho ithuta Bibele.

Kamoo Molimo a Arabelang ka Teng

Ka linako tse ling ketso ea thapelo ka boeona e-ea thusa. Sandy e mocha o ne a e-na le bothata ba ho pholla litho tsa botšehali. O re: “Ho rapela le ho bitsa Jehova hoa nthusa hobane kea tseba hore ka mor’a ho kōpa hore a nthuse hore ke se pholle litho tsa botšehali, ho molemo hore ke se ke ka ba ka etsa joalo.”

Leha ho le joalo, ka linako tse ling ho bonahala eka Molimo o laola liketsahalo e le ho arabela lithapelo. Ka nako e ’ngoe Ken e mocha o ne a hloka ho ea Holong ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova hore a il’o fana ka puo e khutšoaane ea Bibele eo a neng a e abetsoe. Ka bomalimabe, ho ne ho se na motho ea khonang ho mo isa teng ka koloi. O ile a rapela ka tieo ka taba ena. Metsotso e seng mekae hamorao khaitseli ea hae e moholo ho eena, e neng e eta ka seoelo, e ile ea fihla. Le hoja e ne e sa thahaselle bolumeli ba hae, e ile ea mo isa ka koloi. Na ke karabelo e tobileng ea lithapelo tsa hae? Mohlomong. Leha ho le joalo, ka linako tsohle ho loketse ho leboha Molimo ha lintho li re tsamaela hantle. Pauluse oa eletsa: “Lebohang nthong tsohle.”—1 Ba-Thessalonika 5:18.

Leha ho le joalo, u se ke ua lebella hore Molimo a arabele lithapelo tsa hao ka tsela e ’ngoe ea mohlolo. Leha e le hore u lokela ho hlalosa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e fokolang e u etsahallang hore ke pontšo ea thato ea Molimo. Lithapelo tsa rōna hangata li arabeloa ka litsela tse sa hlokomeleheng: U bala ho hong ka Bibeleng kapa lingoliloeng tsa Bibele; motsoali kapa Mokreste-’moho o u fa keletso ea bohlokoa. Bonneteng, ho ka hlokahala bohlale hore u hlokomele thato ea Molimo bakeng sa hao. Hangata lintho lia hlaka hamorao.

E, hamorao! U se ke ua lebella hore Molimo a fane ka karabo ha uena u ikutloa hore o tšoanetse ho fana ka eona. Jeremia o ile a ngola: “Ho molemo ho motho ho lebella le ho lulela pholoso ea Jehova ka sebete.” (Lillo tsa Jeremia 3:26) Ho feta moo, ha ho na tiiso ea hore u tla fumana karabo eo u e batlang. Moapostola Pauluse o ile a kōpa Molimo ka makhetlo a mararo hore a tlose bothata boo a neng a bo bitsa “phatsa e hlabang ka nameng.” Karabo ea Molimo e ne e le che. (2 Ba-Korinthe 12:7-9) Leha ho le joalo, Pauluse ha aa ka a lahleheloa ke kananelo ea mpho ea thapelo empa o ile a tsoela pele tšebeletsong ea Jehova. Ke eena ea ileng a ngola: “Tiisetsang thapelong.” (Ba-Kolosse 4:2) Kahoo “le ’ne le kōpe, . . . le ’ne le batle, . . . le ’ne le kokote.” (Mattheu 7:7, NW) Ka ho etsa joalo u tla atamela haufi le Molimo, ’me u ka fumana le likarabelo tsa lithapelo tsa hao.

[Litšoantšo tse leqepheng la 15]

Thapelo ha e-ea lokela ho akarelletsa likōpo tse se nang kelello tsa lintho tse bonahalang

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela