Pono ea Bibele
“Pitsa e Fetisang ka ho Fokola”—Na ke Thohako ho Basali?
“KE HOBANE’NG HA BASALI BA AHLŌLOA KA BOLENG BA BONA BA HO BA BATŠEHALI HO E-NA LE KA PHIHLELO EA BONA, TSEBO, LE BOHLALE?”—BETTY A.
“BASALI BA ENTSOE HORE BA NAHANE HORE KE LIBŌPUOA TSE TLAASANA.”—LYNN H.
NA POLELO ea Bibele “pitsa e fetisang ka ho fokola” e nyenyefatsa basali? Temana ea Bibele eo ho buuoang ka eona ke 1 Petrose 3:7, e re’ng: “Lōna banna, le phelisane le bona ka hlokomelo, ka ho re, mosali ke pitsa e fetisang ka ho fokola, ’me le ba hlomphe, etsoe e le majalefa hammoho le lōna a mohau oa bophelo, merapelo ea lōna e tle e se ke ea sitisoa.”
Ha Petrose a ne a ngolla Bakreste ’moho le eena mantsoe ana, basali ba ne ba e-na le litokelo tse fokolang haholo, eseng feela lefatšeng la boholo-holo la bahetene empa hape le har’a sechaba sa Bajode ba bakoenehi. Na Petrose le Bakreste ba pele ba ne ba tšehetsa pono e neng e atile mehleng eo ka basali?
Na ke Lipitsa tse Tlaasana?
Babali ba lekholong la pele la lilemo ba mantsoe a Petrose ba ne ba tla utloisisa polelo “pitsa e fetisang ka ho fokola” joang? Lentsoe la Segerike bakeng sa pitsa (skeuʹos) le ile la sebelisoa ka makhetlo a mangata Mangolong a Segerike ’me le bolela lipitsa tse sa tšoaneng, lisebelisoa, lijana, le likofuto. Ka ho bitsa basali “pitsa tse fetisang ka ho fokola,” Petrose o ne a sa nyenyefatse basali, hobane polelo ena e ne e bontša hore monna le eena e ne e le pitsa e ka pshatlehang habonolo kapa e fokolang. Litemana tse ling tsa Bibele li sebelisa papiso e tšoanang ha li bua ka basali le banna, joaloka ‘lipitsa tsa letsopa’ (2 Ba-Korinthe 4:7) le “lipitsa tsa khauhelo” (Ba-Roma 9:23). Ke ’nete hore Petrose o hlahisa basali e le ba “fetisang ka ho fokola” ha ho bapisoa batho ba batona le ba batšehali. Empa Ba-Roma 5:6, (BPN) e sebelisa lentsoe “fokola” ho batho bohle—ba batona le ba batšehali. Ka hona, Bakreste ba pele ba ne ba ke ke ba nahana hore polelo “pitsa tse fetisang ka ho fokola” e nyenyefatsa basali.
Ho e-na le hoo, mantsoe a Petrose a ne a ka talingoa a phahamisa boemo ba basali. Mehleng ea Petrose basali ba ne ba sa hlomphuoe. Joalokaha Molimo a ne a bone nako e telele esale pele, hangata banna ba ne ba hatella ’me ba hlekefetsa basali ba bona ’meleng, likamanong tsa botona le botšehali, le maikutlong. (Genese 3:16) Ka hona, ha e le hantle keletso ea Petrose ho banna ba Bakreste e ne e le hore: Le se ke la sebelisa hampe matla ao mokhatlo oa batho ba lefatše o a fileng banna.
A re hlahlobisiseng polelo “tse fetisang ka ho fokola.” Petrose temaneng ena, o ne a sa bue ka litšobotsi tsa maikutlo, empa tsa ’meleng. Banna ke lipitsa tse fokolang; ha ho bapisoa, basali ke lipitsa tse fokolang haholoanyane. Joang? Ka mokhoa o tloaelehileng banna ba fuoe matla a eketsehileng a ’mele ka lebaka la sebōpeho sa bona sa masapo le litšika. Leha ho le joalo, ha ho se bontšang hore Petrose o ne a bapisa matla a boitšoaro, a moea, kapa a kelello. Ka sebele, ha e le tabeng ea hore na batho ba arabela joang maikutlong ha ho etsahala lintho, ka nepo basali ba ka hlalosoa hore ba fapane le banna, eseng ho bolela hore ba fokola haholoanyane kapa ba matla haholoanyane. Bibele e hlalosa tšekamelo e matla ea boitšoaro, mamello, le tlhalohanyo tsa basali ba ileng ba latela tsela ea Molimo—ba joaloka Sara, Debora, Ruthe, le Esthere, ha re bolela ba ’maloa feela. Banna ba ikokobelitseng ha ba thatafalloe ho hlokomela hore basali ba ka ba bohlale ho ba feta.
