“Libakeng ka ho Latellana ho Tla ba le Mafu a Seoa”
MANTSOENG a ka holimo, a fumanoang ho Luka 21:11, (NW) ho ata ha mafu a seoa ho fanoe e le e ’ngoe ea litšobotsi tsa pontšo ea mehla ea bofelo. Ho Tšenolo 6:8, mafu ana a seoa a tšoantšelitsoe esale pele ka ho kalloa ha pere e tšehla, pere ea bone ea Tšenolo khaolo ea 6. Mongoli oa koranta Lawrence Hall o ile a fana ka lintlha tse khōlō bukeng e ncha ea Andrew Nikiforuk e bitsoang The Fourth Horseman: A Short History of Epidemics, Plagues, Famine and Other Scourges. Li hlahile ho litaba tse ngotsoeng ke Hall koranteng ea Newark, New Jersey, Star-Ledger, ea la 25 February, 1994. Mantsoe a qotsitsoeng litabeng tsena aa latela.
“Mokalli oa bone oa Apocalypse o khemisa ka matla linakong tsena tsa ho felloa ke tšepo. Moloko oa batho o kotsing ka litsela tse ngata—ho sa tsotellehe ho ba teng ha litheknoloji tse hlollang, tse ncha-ncha le tsoelo-pele lisaenseng tsa meriana. Meriana e mengata e thibelang likokoana-hloko, eo pele e neng e thoholetsoa hore ke lithethefatsi tsa mohlolo, ha e nke letho ho likokoana-hloko tsa kajeno. . . .
“‘Le hoja . . . lithethefatsi le liente li ka etsa hore batho ba ee le khongoana holimo hore sohle se hlokahalang se teng, mafu a seoa a tla ’ne a hopotse batho hore saense e nyenyane e ntse e apere maleiri, ’me mohlomong e bile ke leleiri le litšila’ . . . Ha kea ikemisetsa ho le tšosa, empa papiso ea Mokalli oa Bone ke ea sebele. Lefuba le boetse le jele setsi. Kokoana-hloko ea AIDS e tsoela pele ho bolaea ba likete selemo le selemo lefatšeng lohle . . . Mafu a mang a kang typhoid, ’metso o mosoeu, k’holera, anthrax le malaria a hlahella ka mokhoa o sokelang—ka tsela e nyahamisang haholo ho litsebi tsa bophelo bo botle le sechaba ka kakaretso. . . .
“Nako ka ’ngoe ea histori ea moloko oa batho e hlahisitse mafu a macha. . . . Mehla ea Tsosoloso e bile le mokaola, sekholopane se ile sa fetisetsoa Amerika Leboea le Amerika Boroa ke Columbus, ’me hona joale AIDS e boetse ea re sokela. . . . Ho sa le joalo, ho na le maloetse le mafu a seoa a macha a hlahang nakong ea ha moloko oa batho ho bonahala o hlōloa ke ntoa khahlanong le likokoana-hloko. . . . Palo ea batho bao litsamaiso tsa bona tsa ho se hlaseloe ke mafu li leng tlas’a khatello ea eketseha.” Nikiforuk o boetse o bolela hore “‘le leng la mashano a maholo ka ho fetisisa a lekholong la bo 20 la lilemo ke hore meriana e thibelang likokoana-hloko, liente le lingaka li re bolokile mafung a seoa. . . .
“‘Ho sa tsotellehe hore na re leka ka matla hakae, re ke ke ra hlōla likokoana-hloko, re ke ke ra ntšetsa Mokalli tjotjo kapa ra iphapanyetsa ho ba teng ha mafu a seoa historing.’”