Ho ba ba Tenyetsehang, Empa re Itlametse ho Tšehetsa Litekanyetso Tsa Bomolimo
MAELE a Sechaena a re: “Ha ho mohla batho ba nang le mamello e leng lithoto, ’me ha ho mohla lithoto li nang le mamello.” Ho na le ’nete e feletseng maeleng ana, kaha ho ba le mamello ke phephetso, ho hloka ho itlamela ho tšehetsa litekanyetso tse loketseng tsa boitšoaro. Empa ke litekanyetso life tseo re lokelang ho itlamela ho li tšehetsa? Na e ne e ke ke ea e-ba ho utloahalang ho latela litekanyetso tse behiloeng ke Moetsi oa moloko oa batho, joalokaha li hlalositsoe ka Lentsoeng la hae, Bibele e Halalelang? Molimo ka boeena o behile mohlala o molemohali oa ho boloka litekanyetso tsa hae.
’Mōpi—Mohlala oa Rōna o Moholohali
Molimo ea Matla ’Ohle, Jehova, o bontša ho leka-lekana ho phethahetseng mamellong, ha a bontše e tlōlang meeli kapa e fokolang haholo. Ka lilemo tse likete, o ’nile a mamella ba nyelisang lebitso la hae, ba senyang moloko oa batho le ba sebelisang lefatše hampe. Joalokaha ho tlalehiloe ho Baroma 9:22, moapostola Pauluse o ile a ngola hore Molimo o “mameletse ka tiisetso e khōlō lijana tsa khalefo tse entsoeng hore li lokele timetso.” Ke hobane’ng ha Molimo a mameletse ka nako e telele tjee? Hobane mamello ea hae e na le morero.
Molimo ha a felle moloko oa batho pelo “hobane ha a lakatse hore leha e le mang a timetsoe empa o lakatsa hore bohle ba fihle pakong.” (2 Petrose 3:9) ’Mōpi o file moloko oa batho Bibele ’me o laetse bahlanka ba hae hore ba tsebahatse litekanyetso tsa hae tsa boitšoaro hohle. Bakreste ba ’nete ba itlametse ho tšehetsa litekanyetso tsena. Empa na see se bolela hore bahlanka ba Molimo ba lokela ho se tenyetsehe maemong ’ohle?
Ho ba ba Tiileng, Empa ba Tenyetsehang
Jesu Kreste o ile a khothalletsa ba batlang bophelo bo sa feleng hore ba ‘kene ka heke e moqotetsane.’ Empa ho kena ka heke e moqotetsane ha ho bolele ho ba le maikutlo a sa utloahaleng. Haeba re sekametse ho beng ba hatellang kapa ba tsitlellang maikutlong a rōna ha re e-na le ba bang, ka sebele ho tla nolofalletsa e mong le e mong bophelo haholoanyane haeba re ka thibela tloaelo ena. Empa joang?—Matheu 7:13; 1 Petrose 4:15.
Theofano, seithuti sa Mogerike se ileng sa hlalosa hore nako eo se e qetileng le batho ba limelo tse fapaneng e entse hore se ba utloisise hamolemonyana, o itse: “Ho bohlokoa haholo hore re leke ho atamela haufi le mokhoa oa bona oa ho nahana ho e-na le ho ba qobella hore ba sebelise oa rōna.” Ka hona, ka ho tseba motho e mong hamolemonyana, re ka ’na ra fumana hore lijo tseo a li ratang esita le mokhoa oa hae oa ho bua ha li makatse joalokaha re ne re nahana. Ho e-na le hore kamehla re be le ho hongata hoo re ho buang kapa ho tsitlella ho ba le lentsoe la ho qetela, re ithuta lintho tse ngata tse molemo ka ho mamela mokhoa oa hae oa ho talima lintho. Ka sebele, batho ba monahano o bulehileng ba fumana ho hongata bophelong.
Neng le neng ha ho ameha khetho ea motho ka seo a se ratang, re lokela ho ba ba tenyetsehang ’me re lumelle ba bang ho thabela seo ba se khethileng. Empa haeba boitšoaro e le taba ea kutlo ho ’Mōpi oa rōna, re lokela ho tiea. Molimo ea Matla ’Ohle ha a lumellane le mekhoa eohle ea boitšoaro. O bontšitse sena litšebelisanong tsa hae le bahlanka ba hae ba nakong e fetileng.
