Manala a Hao na Ua a Hlokomela?
Ka mongolli oa Tsoha! Sweden
HAEBA motho e mong a ne a ka re ho uena, “Ke kōpa ho bona manala a hao,” u ne u tla itšoara joang? Na u ne u tla mo bontša ka thabo manala a hao a hlokometsoeng hantle, kapa ka potlako u ne u tla potetsa matsoho a hao ka morao? E ka ’na eaba u na le lebaka le letle la ho pata manala a hao. Mohlomong a mpa sa shebahale hantle feela, kapa mohlomong u ja manala. Ho tseba ho eketsehileng ka kaheho e babatsehang ea manala a rōna ho tla re thusa ho a ananela hamolemonyana ’me ho ka re susumelletsa ho a hlokomela hamolemonyana.
Karolo e khōlō ea manala a hao e entsoe ka lisele tse thata tse sa pheleng tse nang le protheine e thata ea keratin. Tekanyo eo manala a hōlang ka eona e fapana ho ea ka menoana le ho ea ka batho. Manala a hōla ka limilimithara tse ka bang tharo ka khoeli. Ha manala a tloheloa hore a hōle a sa kutoe a ka ’na a ba malelele haholo. Ho ea ka The Guinness Book of World Records 1998, monna e mong oa Moindia o ile a tlohella manala a hae a mahlano a letsoho le letšehali ho hōla ho fihlela a le bolelele ba lisenthimithara tse 612. Lenala la monoana o motona le ne le etsa lisenthimithara tse 139.
Kaheho e Rarahaneng
Ha u le re heli! feela u ka ’na ua nahana hore lenala la hao le na le karolo e le ’ngoe feela, lenala ka bolona. Ka hona u ka ’na ua makatsoa ke ho tseba hore manala a nkoa a e-na le likarolo tse ’maloa tse khōlō tse bonahalang hammoho le tse ling tseo u ke keng ua li bona. A re ke re shebisiseng kaheho ea lenala.
1. Lenala. Ena ke karolo e thata eo ka tloaelo re e bitsang hore ke lenala. Lenala le na le mealo e ’meli, o ka holimo le o ka tlaase. Lisele tsa likarolo tsena tse peli li hlophisitsoe ka litsela tse sa tšoaneng ’me li hōla ka litekanyo tse sa tšoaneng. Karolo e ka holimo e boreleli, ha karolo ea eona e ka hare e e-na le mepopotlo e nyallanang le mela e ka tlas’a lenala. Mela ena a fapana ho ea ka batho ’me e ka ’na ea sebeletsa e le tsela ea ho khetholla motho.
2. “Lunule.” Ena ke karolo e tšoeu e bōpehileng joaloka halofo ea khoeli moo lenala le qalang teng. Hase menoana eohle e nang le lunule e bonahalang. Lenala le hōla le tsoa karolong e nyenyane ea sehlopha sa lisele tse phelang moo lenala le qalang teng, e bitsoang matrix. Ena ke karolo ea bohlokoa ka ho fetisisa ea lenala. Lunule ke qetello ea matrix ea lenala, ’me kahoo ke karolo e bonahalang ea lenala le phelang. Karolo e setseng ea lenala e entsoe ka lisele tse shoeleng.
3. Nama e pota-potileng lenala, ka hare le ka thōko. Mona ho buuoa ka nama e pota-potileng lenala. Nama ena e bitsoa sephuthelo sa lenala hobane ha e felle lenaleng feela empa ea meneha hore e kene tlas’a lenala ’me e koahele lenala le hlahang. Nama ena e menehang e sireletsa le ho tšehetsa likarolo tse pota-potileng lenala.
4. “Eponychium.” Ena ke karoloana e nyenyane ea nama e menehang e hlahang qetellong ea moo lenala le hlahang teng. Ka linako tse ling e bitsoa cuticle.
