Bacha Baa Botsa . . .
Ke Hobane’ng ha Batsoali ba ka ba sa Bontše Thahasello e Eketsehileng ho ’Na?
Ngoanana e mong ea lilemo tse ka tlaase ho 20 oa tletleba: “Ka linako tsohle ha ke kōpa ’mè oa ka metsotso e mahlano ea nako ea hae, ka mehla o phathahane haholo.”
CHRISTINA o ne a le lilemo li 16—a sa nyaloa ebile e le moimana. Le hoja a ne a inyatsa bothateng ba hae, hape o ne a halefile. O ile a bua a lla a re: “’Mè oa ka ha aa ka a ikhathatsa ka ho ntlhalosetsa lintho tsena. O ne a mpa a se na nako ea ho thahasella seo ke neng ke se etsa.”
Na ke tsela eo u ikutloang ka eona ka linako tse ling—hore batsoali ba hao ba mpa ba sa u thahaselle? Mohlomong ha u na ho sekamela ho hlahisa pherekano ea hao ka tsela eo Christina a entseng ka eona. Hape ua tseba hore ho ba le batsoali ba sa tsotelleng hase lebaka la boitšoaro bo bobe. Leha ho le joalo, u ka utloa bohloko haholo haeba ba sa u tsotelle. Le hoja u se u tla ba motho e moholo, u ka ’na ua ikutloa u hloka lerato la batsoali le tšehetso. Ho hlokomolohuoa ke batsoali ba hao ho ka u etsa hore u ikutloe u lahliloe. Ngoanana e mong ea lilemo tse ka tlaase ho 20 oa tletleba: “Ka linako tsohle ha ke kōpa ’mè oa ka metsotso e mehlano ea nako ea hae, ka mehla o phathahane haholo.”
Joale, hase ho makatsang hore ho latela patlisiso e ’ngoe, karolo ea 25 lekholong ea bacha “e ikutloa hore ha e na nako e lekaneng le batsoali ba bona.” Mocha e mong o itse: “Ke lakatsa hore nka atamelana haholoanyane le batsoali ba ka ’me ke bue le bona ka maikutlo a ka ka botšepehi.” Esita leha bacha le batsoali ba atamelane ’meleng, e ka ’na eaba ba arohane maikutlong. Mohlomong ha ho puisano ea bohlokoa.
Ke Hobane’ng ho Bonahala Eka Baa U Hlokomoloha?
Ak’u nahane: U letile letsatsi lohle ho buisana le ’mè oa hao ka bothata bo itseng. Empa kapele feela ha a fihla a tsoa mosebetsing, o itihela setulong ’me o lebisa tlhokomelo ea hae litabeng tsa mantsiboea tsa TV. Ha u leka ho buisana le eena, kapele o u khaoletsa ka ho teneha, “Na ha u bone hore ke leka ho ikhatholla?”
Na ke motsoali ea se nang maikutlo le lerato? Che, ke ka seoelo batsoali ba hlokomolohang bana ba bona ka boomo. Empa re phela ‘mehleng e mahlonoko eo ho leng thata ho sebetsana le eona.’ (2 Timothea 3:1-3, NW) ’Me batsoali ba hao ba ka iphumana ba le tlas’a khatello ho feta leha e le neng pele. Ba ka ba khatellong, pherekanong, kapa ba khathala hoo ba ka ’nang ba se be le matla a ho qeta nako e ntšang liphello tse molemo le uena. Ho ka ba joalo haholo-holo ha u phela lelapeng la motsoali a le mong. Kahoo ka ntle le hore batsoali ba hao ba u utloe u tletleba, ba ka nahana hore lintho tsohle li lokile.
Hape e ka ’na eaba batsoali ba amehile ka lintho tse ling. Haeba ntate oa hao e le Mokreste ea mafolo-folo, mohlomong o jere boikarabelo bo boima ba phutheho. (Bapisa le 2 Ba-Korinthe 11:28, 29.) Le hoja ’mè oa hao a sa bue ka hona haholo, e ka ’na eaba u sitisoa ke mathata a eketsehang a bophelo bo botle. Na u na le banab’eno? Joale mohlomong batsoali ba hao ba phathahane ka ho hlokomela litlhoko tsa bona.
