Metse ea Mek’huk’hu—Linako tse Thata Metseng ea Litoropo e Teteaneng
Ka mongolli oa Tsoha! oa Afrika
NGOANA ea lulang motseng oa mek’huk’hu o hata ka nyao ho theosa le seterata sa motse oa toropo ea Afrika bophirimela. O roetse terei e tšetseng lilamunu tse 24 hloohong. O apesitse ’mele oa hae o mamaraneng ka mose o mosehla oo a o apoletsoeng. O ntse a fufuleloa.
Ka morero oa ho hlōlisana le bacha ba bang ba tsoang malapeng a futsanehileng, o seterateng bakeng sa ho rekisa. Mohoo o tloaelehileng ke o reng: “Rekang lilamunu!” Empa ngoana enoa o thōtse; mohlomong o lapile kapa oa kula kapa u mpa a khathetse.
Ka lehlakoreng le leng banana ba babeli ba kenang sekolo ba apereng mese ea sekolo e meputsoa baa tla. E mong le e mong o roetse likausi tse tšoeu le meqathatso e mesoeu. E mong le e mong o na le mokotlana o tletseng libuka. Banana bana ba tsamaea ka mafolo-folo, ba ntse ba buisana ba thabile. Ha ba hlokomele ngoana enoa, empa eena oa ba hlokomela. O ba sheba ka mahlo a sa bontšeng maikutlo.
Qetellong banana bana ba kenang sekolo ba fihla malapeng a’bo bona a mabotho-botho, a sireletsehileng. Empa ha ngoana enoa a fihla hae, motšehare oa mantsiboea, o tla be a ea sebakeng se fapaneng le seo ka ho felletseng. Ho eena lapeng ke sebakeng sa matlo a teteaneng a entsoeng ka mapolanka le masenke.
Motse oa Mek’huk’hu
Seterata se seholo sa motse ona ke sa tsela e entsoeng ka mobu o thata. Nakong ea lipula, o fetoha seretse. E tšesane haholo hore koloi e ka tsamaea ho eona. Ka thōko ho eona ha ho na seteishene sa mapolesa, lefapha la litima-mollo, setsi sa phekolo ea meriana, le sefate le se seng. Holimo sebakeng ha ho na lithapo tsa motlakase kapa tsa thelefono. Ka tlaase ha ho na lipeipi tsa tsamaiso ea likhoere-khoere kapa ea metsi.
Batho ba bangata. Hohle sebakeng ho tletse mantsoe a entseng lerata. Meqoqo e kopane le ho tšeha, likhang, ho lla le pina. Banna ba apereng liaparo tse tšoeu ba lutse libencheng tse telele, baa qoqa. Basali ba fuluha reisi e ntseng e bela ka lipitseng tse leng holim’a mollo oa patsi. Bana ba tletse hohle—baa bapala, ba robetse, baa sebetsa, baa qoqa, baa rekisa. Bongata ba bona, joaloka ngoana eane ea nkileng lilamunu, le ka mohla ba ke ke ba bona serapa sa polokelo ea liphoofolo, ba palama baesekele, kapa hona ho hlolisa monyako oa sekolo.
Sebakeng seo ka karolelano batho ba phela nako e etsang lilemo tse 42 feela, batho ba sebaka sena ba shoa ba sa le banyenyane. Ngoana ha a le lilemo li robong o pholohile, le hoja monyetla oa ho pholoha lilemo tse ’nè tse qalang tsa bophelo o le monyenyane ka ho fetisisa lefatšeng. Ka nako eo o ne a e-na le menyetla e 40 ho isa ho e 50 ea ho shoa ho feta haeba a ne a hlahetse naheng e tsoetseng pele. Bongata ba lithaka tsa hae ha boa ka ba phela ho fihlela ba e-ba lilemo li hlano. Haeba a phela nako e telele ka ho lekaneng, ho na le monyetla o moholo oa hore a ka shoa nakong ea ho ima ha hae kapa ea ho beleha ho feta mosali oa Europe kapa Amerika Leboea—menyetla e 150 ka holimo.
Batho ba makholo a limillione ba phela metseng ea maqhofa le mek’huk’hu e ntseng e hōla ka lebelo le leholo joaloka oona ona. Ho latela lipalo-palo tsa Machaba a Kopaneng, batho ba limillione tse likete tse 1,3 ba penyane metseng ea litoropo ea linaha tse tsoelang pele moruong, ’me ba eketseha ka ba limillione tse 50 selemo le selemo.
Bophelo Linaheng tse Tsoelang Pele Moruong
Na lehae la hao le na le sebaka sa boinotši, metsi a kentsoeng ka tlung, ntloana? Na ho na le motho ea u hlekelang lithōle? Batho ba makholo a limillione linaheng tse tsoelang pele moruong ha ba fumane litšebeletso tsena.
