Pono Ea Bibele
Ke Joang U ka Tšabang Molimo ea Lerato?
“HO LEHLOHONOLO MOTHO EA TŠABANG JEHOVA.”—Pesaleme ea 112:1.
HAEBA “Molimo ke lerato,” joalokaha Bibele e mo hlalosa, ke hobane’ng ha ho hlokahala hore re mo tšabe? (1 Johanne 4:16) Ka tloaelo lerato le tšabo li nkoa li sa isane ’moho. Kahoo, tšabo e lokela ho phetha karolo efe kamanong ea rōna le Molimo? Ke hobane’ng ha re lokela ho tšaba Molimo ea lerato? Ho shebisisa kamoo lentsoe “tšabo” le sebelisoang kateng ka Bibeleng ho ka re fa kutloisiso e molemonyana tabeng ena.
Lipuong tse ngata lentsoe le le leng le ka ba le meelelo e sa tšoaneng, ho itšetlehiloe ka taba e le potolohileng. Ka mohlala, lipuong tse ling motho a ka ’na a re: “Ke rata ice cream” a boela a re, “Ke rata bana ba ka.” Ho na le phapang e khōlō mabapi le ho teba le mefuta ea lerato tseo ho buuoang ka tsona mona. Ka ho tšoanang, Bibele e bua ka mefuta e fapaneng ea tšabo. Ha e sebelisa lentsoe leo mabapi le borapeli ho Molimo, ha e bue ka ntho e tšosang, e tšabehang kapa ka boikutlo ba kotlo e atamelang. Ho e-na le hoo, ho tšaba Molimo ho fana ka maikutlo a matlafatsang—a tlhompho e se nang tšabo le a tlhompho e tebileng. Maikutlo ana a hlomphehang a tsamaisana le ho rata le ho atamela ho Molimo, eseng boikutlo ba ho mo baleha kapa ho ipatela eena.
Ho tšaba Molimo ho tlosa tšabo eo e seng ea sebele, ea bokoala. Mabapi le motho ea tšabang Molimo, mopesaleme o ile a ngola: “A ke ke a tšoha ke pehi e mpe, pelo ea hae e tiile, e itšepisa ka Jehova.” (Pesaleme ea 112:7) Ha ho tšokelo e tsoang ho batho ba khopo kapa e tsoang ho Satane ka boeena e ka koahelang tlhompho ea rōna e tebileng le e se nang tšabo ho Jehova. (Luka 12:4, 5) Hape ha rea lokela ho tšaba ho atamela Molimo ka thapelo. Ho e-na le hoo, tabeng ena, ‘lerato le lahlela tšabo ka ntle.’—1 Johanne 4:18.
Maholimo le Khanya ea Molimo
Morena Davida oa boholo-holo e ne e le monna ea tšabang Molimo. O ne a e-na le tšabo e nang le tlhompho ha a nahanisisa ka botle le maranrang a pōpo. O ile a khotsa: “Ke u boka ka baka la mohlolo oa popeho ea ka. Mesebetsi ea hao ea makatsa, moea oa ka o tseba teng haholo-holo.” (Pesaleme ea 139:13, 14) Ha a talima sepakapaka bosiu, o ile a khotsa: “Maholimo a bolela khanya ea Molimo.” (Pesaleme ea 19:1) Na u nahana hore Davida o ile a tšosoa ke phihlelo ee? Ho fapana le hoo, e ile ea mo susumelletsa ho binela Jehova lithoriso.
Tsebo e ntseng e eketseha kajeno ea maholimo e re fa lebaka le leng le matlanyana la ho ikutloa re e-na le tšabo e nang le tlhompho. Morao tjena, litsebi tsa linaleli li ile tsa sebelisa Hubble Space Telescope ho nyarela hare-hare ho leholimo ho feta leha e le mang pele ho tsona. Li ile tsa khetha karolo ea sepakapaka e bonahalang e se na letho ha e shejoa ka libonela-hōle tse behiloeng lefatšeng ’me tsa sheba sebaka se boholo ba thollo ea lehlabathe feela ha e shebeloa bohōleng ba letsoho le otlolotsoeng li sebelisa Hubble. Ho ile ha hlahella boieane, eseng ba linaleli ka bonngoe, empa ba lihlopha tsa linaleli—lihlopha tse khōlō tse nang le linaleli tse ngata-ngata—tseo ho seng mohla motho a kileng a li bona!
Boholo, mehlolo le meeka tsa bokahohle li kenya ka ho moshebelli ea seli tšabo e nang le tlhompho. Leha ho le joalo, meeka e joalo e mpa e le seriti feela sa khanya le matla tsa ’Mōpi. Bibele e bitsa Jehova Molimo “Ntate oa maseli a leholimo” ’me e re bolella hore “o lekanya palo ea linaleli, o li rea mabitso kaofela.”—Jakobo 1:17; Pesaleme ea 147:4.