5. “Cuticle.” Cuticle ea sebele ke nama e nyenyane e ka tlas’a eponychium. Ke letlalo le ikhethang le se nang ’mala le khomaretseng ka holim’a lenala.
6. Lenala le hlahellang ka holim’a ntlha ea monoana. Ke karolo ea lenala e hōlang ho hlahella ka holim’a monoana.
7. “Hyponychium.” E fumanoa tlas’a lenala le hlahellang ka holim’a monoana, sehlopha sena sa lisele se bōpa sekoahelo se sa keneleng metsi ho sireletsa karolo e ka tlaase ea lenala tšoaetsong.
Melemo ea ’Ona
Manala a rōna a molemo ka litsela tse ngata, joaloka bakeng sa ho ngoaea. A thusa ho ebola lamunu, ho fasolla lefito, kapa ho tšoara lintho tse nyenyane. Ho feta moo, manala a tšehetsa le ho sireletsa lintlha tse bonojoana tsa menoana.
Ho sa lokelang ho hlokomolohuoa ke ponahalo e ntle ea manala. Manala a rōna a ka ’na a bontša mekhoa e metle—kapa e mebe—ea ho itlhopha. A phetha karolo ea bohlokoa ponahalong e tloaelehileng, ’me haeba a bolokiloe hantle, a ka ’na a khabisa matsoho a rōna. Ka ntle ho ’ona, re ka sitiseha bophelong ba rōna ba letsatsi le letsatsi, ’me matsoho a rōna a ne a tla shebahala a sa fella.
Tlhokomelo e Nepahetseng e a Matlafatsa Haholoanyane
E le karolo e babatsehang ea ’mele ea rōna, manala a rōna a lokela ho hlokomeloa ka tsela e loketseng. Haeba u e-na le bothata bo tebileng ba manala, u lokela ho ea ngakeng. ’Nete ke hore lintlheng tsa menoana ea hao, u ka ’na ua ba le matšoao a bothata bo itseng ’meleng. E, ho boleloa hore mafu a mang a ’mele a ka hlokomeloa ka ho sheba manala a hao.
Na ho ja lijo tse nang le k’halsiamo kapa livithamine tse ngata ho ka matlafatsa manala haholoanyane? Ha a araba potso ena, Moprofesa Bo Forslind, eo e leng mofuputsi litabeng tsa manala Setsing se Karolinska se Stockholm, Sweden, o ile a bolella Tsoha!: “Ha ho na bopaki bo teng bo tšehetsang maikutlo ao. Ha ho hlahlobisisoa k’halsiamo e teng manaleng a itekanetseng ho bonahala feela moneketsela oa motsoako ona.”
Leha ho le joalo, ntho e thusang ho boloka manala a hao ho lula a le matla ’me a sa robehe habonolo ke metsi. Joalokaha ho boletsoe pejana, manala a na le keratin. Likhoele tsa keratin li hloka metsi hore li se ke tsa robeha habonolo. Moprofesa Forslind o fana ka mohlala: “Le hoja lenala la hao le ka ’na la se ke la robeha habonolo ha u qeta ho le kuta, lona lenala leo le kutiloeng le tla robeha habonolo ha le se le qetile bosiu le omile.” Mongobo o tla boloka manala a hao a sa robehe habonolo ’me a le matla. Empa mongobo oo o tsoa kae? Lenala le ka ’na la bonahala le le thata, empa le kenela metsi. Mongobo o tsoang karolong e tlaase ea lenala o nyolosa le lenala ho ea ho e ka holimo ho lona, moo o fetohang mouoane teng. Ke’ng se ka etsoang ho thibela manala hore a se ome le ho boloka manala a hao a le matla? Moprofesa Forslind o re: “Ho a tlotsa ka oli letsatsi le letsatsi ho tla thusa.”