Metseng ea litoropo e mengata libaka tsa batho ba futsanehileng li teteane hoo e leng ntho e tloaelehileng hore lelapa la batho ba leshome le kopanele phaposi e le ’ngoe. Hangata, batho ba na le sebaka sa bolulo se leng ka tlaase ho square mithara e le ’ngoe. Likarolong tse ling tsa motse o mong oa toropo oa Bochabela, esita le likamore tse nyenyane lia aroloa e le hore ho ka lula batho ba eketsehileng ho tsona, li aroloa ka libethe tse sirelelitsoeng ka litšepe bakeng sa ho boloka boinotši le ho sireletseha ho masholu. Naheng e ’ngoe, tokisetso ea “bethe e chesang” e etsa hore batho ba khone ho hira libethe bakeng sa nako e etsang hora e le ’ngoe e le hore batho ba babeli kapa ba bararo ba ka robala ba ntse ba suthelana letsatsi ka leng.
Ho latela tlaleho ea UNICEF (United Nations Children’s Fund [Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng oa Lithuso tsa Bana]), batho ba limillione tse likete tse 1,2 lefatšeng lohle ba sebelisa metsi a sa sireletsehang. Batho ba limillione ba tlameha ho reka metsi ho batho ba a rekisang kapa ho a kha lilibeng kapa liqanthaneng. Moo metsi a pompo a fumanehang, ka linako tse ling batho ba fetang sekete ba sebelisa pompo e le ’ngoe.
UNICEF e boetse e hakanya hore batho ba limillione tse likete tse 1,7 ha ba na tsamaiso ea matloana. Hase ntho e sa tloaelehang hore ebe karolo ea 85 lekholong ea batho ba lulang metseng ea mek’huk’hu ha ba na matloana. Metseng ea litoropo e mengata ea Afrika le Asia, ho akarelletsa le e mengata e nang le baahi ba fetang millione, ha ho na tsamaiso ea likhoere-khoere ho hang. Mantle a batho a ea lilibeng, linōkaneng, mangopeng, liforong tsa metsi le liphuleng.
Lithōle ke bothata bo bong hape. Metseng ea litoropo ea linaha tse tsoelang pele moruong, karolo ea 30 ho isa ho ea 50 lekholong ea lithōle ha e hlekoe. Libaka tsa batho ba futsanehileng li hlokomolohiloe ka ho fetisisa. Lebaka le leng ke hore mafutsana a lahla lithōle tse seng kae tse ka sebelisoang hamolemo kapa tsa tholoa ke batho ba hlekang lithōle kapa tsa sebelisoa bakeng sa ho etsa ntho e ’ngoe e ka rekisoang. Lebaka la bobeli ke la hore kaha metse e mengata ea batho ba futsanehileng ha e hlokomeloe e le e hahiloeng ka molao, mebuso ha e fane ka litšebeletso tsa sechaba ho eona. Bothata ba boraro ke ba hore libaka tse ngata tsa batho ba futsanehileng, ka baka la sebaka seo li leng ho sona le ho teteana ha tsona, ho thata ho se fa litšebeletso ebile litšebeletso tsa sona li hloka chelete e ngata.
Ke’ng se etsahalang ka lithōle? Li lahleloa literateng, sebakeng se bulehileng, le linōkeng le matamong e le hore li ka bola.
Likotsi tsa Bophelo bo Botle
Boemo bo bobe ba batho ba futsanehileng ba lulang metseng ea litoropo bo fapana ho latela libaka. Leha ho le joalo, ho na le lintho tse tharo tse batlileng li ba teng lefatšeng lohle. Ea pele ke e bontšang hore hase feela hore mahae a bona ha a tlise boiketlo, a kotsi. Buka The Poor Die Young ea bolela: “Bonyane batho ba limillione tse 600 ba phelang metseng ea litoropo ea Linaha tse Tsoelang Pele Moruong ba phela mahaeng ao ho ka thoeng a sokela bophelo le bophelo bo botle le baahelani.”
Ke ka tsela efe matlo a sa khotsofatseng a ntšetsang ho kula pele? Maemo a ho penyana a leng metseng ea litoropo ea batho ba futsanehileng a thusa ho ntšetsa pele ho jaleha ha mafu a kang lefuba, mokakallane, le meningitis. Hape ho penyana ho fetelletseng ho eketsa monyetla oa likotsi tsa ka lapeng.
Ho haella ha metsi a hloekileng a lekaneng ho eketsa mafu a jaloang ke metsi, a kang feberu, lefu la sebete, le letšollo le lefubelu. Ho boetse ho fella ka lefu la letšollo le bang teng linaheng tse tsoelang pele moruong leo ka karolelano le bolaeang ngoana a le mong ka metsotsoana e meng le e meng e 20. Ho haella ha metsi a lekaneng bakeng sa ho hlatsoa le ho tola ho etsa hore ho be bonolo hore batho ba tšoaetsoe mafu a mahlo le letlalo. ’Me le hoja batho ba futsanehileng ba tlameha ho lefa chelete e ngata bakeng sa metsi, chelete ea lijo ea fokola.