Leraba la ho ba ba Mamellang ho Tlōla Tekano
Eli, moprista ea phahameng oa sechaba sa boholo-holo sa Iseraele, e ne e le mohlanka oa Molimo ea ileng a pitloa ke leraba la ho ba ea mamellang ho tlōla tekano. Baiseraele ba ne ba kene selekaneng le Molimo, ba lumetse ho utloa melao ea hae. Empa bara ba babeli ba Eli, Hofeni le Finease, ba ne ba le meharo ba bile ba itšoere hampe, ’me ba ne ba se na tlhompho ka ho feletseng ho ea Matla ’Ohle. Le hoja Eli a ne a tseba Molao oa Molimo ka hohle-hohle, o ile a khalemela ka bonolo feela ’me a se ke a tiea taeong ea hae. O ile a etsa phoso ea ho nahana hore Molimo o tla mamella bokhopo. ’Mōpi o khetholla bofokoli ho bokhopo. Bakeng sa ho tlōla ha bona Molao oa Molimo ka boomo, bara ba khopo ba Eli ba ile ba otloa habohloko—’me e le ka ho tšoanetseng.—1 Samuele 2:12-17, 22-25; 3:11-14; 4:17.
E ne e tla ba kotsi e kaakang ho rōna ho ba ba mamellang ho tlōla tekano malapeng a rōna ka ho iphoufaletsa liphoso tse pheta-phetoang tsa bana ba rōna! Ho molemo hakaakang ho ba hōlisa “ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova”! Sena se bolela hore rōna ka borōna re lokela ho khomarela litekanyetso tsa bomolimo tsa boitšoaro ’me re li kenye ka botebo baneng ba rōna.—Baefese 6:4.
Ka ho tšoanang, phutheho ea Bokreste e ke ke ea mamella bokhopo. Haeba setho se etsa phoso e tebileng ’me se sa batle ho baka, se lokela ho tlosoa. (1 Bakorinthe 5:9-13) Leha ho le joalo, haese ka lapeng le ka phuthehong, Bakreste ba ’nete ha ba leke ho fetola batho ka kakaretso.
Kamano e Matla le Jehova
Ho hloka mamello ho hlahella boemong ba matšoenyeho. Leha ho le joalo, haeba re e-na le kamano ea botho e haufi-ufi le Molimo, re thabela boikutlo ba tšireletseho bo re thusang ho boloka ho leka-lekana ho loketseng. Ho Liproverbia 18:10 rea bala: “Lebitso la Jehova ke qhobosheane e thata; ea lokileng o balehela ho eona, ’me o lula phahameng.” Ruri, ha ho kotsi e ka re hlahelang kapa ea hlahela bao re ba ratang eo ’Mōpi a ke keng a e nkela bohato ka nako ea hae e tšoanetseng.
E mong ea ileng a rua molemo o moholo kamanong e haufi-ufi le Molimo e bile moapostola Pauluse. E le Mojuda ea neng a tsejoa e le Saule, o ile a hlorisa balateli ba Jesu Kreste ’me o ne a le molato oa tšollo ea mali. Empa Saule ka boeena o ile a fetoha Mokreste ’me hamorao, e se e le moapostola Pauluse, a kopanela ho boleleng evangeli ka nako e tletseng. Pauluse o ile a bontša boikutlo ba ho ba ea monahano o bulehileng ha a bolela ho batho bohle, “ho Bagerike hammoho le ho Babarebare, ho ba bohlale hammoho le ho ba se nang kelello.”—Baroma 1:14, 15; Liketso 8:1-3.
O ile a khona ho fetoha joang? Ka ho fumana tsebo e nepahetseng ea Mangolo le ka ho hōla ho rateng ’Mōpi ea sa eeng ka leeme. Pauluse o ile a hlokomela hore Molimo o hloka leeme ka hore O ahlola motho ka bomong, eseng ho ea ka tloaelo ea bophelo kapa morabe, empa ho ea ka seo a leng sona le seo a se etsang. E, ho Molimo liketso ke tsa bohlokoa. Petrose o ile a hlokomela hore “Molimo ha a leeme, empa sechabeng se seng le se seng motho ea mo tšabang le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena.” (Liketso 10:34, 35) Molimo ea Matla ’Ohle ha a leeme. Hona ho fapane le baeta-pele ba bang ba lefatše, ba ka ’nang ba sebelisa ho hloka mamello ka boomo bakeng sa ho finyella lipakane tsa bona.
Linako Lia Fetoha
Ho ea ka John Gray oa Univesithi ea Oxford, Engelane, mamello ke “bokhabane boo morao tjena bo fumanehang seoelo.” Empa sena se tla fetoha. Mamello e leka-lekantsoeng ka bohlale ba bomolimo e tla rena.
Lefatšeng le lecha le haufi la Molimo, ho hloka mamello ho tla be ho se ho le sieo. Mekhoa e feteletseng ea ho hloka mamello, joaloka leeme le khethollo, e tla be e se e le sieo. Maikutlo a sa utloahaleng a ke ke a hlola a thibela thabo bophelong. Joale, ho tla ba le paradeise e hlollang ka botle e fetang hōle e neng e kile ea e-ba teng Phuleng ea Kashmir.—Esaia 65:17, 21-25.
Na u lebeletse ka thabo ho ea phela lefatšeng leo le lecha? Ke tokelo e kaakang ’me hoo ho tla hlasimolla hakaakang!
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Moapostola Pauluse o ile a bontša teka-tekano e loketseng kaha o ne a e-na le kamano le Molimo