Leha ho le joalo, ba bang ba lumela hore ho bua ka basali e le ba “fetisang ka ho fokola” ho bolela hore ke batho ba tlaasana. Empa nahana ka mohlala ona. Motho o na le lipitsa tse peli tse molemo. E ’ngoe e thata, ha e ’ngoe e se thata joalo ka eo. Na sejana sa bobeli se batla se se bohlokoa hobane se se thata joaloka se seng? Ha e le hantle, hangata se seng thata se fuoa tlhokomelo e eketsehileng haholoanyane ’me se nkoa e le sa bohlokoa ho feta se thata. Ka hona, na mosali ke oa bohlokoa bo fokolang hobane a na le matla a fokolang a ’mele ho feta monna? Ho hang ha ho joalo! Petrose o sebelisa polelo “pitsa e fetisang ka ho fokola,” eseng ho eisa basali, empa ho khothalletsa hore ba hlomphuoe.
“Ka Mokhoa o Tšoanang . . . Ho Latela Tsebo”
Petrose o ile a khothalletsa banna hore “tsoelang pele ho phela le bona [basali ba bona] ka mokhoa o tšoanang ho latela tsebo.” “Ka mokhoa o tšoanang” le oa mang? Litemaneng tse ka pele Petrose o ne a bua ka tlhokomelo ea Kreste e lerato bakeng sa balateli ba hae, ’me o ile a laela banna hore ba hlokomele basali ba bona “ka mokhoa o tšoanang.” (1 Petrose 2:21-25; 3:7, NW) Kamehla Kreste o ne a etelletsa boiketlo le lithahasello tsa barutuoa ba hae ka pele ho litakatso tsa hae tsa botho le lintho tseo a li ratang. O ne a thahasella boiketlo ba bona ba moea le ba nama, ’me o ile a nahanela mefokolo ea bona. Banna ba tlameha ho etsisa mohlala oa Kreste o lerato, ba itšoare ho basali ba bona “ka mokhoa o tšoanang.”
Lenyalo le atlehileng ha le iketsahalle feela tjee. Monna le mosali ba tlameha ho tseba hore na ba ka tlatsetsa joang katlehong ea lenyalo. Kahoo, keletso ea Petrose ke hore banna ba tsoele pele ba phela le basali ba bona “ho latela tsebo.” Ho hlokahala hore banna ba ithute kamoo Jehova le Mora oa hae, Jesu Kreste, ba neng ba sebelisana le basali kateng. Ho hlokahala ba tsebe hore na Molimo o batla hore ba tšoare basali ba bona joang.
Ho phaella moo, ho hlokahala hore banna ba tsebe basali ba bona hantle—maikutlo a bona, matla, mefokolo, seo ba se ratang, le seo ba sa se rateng. Ho hlokahala hore ba tsebe hore na ba ka hlompha bohlale, phihlelo, le seriti sa basali ba bona joang. Bibele e re: “Banna, ratang basali ba lōna, joalo ka ha Kreste le eena a ratile Kereke, ’me a iteletse lefu ka baka la eona. Ke ka mokhoa o joalo le bona banna ba tšoanetseng ho rata basali ba bona joalo ka ’mele oa bona. Ea ratang mosali oa hae, eba oa ithata. Hobane ha ho e-so ho be motho ea kileng a hloea nama ea hae le ka mohla o le mong; empa o ee a e fepe, a e baballe.”—Ba-Efese 5:25, 28, 29.
Le ba Hlomphe
Ha Petrose a ne a bua ka basali e le “pitsa tse fetisang ka ho fokola,” o boetse a bolela hore banna ba lokela ba “ba hlomphe.” Ka Segerike, lereho ti·meʹ le fetisa moelelo oa tlhompho, seriti, molemo, le bohlokoa. Ka mantsoe a mang, ho ba hlompha hase feela ho ba etsetsa molemo empa ke ho hlokomela se ba tšoanelang. Pauluse o ile a laela Bakreste bohle, banna le basali hore: “Tloaelanang hamonate ka lerato la boena. Le ’ne le beane pele ka hlomphano.”—Ba-Roma 12:10.
Ka sebele Jehova Molimo ha a nke basali e le thepa ea ho khabisa feela. Iseraeleng, melao ea Molimo e ne e sebetsa ka matla a tšoanang ho banna le basali ba neng ba le molato oa bofebe, ho ba le likamano tsa botona le botšehali le mong ka motho ea haufi, ho robala le phoofolo, le litlōlo tse ling tsa molao. (Levitike 18:6-17, 23, 29; 20:10-12) Basali ba ne ba fumana melemo ea Lisabbatha, melao e laolang Banazari, mekete, le litokisetso tse ling tse ngata tsa Molao. (Exoda 20:10; Numere 6:2; Deuteronoma 12:18; 16:11, 14) ’Mè haesita le ntate, ba ne ba tlameha ho hlomphuoa le ho mameloa.—Levitike 19:3; 20:9; Deuteronoma 5:16; 27:16; Liproverbia 1:8.
