Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g98 6/8 maq. 12-14
  • Ke Mang eo e Lokelang ho ba ’Mehi-Mohlala oa ka?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Mang eo e Lokelang ho ba ’Mehi-Mohlala oa ka?
  • Tsoha!—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Babehi-Mohlala—Ba Molemo le ba Kotsi
  • Kamoo ’Mehi-Mohlala ea Molemo a ka U Thusang Kateng
  • Batsoali ke Babehi-Mohlala
  • ’Mehi-Mohlala ea Molemo ka ho Fetisisa
  • Nka Khetha Motho eo ke Batlang ho Tšoana le Eena (Role Model) Joang?
    Bacha Baa Botsa
  • Ke Bo-mang ba Mpehelang Mohlala?
    Tsoha!—2012
  • Bacha—Le Tla Etsa’ng Ka Bophelo ba Lōna?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Bolumeli—Ke Ikhethetse Kapa Batsoali ba Nkhethetse?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
Bala Tse Ling
Tsoha!—1998
g98 6/8 maq. 12-14

Bacha Baa Botsa. . .

Ke Mang eo e Lokelang ho ba ’Mehi-Mohlala oa ka?

“Talenta ea hae e le sebapali sa basketball e ne e le e tsotehang. Metsoalle eohle ea ka e ne e mo rata. E ne e le ’mehi-mohlala oa ka, ’me ke ne ke batla ho tšoana le eena le ho ba le lintho tseo a nang le tsona.”—Ping, mocha e mong oa Asia.

BATHO ba ratoang le ba etsisoang hangata ba bitsoa babehi-mohlala. Mongoli Linda Nielsen o ile a hlokomela: “Bacha ba etsisa batho bao ba ba tsebang le ba fumanang tlhokomelo kapa meputso eo ba e labalabelang.” Ka hona, bacha ba sekamela ho amoheleng lithaka tsa bona tse tummeng kapa tse ba khahlang. Empa bacha ba bangata ba hoheloa ka ho khetheha ke likhalala tsa libaesekopo, libini le baatlelete e le babehi-mohlala ba bona.

Ke ’nete hore hangata maikutlo a fuoang batho ka kakaretso ka batho ba bangata ba tummeng ke ao e mpang e le litšōmo tse khabisitsoeng feela, maqheka a hlophisitsoeng ka hloko a reretsoeng ho pata likoli, ho khothalletsa thoriso e feteletseng, ’me ka holim’a tsohle, ho rekisa! Ping, ea qotsitsoeng pejana, oa lumela: “Ke ile ka reka livideo tsohle tsa ’mampoli oa ka oa basketball le ho apara liaparo le ho roala lieta tse nang le letšoao le tšoanang le la tsa hae.” Bacha ba bang ba apara joaloka melingoana ea bona ea TV kapa ea lipapali, ba kuta meriri ea bona joaloka melingoana ea bona, esita le ho tsamaea kapa ho bua joaloka melingoana ea bona.

Babehi-Mohlala—Ba Molemo le ba Kotsi

U ka ’na ua botsa: ‘Empa kotsi ke efe ka ho rata motho ea itseng?’ Hoo ho itšetlehile ka motho eo u mo ratang. Bibele e re: “Ea tsamaeang le ba bohlale o tla hlalefa; empa ea tloaelaneng le maoatla o tla senyeha.” (Liproverbia 13:20) Bibele ha e re khothalletse ho ba balateli ba batho. (Matheu 23:10) Empa e re bolella hore re “be baetsisi ba bao ka tumelo le ho se fele pelo ba ruang litšepiso.” (Baheberu 6:12) Mongoli oa mantsoe ao, e leng moapostola Pauluse, o ile a behela Bakreste ba pele mohlala o motle. Kahoo, o ne a ka re: “E-bang baetsisi ba ka, esita le joalokaha ke le oa Kreste.”—1 Bakorinthe 11:1.

Mohlankana ea bitsoang Timothea o ile a fela a etsa seo. O ile a theha botsoalle bo haufi le Pauluse maetong a bona a boromuoa. (Liketso 16:1-4) Pauluse o ile a nka Timothea e le “ngoana oa [hae] ea ratoang le ea tšepahalang Moreneng.” (1 Bakorinthe 4:17) Ka lebaka la thuso ea Pauluse, Timothea e ile ea e-ba monna ea hlaheletseng oa Mokreste.—Bafilippi 2:19-23.