Boholo ba bokahohle bo boetse bo bonahatsoa ke nako e nkiloeng ke liketsahalo tsa leholimong. Khanya e tsoang lihlopheng tsa linaleli tse nkiloeng foto ka Hubble Space Telescope e ne e phunyelelitse sepakapakeng ka lilemo tse ngata-ngata! Na bophelo ba rōna bo bokhutšoaane le bo fokolang ha ho bapisoa le maholimo a teng ka linako tsohle ha bo etse hore re ikutloe re e-na le tšabo e nang le tlhompho hammoho le tlhompho e tebileng ho Ea entseng linaleli? (Esaia 40:22, 26) Ho tseba hore Molimo ea bōpileng tsena tsohle o boetse o ‘hopola motho ea shoang ’me oa mo tsotella’ ho tebisa tlhompho ea rōna ho ’Mōpi ’me ho re etsa hore re batle ho mo tseba le ho mo khahlisa. (Pesaleme ea 8:3, 4, NW) Tlhompho le kananelo tse tlotlehang joalo ke tsona tseo Bibele e reng ke tšabo ea Molimo.
Molimo ea Tšoarelang
Bohle ha rea phethahala. Esita leha re leka ho etsa se nepahetseng, re fosa e se ka morero. Ha seo se etsahala, na re lokela ho tlakaselisoa ke ho lahleheloa ke kamohelo ea Molimo? Mopesaleme o ile a ngola: “Jehova, ha u ka lotolotsa makhopo, ke mang ea ka emang pel’a hao, Morena? Empa tšoarelo e teng ho uena, u tle u tšajoe.” (Pesaleme ea 130:3, 4) Hore ebe “Mōpi” o mosa ’me o tšoarela joalo ho lokela ho susumelletsa barapeli ba hae ho mo ananela ka ho tebileng le ho mo hlompha ba sa tšabe.—Esaia 54:5-8.
Tšabo ea Molimo e re susumelletsa ho etsa se lokileng le ho qoba ho etsa seo Molimo a reng se fosahetse. Kamano ea rōna le Ntate oa rōna oa leholimo e ka ’na ea tšoantšoa le ea ntate ea molemo le bana ba hae. Ka linako tse ling, bana ba ka ’na ba lebala lebaka leo ntate oa bona a ba hanelang ho bapalla seterateng ka lona. Leha ho le joalo, ha ba ikutloa ba lakatsa ho rahela bolo ka tseleng e sephethephethe, ho hopola seo ntate oa bona a ba thibetseng sona hoa ba khina—mohlomong ho bile ho ba phemisa lefu. Ka mokhoa o tšoanang, ha motho e moholo a tšaba Jehova hoo ho ka ’na ha mo thibela ho etsa ketso e ka ’nang ea senya bophelo—ba hae ka boeena le ba ba bang.—Liproverbia 14:27.
Ho Tšaba Kahlolo ea Molimo
Ka lehlakoreng le leng, motho eo letsoalo la hae le sa mo thibeleng ho etsa se sa khahliseng Molimo o na le lebaka la ho mo tšaba ka tsela e fapaneng le ena. Feela joalokaha mebuso ea batho e fana ka kotlo ho batlōli ba molao, Molimo o na le tokelo ea ho nka khato khahlanong le bafosi ba ka boomo, ba sa bakeng. Ho lumella ha Molimo bokhopo ka nakoana ho entse hore ba bang ba satalatse melala tseleng e fosahetseng. Empa Bibele e bontša ka ho hlakileng hore ka le leng haufinyane o tla tlosa mesaletsa eohle ea bokhopo lefatšeng. (Pesaleme ea 37:9, 10; Moeklesia 8:11; 1 Timothea 5:24) Motho ea khopo ea sa bakeng o na le lebaka la ho tšaba kotlo e tsoang ho Molimo. Leha ho le joalo, mofuta ona oa tšabo hase mofuta oo Bibele e o khothalletsang.
Ho e-na le hoo, Bibele e amahanya tšabo ea Jehova le lintho tse ntle bophelong—ho bina, ho thaba, ho tšepa, bohlale, bophelo bo bolelele, kholiseho, katleho, tšepo le khotso, ha re bolela tse seng kae feela.a Haeba re tsoela pele ho tsamaea ka tšabo ea Jehova re tla thabela litlhohonolofatso tse joalo ka ho sa feleng.—Deuteronoma 10:12-14.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona Exoda 15:11; Pesaleme ea 34:11, 12; 40:3; 111:10; Liproverbia 10:27; 14:26; 22:4; 23:17, 18; Liketso 9:31.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 26]
Courtesy of Anglo-Australian Observatory, photograph by David Malin