Ho silafala ha metsi le lijo ho fella ka mafu a bakoang ke mantle le likokoana tsa ka maleng, tse kang li-hookworm, li-roundworm le manyooa. Lithōle tse sa hlekoeng li hapa tlhokomelo ea litoeba, lintsintsi le maphele. Metsi a emeng ke sebaka seo menoang e jalang malaria le filariasis e atang haholo ho sona.
Tebetebe ea Bofutsana
Ntho ea bobeli e khethollang bophelo ba motse oa mek’huk’hu ke hore ho thata haholo bakeng sa baahi ba oona hore ba ka tsoa ho bona. Batho ba bangata ba tlang motseng oa toropo ke bajaki ba ileng ba susumelletsoa ho falla ke bofutsana. Ka baka la ho se khone ho ba le matlo a itlhomphang, ba qala bophelo ba bona ba metseng ea litoropo ba lula metseng ea maqhofa le ea mek’huk’hu ’me hangata ba lula ho eona bophelo ba bona bohle.
Batho ba bangata ba mahlaha-hlaha ’me ba ikemiselitse ho sebetsa ka thata, empa ha ba na boikhethelo haese ho amohela mesebetsi eo ho eona ba sebetsang lihora tse ngata ’me ba amohela meputso e tlaase. Batsoali ba nang le likhatello tse matla hangata ba isa bana ba bona mosebetsing ho e-na le ho ba isa sekolong, ’me bana ba nang le thuto e tlaase kapa ba sa rutehang ba na le tebello e nyenyane ea ho tsoa boemong boo batsoali ba bona ba leng ho bona. Le hoja bacha ba fumana chelete e nyenyane haholo, hangata ke ea bohlokoa haholo malapeng a’bo bona. Kahoo, bakeng sa batho ba bangata ba futsahehileng ba lulang metseng ea litoropo, ha ho na tšepo e ngata ea hore ba tla ntlafatsa tsela ea bona ea bophelo; pakane ea bona ke ho pholoha letsatsi le letsatsi.
Ha ba Ratoe, ha ba Batloe
Tšobotsi ea boraro ea bophelo ke hore bolulo ba teng ha boa tsitsa. Mebusong e mengata, metse ea mek’huk’hu le ea maqhofa e tlisa lihlong. Ho e-na le ho sebeletsa ho ntlafatsa metse ea mek’huk’hu, hoo e seng hangata ho ka etsahalang, hangata mebuso e romela likhofu hore li heletse mek’huk’hu ena.
Mebuso e ka lokafatsa ho felisa ha eona metse ea mek’huk’hu ka ho bolela hore hoa hlokahala bakeng sa ho ntlafatsa motse, ho tlosa batlōli ba molao kapa ho ntšetsa naha pele. Ho sa tsotellehe hore na lebaka la ho etsa joalo ke lefe, batho ba futsanehileng ke bona ba utloang bohloko. Hangata ha ba na moo ba ka eang teng ’me ba fumana matšeliso a manyenyane kapa ha ba a fumane ho hang. Empa ha likhofu li tlil’o heletsa mek’huk’hu, ha ba na boikhethelo haese ho baleha.
Karolo e Phethoang ke ’Muso
Ke hobane’ng ha mebuso e sa fane ka matlo a lekaneng a nang le metsi, tsamaiso ea likhoere-khoere, le litšebeletso tsa ho hlekoa ha lithōle bakeng sa batho bohle? Buka Squatter Citizen ea arabela: “Linaha tse ngata tse Tsoelang Pele Moruong li na le khaello ea lintho tse hlahisoang ke lefatše kahoo li na le monyetla o fokolang oa ho theha karolo e tsitsitseng le e atlehileng ’marakeng oa lefatše hoo ho ka bang bonolo hore ho belaelloe ka ho teba matla a tsona a ho tsoela pele e le linaha tse ikemetseng. Ho ka ba thata hore motho a tšoaee ’muso phoso bakeng sa ho hlōleha ho khahlametsa litlhoko tsa baahi ba oona ha sechaba sohle se e-na le khaello e joalo ea lintho tse hlahisoang ke lefatše hoo, tlas’a maemo a hona joale, ho nang le khaello ea lintho tse hlahisoang ke lefatše bakeng sa ho etsa hore litlhoko tsa motheo li khahlametsoe.”