Hoa lumeloa hore batsoali ba bang ba loantšana le mathata a tebileng joaloka bokhoba ba tahi ’me ba sitoa ho arabela litlhokong tsa bana ba bona. Leha ho le joalo, mohlomong ba bang ba mpa ba sa tsebe kamoo ba ka bontšang thahasello baneng ba bona. Leha ho le joalo, bana ba ithuta lerato batsoaling ba bona. (Bapisa le 1 Johanne 4:19.) ’Me mohlomong batsoali ba hao ba ile ba hōlisoa ke batsoali ba ileng ba hlōleha ho ba thahasella.
Hape ho na le ’nete ea hore meetlo e meng e hlokomoloha ka ho felletseng litlhoko tsa batho ba bacha. Likarolong tse itseng tsa Afrika, moetlo o laela hore nakong ea lijo bo-ntate, bo-’mè, le bana ba jele libakeng tse fapaneng. Ka liphello life? Collin, mocha oa Moafrika ea lilemo li 14 oa hopola: “Ho ne ho le boima ho ikutloa ke amane haufi ka maikutlo le batsoali ba ka. Ke ile ka ikutloa ke phopholetsa bophelong ke le mong feela.”
Maraba a Lokelang ho Qojoa
Ho sa tsotellehe hore na lebaka e ka ba lefe la ho bonahalang eka ke ho hlokomolohuoa ke batsoali, hoo ho ka u siea u utloa bohloko ebile u halefile. Bacha ba bang ba arabela ka ho se sebelisane le batsoali kapa ho se mamele. Ba bang ba qeta ka hore bofetoheli ke bona feela tsela ea ho eloa hloko ha bothata ba bona. Empa joaloka Christina, ea boletsoeng qalong, hangata bacha ba marabele ba ikutloisa bohloko. Liproverbia 1:32 ea lemosa: “Ho kheloha ha lithoto ke ho li bolaeang.”
Ka lehlakoreng le leng, ha ho phethahatse letho ho hlokomoloha boemo—haholo-holo haeba bo ho utloisa bohloko haholo. Liproverbia 24:10 (NW) ea botsa: “Na u bonahetse u nyahame letsatsing la litsietsi?” Haeba ho joalo, “matla a hao a tla fokola.” Maqeba a maikutlo e ka ba a sebele le a bohloko ho feta maqeba a ’mele. (Liproverbia 18:14) ’Me haeba a lumelloa ho eketseha, a ka tsoela pele ho baka bohloko ha motho a hōlile. Nahana ka monna e mocha ea bitsoang Johan. Johan oa hopola: “Ha ke sa hōla, ntate oa ka ea lemaletseng tahi o ne a le sieo ha ke ne ke mo hloka ka ho fetisisa.” Oa phaella: “O ne a amehile haholo ka mathata a hae hoo a neng a se na sebaka sa ka.” Joaloka motho ea hōlileng, Johan o ile a ba le khatello ea maikutlo ka linako tse telele le ho ikutloa a le molato.
Ka thuso ea metsoalle e meng e molemo, Johan a khona ho qala ho haha hape boitlhompho ba hae. Leha ho le joalo, phihlelo ea hae e hatisa bohlokoa ba ho fumana litsela tse molemo tsa ho sebetsana le boemo boo u tobaneng le bona lapeng.
Hlaolela Thahasello ea Bona ho Uena
Mohlomong Ntate le ’Mè ke ka seoelo ba qalang moqoqo le uena. U ka qeta khutso e sitisang ka ho bontša thahasello e itseng ho bona. (Mattheu 7:12; Ba-Filippi 2:4) Ithaopele ho tsamaea le bona haeba ba ea sebakeng se itseng ho ea etsa ho itseng. Botsa haeba u ka thusa ka tsela e itseng, mohlomong ka ho lokisetsa lijo kapa ho hloekisa. Ha nako e feta u ka qala ho arolelana le bona lintho tseo u amehileng ka tsona, joaloka se etsahalang sekolong.
Leha ho le joalo, ka linako tse ling u ka ba le mathata a tebileng ao u ratang ho bua ka ’ona. E ke ke ea ba ho thusang ho atamela Ntate ha a paqame sofeng a ikhatholla ka mor’a letsatsi le boima mosebetsing. Leka ho fumana “nako e tšoanelehang”—ha a se a khatholohile ka ho lekaneng ebile a thabile—ho buisana ka litaba. (Liproverbia 15:23, NW) Mohlomong o tla be a sekametse haholoanyane ho bontša thahasello bothateng ba hao.
Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba batsoali ba hao ba hlōleha ho arabela boitekong ba hao bo boholo?a Liproverbia 15:22 ea re hopotsa hore “moo ho eletsana ho leng sieo, merero ea qhalana.” E, ho ka hlokahala hore u bolelle batsoali ba hao (ka tsela e mosa le e bohlale) hore u ikutloa hore ha ba bontše thahasello e lekaneng ho uena ’me hona ho etsa hore u utloe bohloko ebile u sa ratoe. Mohlomong ka linako tse ling u tla rata ho babatsoa, kapa u ka ananela thuso e itseng ka mosebetsi oa hao oa sekolo o etsoang lapeng.
Mohlomong batsoali ba hao ba tla makala ho tseba hore u ikutloa ka tsela ena. Ba ka u tiisetsa kapele ka lerato la bona ’me mohlomong le ho kōpa tšoarelo ea ho u neha boikutlo bo fosahetseng. Makhetlong a mangata batsoali ba tla etsa boiteko bo matla ba ho fetoha hang ha ba lemositsoe bothata.
Ka lehlakoreng le leng, mohlomong puisano ea hao e tla hlahisa hore ke uena ea ileng a hloka kutloisiso e itseng. Mohlomong u mpa u e-s’o hlokomele tse ling tsa litsela tse fapaneng tseo ba bontšitseng thahasello ho uena. Lebaka leha e ka ba lefe, ho hlakisa litaba ka ho buisana ke khato ea bohlokoa ea ho ntlafatsa lintho lapeng.
Ho Koala Sekheo
Ho thoe’ng haeba ha u fumane karabelo e molemo ho batsoali ba hao? Ka ho utloahalang, hona ho ka ba bohloko haholo. Leha ho le joalo, ho na le lintho tse ling tseo u ka khethang ho tsona.
Ka mohlala, leka ho fumana motho—haholo-holo motho e moholo ho uena—ea ka u thusang ho koala sekheo se siiloeng ke batsoali ba hao ba sa hlokomeleng. Joalokaha Liproverbia e hlalosa, ho na le motsoalle “ea tsoaletsoeng bakeng sa ha ho e-na le tlokotsi.” (Liproverbia 17:17, NW) Batla motsoalle ea joalo. Empa khetha keletso eo u e amohelang, ka ho tiisa hore e molemong oa hao ebile e lumellana le Lentsoe la Molimo.
Mohloli o mong oa thuso le tšehetso ke phutheho ea sebaka seo ea Lipaki tsa Jehova. Moo u ka fumana banab’eno ba moea, bo-ntate le bo-’mè ba tla u thahasella ’me ba u thuse ho hōla moeeng le maikutlong. (Mareka 10:30) Collin, mocha oa Moafrika ea ileng a boleloa pelenyana, o ile a fumana metsoalle e joalo. A e-na le tlhoko ea ho tataisoa, o ile a qala ho ea libokeng tsa Lipaki tsa Jehova. Kapele a etsoa motsoalle ke litho tsa phutheho tse ileng tsa etsa hore a ikutloe a ratoa ebile a batloa. Ha nako e ntse e feta, batsoali ba hae le banab’abo ba ile ba qala ho ba teng libokeng tsa Bakreste.
Mohlomong batsoali ba hao ba u tsotella kannete empa feela ba hloka ho hlokomelisoa litlhoko tsa hao. Nka khato ea pele, ’me u ba tsebise litlhoko tseo! Ke mang ea tsebang? Mohlomong u tla fumana hore ba u thahasella ho feta kamoo u neng u nahana ka teng.
Haeba ka mor’a ho bala makasine oona u na le lipotso leha e le life tsa Bibele, ka kōpo ikutloe u lokolohile ho iteanya le Lipaki tsa Jehova Holong ea ’Muso e leng sebakeng sa heno, kapa u ngolle bahatisi ba makasine oona. (Bona leqephe 5.)
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Batsoali ba loantšanang le mathata a tebileng a kang ho lemalla lithethefatsi kapa tahi ba ka hloka thuso ea litsebi pele ba ka khona ho arabela litlhokong tsa bana ba bona.
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Hangata batsoali kajeno ba ikutloa ba le tlas’a khatello e khōlō ebile ba khathetse ho sebetsana le mathata a bana ba bona