Litemaneng tsa 10 ho ea ho 31 tsa Liproverbia khaolo ea 31 li nka “mosali ea khabane” e le oa bohlokoa ka lebaka la botšepehi ba hae, mafolo-folo, le bohlale ha a hlokomela boikarabelo ba hae bo bongata. Ho ile ha hlokomeloa se mo tšoanetseng ka lebaka la karolo ea hae ho hlokomeleng khoebo ea lelapa, haesita le litaba tse ling tsa lichelete. Ho fapane hakaakang le boikutlo ba banna ba bang ba nahanang hore basali ke lintho tsa ho khabisa feela! Hamorao, phuthehong ea pele ea Bokreste, basali ba ile ba fuoa matla a moea o halalelang e le lipaki tsa Kreste. (Liketso 1:14, 15; 2:3, 4; bapisa le Joele 2:28, 29.) Ka hona, basali ba bang ba reretsoe ho ba baahloli ba leholimo ho ahlola banna, basali, esita le mangeloi. (1 Ba-Korinthe 6:2, 3) Ke ’nete hore basali ba ne ba sa tšoanela ho ruta sebokeng sa phutheho; leha ho le joalo, ho ne ho e-na le maemo ao basali ba Bakreste ba neng ba ka rapela kapa ba profeta. Ba ne ba abetsoe ho ba matichere a basali ba bacha, bana, le ba ka ntle ho phutheho.—Mattheu 24:14; 1 Ba-Korinthe 11:3-6; Tite 2:3-5; bapisa le Pesaleme ea 68:11.
Sesupo se seng se setle sa seo Petrose a neng a nahanne ka sona ha a bua ka ho ba hlompha se fumanoa ho 2 Petrose 1:17. Mono rea bala hore Jehova o ile a hlompha Jesu ka ho bolela ka pel’a ba bang hore oa mo amohela ha a re: “Enoa ke Mora oa ka ea ratoang.” Ka ho tšoanang, monna o lokela ho bontša ka liketso tsa hae, pontšeng le boinotšing hore o hlompha mosali oa hae.
Majalefa a Bophelo
Ho theosa le histori, banna ba ’nile ba nka hore basali ba tšoaneloa ke tlhompho kapa tlhokomelo e fokolang—ba ba nka e le makhoba, kapa sesebelisoa feela sa ho khotsofatsa banna. Ka sebele khopolo ea Bokreste ea ho hlompha basali e ba phahamisetsa boemong bo phahameng haholoanyane ba ho hlomphuoa. Barnes’ Notes on the New Testament e hlokomela hore keletso ea Petrose “e na le ’nete ea bohlokoa haholo mabapi le boleng ba batho ba batšehali. Tlas’a tsamaiso e ’ngoe le e ’ngoe ea bolumeli ntle le ea Bokreste, mosali o ’nile a nkoa a le tlaasana ho monna ka litsela tsohle. Bokreste bo ruta hore . . . o lokela ho ba le tšepo ’me o tšoaneloa ke litšepiso tsohle tseo bolumeli bo fanang ka tsona. . . . ’Nete ena e le ’ngoe e ka phahamisa boleng ba batho ba batšehali hohle hore bo se ke ba nyenyefatsoa, ’me ba felisa halofo ea lintho tse mpe sechabeng tse etsoang ke moloko oa batho.”
Kaha banna le basali ba ruiloe ke Kreste, ho na le lebaka le tebileng la hore banna ba nke basali ba bona e le ba bohlokoa kaha e le thepa ea Kreste. Kapele-pele ka mor’a ho bua ka basali e le “pitsa tse fetisang ka ho fokola,” mantsoe a Petrose a tsoela pele: “Etsoe e le majalefa hammoho le lōna a mohau oa bophelo, merapelo ea lōna e tle e se ke ea sitisoa.” (1 Petrose 3:7b) Petrose o ile a bontša hore ha monna a tšoara mosali oa hae hampe o ne a tla senya kamano ea hae le Molimo, a sitise lithapelo tsa hae.
Ka tsela leha e le efe polelo “pitsa e fetisang ka ho fokola” ha ea etsetsoa ho rohaka basali. Le hoja Jehova a behile banna e le hlooho ea lelapa, ha a lumelle hore banna ba tšoare basali hampe. Ho e-na le hoo, o laela hore monna, ho latela tsebo ka mosali, o lokela ho mo hlokomela le ho mo hlompha.
Bibele e laela banna ba nyetseng le ba masoha hore ba hlomphe basali, ba se ke ba ba tšoara joaloka batho ba tlaasana. Banna le basali ba rapelang Molimo ka tieo le ba fang e mong le e mong seriti ba tla amohela litlhohonolofatso tse enneng tse tsoang ho Molimo.—Bapisa le 1 Ba-Korinthe 7:16.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 27]
Miss G. E. K. / Artist: Alice D. Kellogg 1862-1900
Courtesy of Joanne W. Bowie