Linaheng tse ngata boemo ba moruo boa mpefala. Selemong se fetileng, mongoli kakaretso oa Machaba a Kopaneng ea phomotsoang mosebetsing o ile a tlaleha: “E se e le nako e telele boemo ba linaha tse ngata tse tsoelang pele moruong bo theoha. . . . Hona joale batho ba ka holimo ho [limillione tse sekete] ke mafutsana ka ho felletseng.”
Ho Thoe’ng ka Thuso e Tsoang Linaheng tse Ling?
Ke hobane’ng ha linaha tse ruileng li sa etse ho eketsehileng ho thusa? Ha e bua ka phello ea thuso bofutsaneng, Tlaleho ea Banka ea Lefatše ea Tsoelo-pele ea lumela: “Linaha tse fanang ka thuso e li tsoelang molemo le ho tsoela linaha tse e fumanang molemo [tseo e leng karolo ea 64 lekholong ea thuso eohle e tsoang linaheng tse ka ntle] . . . li fana ka thuso ka mabaka a mangata—a lipolotiki, merero e meholo, khoebo, le kameho bakeng sa boiketlo ba batho. Ho fokotsa bofutsana ke le leng la mabaka, ’me hangata hase lona le ka sehloohong.”
Ka lehlakoreng le leng, esita leha mebuso e khona ho fana ka lithuso tse ka ntlafatsang boemo bo bobe ba batho ba futsanehileng, hase hangata e etsang seo. Bothata bo leng linaheng tse ngata ke ba hore ha ’muso oa sebakeng seo o lokela ho fana ka matlo le litšebeletso, babusi ba leng maemong a phahametseng a ’muso oa sebaka seo ha ba fane ka tumello kapa lithuso bakeng sa ho etsa mosebetsi oo.
Metse ea Litoropo ea Nakong e Tlang
Litsebi li itšetlehile ka litšekamelo tsa mashomeng a lilemo a morao-rao, li bonela-pele bokamoso bo lerotho bakeng sa mafutsana a lulang metseng ea litoropo ea linaha tse tsoelang pele moruong. Li bolela hore ho hōla ka lebelo le leholo ha metse ea litoropo ho tla tsoela pele, ’me mebuso e ke ke ea khona ho kenyetsa baahi ba bangata ba metseng ea litoropo metsi, tsamaiso ea likhoere-khoere, ho ba etsetsa litsela tse tšetsoeng sekontiri, litsi tsa bophelo bo botle, le litšebeletso tsa maemo a tšohanyetso.
Mehaho e eketsehileng e tla hahoa libakeng tse kotsi, tse kang mesikong ea lithaba, libakeng tseo likhohola li bang teng ho tsona kapa tse silafetseng. Batho ba eketsehileng ba tla kula ka baka la ho penyana le maemo a sa tliseng bophelo bo botle. Batho ba eketsehileng ba futsanehileng ba lulang metseng ea litoropo ba tla ba le tšabo e sa feleng ea ho qobelloa ho tloha moo ba lulang teng.
Na see se bolela hore ha ho na tšepo bakeng sa baahi ba metse ea mek’huk’hu ba tšoanang le ngoanana eloa ea rekisang lilamunu ea hlalositsoeng qalong ea puisano ee? Le hanyenyane!
Phetoho e Khōlō ea Tla
Lentsoe la Molimo, Bibele le bontša hore phetoho e khōlō e molemonyana e tla tla—’me haufinyane. Phetoho ena e ke ke ea tlisoa ke boiteko ba mebuso ea batho, empa e tla tlisoa ke ’Muso oa Molimo, puso ea leholimo eo haufinyane e tla laola lefatše lohle.—Mattheu 6:10.
Tlas’a ’Muso oa Molimo, ho e-na le ho koalloa metseng ea maqhofa le mek’huk’hu e silafetseng, malapa a utloang Molimo a tla lula paradeiseng. (Luka 23:43) Ho e-na le ho phela ka tšabo e sa feleng ea ho lelekoa, Bibele e bontša hore “ba tla lula e mong le e mong ka tlas’a feiga ea hae le ka tlas’a morara oa hae, ho se ea ba tšosang.”—Mikea 4:4.
Tlas’a ’Muso oa Molimo, ho e-na le hore batho ba shoe ba sa le banyenyane matlong a teteaneng, batho “ba tla haha matlo, ba lule ho ’ona; ba tla hloma merara, ba je litholoana tsa eona. . . . hobane matsatsi a sechaba sa ka a tla lekana le matsatsi a lifate.”—Esaia 65:21, 22.
Ho ka ’na ha ba thata hore u lumele litšepiso tsena, empa u ka tiiseha hore li tla phethahala. Hobane’ng? Hobane Molimo ha a thetse, ’me “ha ho letho le ke keng la etsoa ke Molimo.”—Luka 1:37; Numere 23:19.
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Tlas’a ’Muso oa Molimo, bofutsana le metse ea mek’huk’hu li tla nkeloa sebaka ke maemo a paradeise