Ho Hlokomela Khōlo ea ’Ona le Botle ba ’Ona
Kaha manala a hōla ho tsoa ho matrix, tlhokomelo e nepahetseng ea karolo ena ea lenala ke ea bohlokoa. Ho hlasimolla matrix ka ho e silila ka mafura kapa oli ho ka thusa lenala ka bolona. Ho feta moo, ho rothisetsa lerotholinyana la oli ka lenaleng le hōlang ho ka boetse ha ba molemo, kaha ho thusa lenala hore le se ke la omella.
Mokhoa oo u kutlulang manala a hao kapa u a kutang ka oona o ka a matlafatsa kapa oa a fokolisa. Ho khothalletsoa hore u kutlule manala a hao ho qala ka mahlakoreng ho ea bohareng. Hopola hore ho kutlula lenala lintlheng ka mahlakoreng ho tla le fokolisa. Sena se tla hlahisa lenala le chorileng, e leng sebōpeho se fokolang ka ho fetisisa, kaha le hloka setšehetso ka mahlakoreng. Bakeng sa manala a makhutšoanyane a matla, ho khothalletsoa hore u tlohelle manala a hao ho hōla a otlolohile limilimithara tse ka bang 1,5 ka mahlakoreng ebe u a kutlula hore a be chitja ho latela sebōpeho sa ntlha ea monoana.
Basali ba bang ba ka ’na ba rata ho ba le manala a batlang a le maleletsana. Empa temoso ke ena. Manala a malelele haholo a ka ’na a hapa tlhokomelo e sa hlokahaleng esita le ho u thibela ho etsa mesebetsi e tloaelehileng. Kahoo boloka pono e leka-lekaneng ka bolelele ba manala. Haeba u etsa joalo, manala a hao e tla ba letlotlo la bohlokoa ’me a khahle ba bang.
Litsebi li re, le ka mohla u se ke ua hlaba manala a hao ka ntho e motsu. Sena se ka senya hyponychium, e leng sehlopha sa lisele se tlas’a lenala le hlahellang ka holim’a monoana. Sehlopha sena sa lisele se etsa sekoahelo se thata se sireletsang karolo e ka tlas’a lenala. Haeba karolo ena e senyeha, lenala le ka ’na la phahama monoaneng ’me la fumana tšoaetso. Bakeng sa ho hloekisa manala ka tlaase, sebelisa borashe bo bonolo haholo.
Manala a matla le a phetseng hantle e batla e le taba ea lefutso. Ke ka lebaka leo batho ba bang ba nang le manala a matla le a sa robeheng habonolo, ha ba bang ba na le manala a thata kapa a robehang habonolo. Ho sa tsotellehe hore na boemo ba manala a hao ke bofe, u ka ntlafatsa ponahalo ea ’ona ka ho ba le tlhokomelo ea kamehla e itekanetseng. E, ho utloisisa sebōpeho, tšebetso le tlhokomelo e nepahetseng ea lenala ho u neha tsebo. Ho sebelisa tsebo e joalo ka bohlale ho tla hlahisa litholoana tse molemo.
Ka sebele manala ke karolo e babatsehang ea ’mele oa motho. Sebōpeho sa ’ona le mosebetsi oa ’ona li fana ka bopaki ba kelello e bohlale e a entseng. Morena Davida oa mehleng ea boholo-holo ka boikokobetso o ile a itlhalosa a hloletsoe ke ’Mōpi oa hae, joalokaha ho tlalehiloe ho Pesaleme ea 139:13, 14: “Ke u boka ka baka la mohlolo oa popeho ea ka. Mesebetsi ea hao ea makatsa, moea oa ka o tseba teng haholo-holo.”
[Setšoantšo se Qanollang se leqepheng la 17]
1. Lenala;
2. “lunule”;
3. nama e pota-potileng lenala, ka hare le ka thōko;
4. “eponychium”;
5. “cuticle”;
6. lenala le hlahellang ka holim’a ntlha ea monoana;
7. “hyponychium”;
8. “matrix”;
9. karolo e tlas’a lenala