Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g92 10/8 maq. 3-4
  • Maikutlo A Fosahetseng—Na u ka a Hlōla?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Maikutlo A Fosahetseng—Na u ka a Hlōla?
  • Tsoha!—1992
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Re ka Laola Monahano oa Rōna
  • Maikutlo A Fosahetseng—A ka Hlōloa Joang?
    Tsoha!—1992
  • U ka Laola Maikutlo a Hao Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Kamoo ba Bang ba Ithutileng ho Hlōla Maikutlo A Fosahetseng
    Tsoha!—1992
  • Nka Laola Maikutlo a ka Joang?
    Tsoha!—2005
Bala Tse Ling
Tsoha!—1992
g92 10/8 maq. 3-4

Maikutlo A Fosahetseng—Na u ka a Hlōla?

“HO HLAKILE HORE HO KE KE HA ETSAHALA! Maikutlo a fosahetseng a matla haholo. Ha ke na boikhethelo haese ho a mamella ho fihlela a feta.”

Ke tsela eo batho ba bangata ba arabelang ka eona khopolong ea ho hlōla maikutlo a fosahetseng a kang ho tšoenyeha, tšabo, ho halefa, ho ferekana maikutlo, ho ba le letsoalo le molato, ho iqenehela le ho tepella maikutlo. Empa maikutlo ao a ka hlōloa. Ho e-na le ho inehela ho ’ona neng le neng ha a hlaha, u ka ithuta ho fokotsa matla a ’ona, mohlomong esita le ho a felisa.

Ho hlakile hore ho na le phapang e bonahalang pakeng tsa maikutlo a fosahetseng a tloaelehileng ao motho e mong le e mong a bang le ’ona le ho tepella maikutlo ho matla. Ho tepella maikutlo ho matla ho ka hloka phekolo ea litsebi. Maikutlo a fosahetseng a tloaelehileng ha a hloke tšebetso ea litsebi, ’me ana ke maikutlo ao re ka ithutang ho sebetsana le ’ona ka katleho.

Ha e le hantle, hase maikutlo ’ohle a fosahetseng a leng kotsi. Ka mohlala, ha u etsa phoso e tebileng, u ka ’na ua bontša hore u ikoahlaela eona. Haeba sena se u susumelletsa ho e lokisa le ho qoba ho e etsa hape nakong e tlang, joale maikutlo a hao a bile le phello e molemo e tla ba teng ka nako e telele. Kapa kameho e tloaelehileng eo u ka bang le eona ka bothata bo itseng e ka u susumelletsa hore u sebetsane le bona ka matla le ho batla tharollo e loketseng. Eo le eona ke karabelo e molemo.

Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba ka mor’a hore u etse sohle seo u ka khonang ho se etsa ho lokisa phoso, maikutlo ao u nang le ’ona a letsoalo le molato le ho ba motho ea se nang thuso a ntse a u khomaretse, mohlomong a phehella ka nako e telele ka mor’a moo? Kapa ho thoe’ng haeba ka mor’a ho rarolla bothata ho isa bohōleng boo u ka bo khonang, maikutlo a ho tšoenyeha a ntse a le teng ’me a bile a tōta? Joale tsela eo maikutlo a hao a arabelang ka eona e ka ’na ea etsa hore u nyahame. Ke joang he, u ka hlōlang tsela eo maikutlo a hao a arabelang ka eona? Senotlolo se ka fumaneha ha re laola monahano oa rōna.

Re ka Laola Monahano oa Rōna

Batho ba bangata ba sebetsang lefapheng la phekolo ea lefu la kelello ba lumela hore maikutlo a rōna a bakoa ke menahano ea rōna. Ka mohlala, Dr. Wayne W. Dyer oa hlalosa: “U ke ke ua ba le maikutlo (boikutlo) ka ntle le hore ebe u ile ua nahana pele.” Dr. David D. Burns o tsoela pele ho bolela: “Maikutlo afe le afe a fosahetseng ao u nang le ’ona ke tholoana ea monahano oa hao o khopameng o fosahetseng.”

Hoa thahasellisa hore ebe Bibele ka ho tšoanang e amahanya boholo ba maikutlo a rōna le seo re khethang ho se nahana, kahoo e hatisa bohlokoa ba ho laola monahano oa rōna. Hlokomela litemana tsena tse latelang:

“Ho motho ea hlomohileng matsatsi a ba mabe kaofela; empa pelo e tšoeu ke mokete oa ka mehla.”—Liproverbia 15:15.

“Le se ke la ipapisa le lefatše lena, le mpe le fetohe ka nchafalo ea kelello ea lōna, le tle le lemohe ho ratoang ke Molimo, hore na ke hofe, ho molemo, ho khahlehang, ho phethehileng.”—Ba-Roma 12:2.

“Re hapa mehopolo eohle, e tle e utloe Kreste.”—2 Ba-Korinthe 10:5.

“Le hlobole, kamoo metsamao ea lōna ea pele e neng e le kateng, motho oa khale . . . ; le ho nchafala mehopolong ea lipelo tsa lōna, le ho apara motho e mocha, ea bōpiloeng ka setšoantšo sa Molimo, ho lokeng le khalalelong ea ’nete.”—Ba-Efese 4:22-24.

“Tsohle tsee e leng tsa ’nete, tsohle tse hlomphehang, tsohle tse lokileng, tsohle tse hloekileng, tsohle tse ratehang, tsohle tse botumo bo botle, tsohle tseo bokhabane bo bong le poko e ’ngoe e leng teng ho tsona, le ke le hopole tsona.”—Ba-Filippi 4:8.

“Hopolang lintho tse holimo, e seng tse lefatšeng.”—Ba-Kolosse 3:2.

Kaha maikutlo a hao ke tholoana ea monahano oa hao, senotlolo sa ho hlōla maikutlo a hao a fosahetseng ke ho laola mehopolo e a tšehetsang. Ka boiteko le nako e lekaneng, u ka ithuta ho laola maikutlo a hao ka tsela e eketsehileng. Kahoo ke ho utloahalang hore u ka etsa se tšoanang ka maikutlo a hao.

Ke ’nete hore, ho bonolo ho bolela hore re ka hlōla maikutlo a rōna a fosahetseng. Empa ho etsa sena ke ntho e ’ngoe e fapaneng. Ke joang he, re ka tsoelang pele ho sebetsana ka katleho le maikutlo ana a ka ’nang a re bakela mathata a mangata?

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 4]

Hase maikutlo ’ohle a fosahetseng a leng kotsi

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela