Maikutlo A Fosahetseng—A ka Hlōloa Joang?
MOHATO oa pele o isang ho laoloeng ha maikutlo a fosahetseng ke ho: Hlokomela maikutlo a fosahetseng.
Mohato oa bobeli: Sebeletsa ho fetola mehopolo e fosahetseng. Ka mohlala, haeba u ne u nahana tjena, ‘le ka mohla ha ho ntho eo ke e etsang ka tsela e nepahetseng,’ etsa hore monahano o joalo o nkeloe sebaka ke, ‘ke tšoana le motho e mong le e mong; ke etsa lintho tse ngata ka tsela e nepahetseng, empa le ’na ke etsa liphoso.’
U se ke ua lebella hore u tla ikutloa hamolemonyana hang-hang ka mor’a ho etsa phetoho ena (le hoja ho ka etsahala hore ho be joalo), ’me u se ke ua tsoela pele ho nahana taba ena ka kelellong ea hao. Ke feela hore u ikemisetse ho fetela mohatong o latelang.
Mohato oa boraro ke ho sebeletsa ho tlosa mohopolo o tšoenyang ka kelellong ea hao. Leka ho o tlosa ka matla le ka kholiseho eohle joalokaha u ne u ka tlosa monahano oa ho etsa tlōlo ea molao e tebileng. Le hoja u ka khona ho etsa sena ka boiteko bo matla ba kelello, se ka bang le molemo o moholo ke mohato oa bone: Lula u tšoarehile ka matla nthong e ’ngoe esele, e hahang.
Sena ke sa bohlokoa hobane mehopolo ea hao e mebe e tla ’ne e leke ka matla ho khutlela kelellong ea hao. Empa u na le se molemo: U ka khona ho tsitsisa mohopolo oa hao ka ho felletseng nthong e le ’ngoe feela ka nako. Tabeng ena u ka ikholisa ka ho leka ho tsitsisa mohopolo oa hao ka ho felletseng litabeng tse peli ka nako e le ’ngoe. Haeba kelello ea hao e se e tšoarehile ka ho felletseng nthong e ’ngoe, ho tla ba thata hore mehopolo e fosahetseng eo u nang le eona e khutle.
Tsela eo mehopolo e fosahetseng e ka nkeloang sebaka ke e nepahetseng e bontšoa ke Dr. Maxwell Maltz, ea ileng a bolela: “Ha sebapala lipolata sa hao se bapala ’mino oo u sa u rateng, ha u leke ho se qobella hore se etse ntho e molemonyana. . . . Ke feela hore u kenya polata e ’ngoe ’me ’mino o tla fetoha. Sebelisa tsela e tšoanang tabeng ea ‘’mino’ o tsoang ka kelellong ea hao.”
E, hangata mehopolo e fosahetseng e matla hoo ho seng bonolo ho e tlosa. E tlameha ho tlosoa ka hore e nkeloe sebaka. Kenya “polata” e ’ngoe, e nepahetseng. Isa sea-le-moea sa hao “mocheng” o mong, “seteisheneng” se seng sesele, ’me mehopolo ea hao e tsitse ho sona.
Ho Tla ba Thata
Mehato e menè e ka holimo e hlaloseha habonolo, empa ho e latela ho ka ba thata haholo! Kahoo, u se ke ua makala haeba ho hlōla mehopolo le maikutlo a fosahetseng ho u thatafalla ka lekhetlo la pele. Lebella hore ho be thata, empa tseba hore ha nako e ntse e feta ho tla ba bonolo haholoanyane.
Latela mohlala oa Cindy, tichere e hōlisitsoeng ke ’mè eo e leng lekhoba la tahi. Ka lilemo tse ngata Cindy o ile a qetoa ke maikutlo a letsoalo le molato le ho se sireletsehe. Eaba o etsa qeto ea ho sebetsana le bothata ba hae. O ile a etsa joang?
Cindy oa hlalosa: “Taba ea pele ke ile ka sebeletsa ho hlokomela mehopolo e tobileng e neng e mpakela maikutlo a fosahetseng. Neng le neng ha mehopolo ena e ne e khutla, ke ne ke e nahana hape, ka mokhoa o bontšang kutloisiso le o tobileng. Joale ebe ke sebeletsa hore ke be le mehopolo e mengata e molemo. Ke ile ka qobella kelello ea ka hore e nahane ka liithuti tsa ka ka linako tsohle le kamoo ke neng nka li thusa ka teng. Butle-butle, ho ile ha ba bonolo haholoanyane, ’me ke ile ka ikutloa ke na le taolo e khōloanyane ea maikutlo a ka.”
Leha ho le joalo, u ka ’na ua ipotsa . . .
Ke Hobane’ng ha ho le Thata Hakaale?
Na ho bonolo ho tlohela litloaelo tse mpe joaloka ho ja ho tlōlisa kapa ho tsuba? Ho hang ha ho bonolo! Li ka hlōloa feela ka boiteko bo bontšang boikitlaetso, le boikemisetso ba nako e telele. Ho batho ba bangata, mehopolo e fosahetseng ke tloaelo, ’me ho tšoana le litloaelo tse ling tse mpe, ho thata ho e tlohela.
Haeba mehopolo e fosahetseng e le tloaelo ho uena, mohlomong ho e hlōla ho ka hloka boikemisetso bo tšoanang le ba motho ea jang hanyenyane ka morero oa ho theola ’mele kapa ea batlang ho tlohela ho tsuba.
Ntlha ea bohlokoa ke hore, u se ke ua tela ’me ua etsa qeto ea ho lula u tepelletse maikutlo hobane ho le bonolo ho etsa joalo. Tsoela pele ho loantša mehopolo e fosahetseng, esita leha ho hloka likhoeli tse ngata tsa ho batla litharollo tse molemo mohlomong le ho khutlela tloaelong ea hao. Tsoela pele ho etsa boiteko joalokaha eka u ikoetlisetsa litlholisano tsa lebelo. Talima liphellong tsa nako e telele ho e-na le ho talima khotsofalong e tlang kapele.
Na a ka Felisoa ka ho Felletseng?
Na maikutlo a fosahetseng a ka felisoa ka ho felletseng? Haeba u lebelletse thabo e phethahetseng hona joale, u tla ferekana maikutlo u be u nyahame. Hona joale thabo e lekanyelitsoe ebile ha ea fella. Empa thabo e joalo e ntse e le boemo bo molemo ho feta ho koalloa bophelong ba maikutlo a fosahetseng a phehellang le a fokolisang.
Na sena se bolela hore maikutlo a fosahetseng le ka mohla a ke ke a hlōloa? Ha ho joalo. Bibele e hlalosa ka mokhoa o tobileng hore re sa ntse re tla ba boemong ba ho se phethahale ka nako e itseng, empa ho na le nako e beiloeng bakeng sa hore bo felisoe ka ho sa feleng. Seo se tla etsahala haufinyane ha ’Muso oa Molimo, puso ea hae ea leholimo e leng matsohong a Jesu Kreste, e laola maemo ’ohle a lefatše ka ho felletseng ’me e qala tšebetso ea ho isa batho phethehong ea botho. Jesu o ile a bitsa tšebetso ena “nchafatso,” [kapa, “tsosoloso,” ho latela mongolo o botlaaseng ba leqephe].—Mattheu 19:28, NW; bona le Pesaleme ea 37:29; Mattheu 6:9, 10; Tšenolo 21:3-5.
Leha ho le joalo, bakeng sa hona joale ho amohela mefokolo eo re e behetsoeng ke ho se phethahale ha botho ho tla etsa hore u thabe haholoanyane. Ho e-na le ho nka mehato e fetelletseng ea ho batla bophelo ba kelello bo phethahetseng, u tla lokoloha ho hahamalla lintho tse ling tsa bophelo. ’Me u tla fumana khotso ea kelello le thabo e eketsehileng ka baka la ho tseba hore tharollo ea ho qetela ea maikutlo a fosahetseng e matsohong a loketseng a Molimo ea Matla ’Ohle.
Na litlhahiso tse leng mona ke tse inahaneloang feela? Na li hlile lia sebetsa? E lia sebetsa, joalokaha liphihlelo tsena tse hlileng li etsahetseng li bontša.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]
U ka etsa hore mehopolo e fosahetseng e nkeloe sebaka ke e nepahetseng
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]
U se ke ua tela ’me ua etsa qeto ea ho lula u tepelletse maikutlo hobane ho le bonolo haholoanyane ho etsa joalo
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Joaloka tabeng ea ho theola ’mele, ho ithuta ho laola maikutlo a rōna ho hloka nako le ho phehella