Leha ho le joalo, ke’ng se ka etsahalang haeba u khetha ’mehi-mohlala ea fosahetseng? Mohlankana e mong ea bitsoang Richard oa pheta: “Ha ke le lilemo li 15, seithuti-’moho le ’na se bitsoang Mario se ile sa fetoha motsoalle oa ka oa hlooho ea khomo. Batsoali ba ka e ne e le Bakreste, ’me ba ne ba leka ho nthusa moeeng. Empa Mario o ne a ithabisa ka hohle-hohle—ka ho ea disco, liphathing, a e-na le lithuthuthu le lintho tse ling tse joalo. O ne a khona ho etsa ntho eo a e batlang, ka nako eo a e batlang. Ho ne ho se joalo ka ’na. Kahoo, ha ke le lilemo li 16, ke ile ka bolella batsoali ba ka hore ke batla ho khaotsa ho ba Mokreste, ’me ke ile ka khaotsa.”

Na ho na le likotsi tse tšoanang ka ho nka batho ba tummeng hammoho le likhalala tsa lipapali e le babehi-mohlala? E, e teng. Leha ho le joalo, ha ho letho le phoso ka ho rata bokhoni ba moatlelete, motšoantšisi, kapa sebini. Empa ipotse, ‘Batho baa ba beha mohlala oa mofuta ofe bophelong ba bona?’ Na likhalala tse ngata tsa lipapali, libini le libapali tse ling ha li tsebahale ka ho kenella boitšoarong bo bobe ba botona le botšehali, tšebelisong e mpe ea lithethefatsi le joala? Na hase ’nete hore ba bangata ba phela bophelo bo sa thabiseng, bo sa khotsofatseng, ho sa tsotellehe chelete le botumo ba bona? Ha re sheba lintho ka tsela ena, ke molemo ofe oo re ka o fumanang ka ho etsisa batho ba joalo?

Ke ’nete hore ho etsisa motho ea tummeng tabeng ea ho lokisa moriri, liaparo, kapa ho bua ho ka ’na ha bonahala eka ke ntho e fokolang. Empa e ka ba mohato oa pele ho lumelleng lefatše ho “u qobella ho nka sebōpeho sa lona.” (Baroma 12:2, Phillips) Qalong sebōpeho seo se ka ’na sa bonahala se khahlisa. Empa haeba u inehela ka ho feletseng tšusumetsong ea lona, le ka u bōpa ka litsela tseo qetellong li tlang ho u fapanya le Molimo. Ho Jakobo 4:4, Bibele e re: “Botsoalle le lefatše ke bora ho Molimo.”

Kamoo ’Mehi-Mohlala ea Molemo a ka U Thusang Kateng

Leha ho le joalo, ho etsisa motho ea itseng ea behang mohlala o motle, ho ka ba le phello e molemo bophelong ba hao! Har’a Bakreste-’moho, u ka fumana ba bangata bao e leng ‘mehlala ho bueng, boitšoarong, leratong, tumelong, tlhoekong.’ (1 Timothea 4:12) Ke ’nete hore u lokela ho ba hlokolosi ha u khetha metsoalle, esita le ka phuthehong ea Bokreste. (2 Timothea 2:20, 21) Empa hangata ha ho thata ho hlokomela bao ka sebele ‘ba tsamaeang ’neteng’ ka phuthehong. (2 Johanne 4) Molao-motheo o ho Baheberu 13:7 o re: “Ha le ntse le nahanisisa kamoo boitšoaro ba bona bo fellang kateng le etsise tumelo ea bona.” Ho lithaka tsa hao tse ngata, phello ea tsela ea tsona ea boitšoaro ha e e-s’o bonahale. Empa ho na le batho ba hōlileng ka phuthehong ba pakileng botšepehi ba bona, ’me ke bohlale ho ipha nako ea ho ba tseba.

U ka ’na ua botsa: ‘Ke iphe nako ea ho tseba batho ba hōlileng?’ Ke ’nete hore sena se ka ’na sa se ke sa utloahala se ipiletsa hakaalo qalong. Empa hopola botsoalle boo Timothea a bileng le bona le motsoalle oa hae ea hōlileng moapostola Pauluse. Pauluse o ile a hlokomela bokhoni boo Timothea a neng a e-na le bona ’me a mo khothalletsa hore a “fehle joaloka mollo mpho ea Molimo” e leng ho eena. (2 Timothea 1:6) Na ho na le molemo o ka fumanoang ka ho ba le motho e mong ea u thusang le ea u khothatsang, motho ea u khothalletsang hore u hlaolele limpho tseo u li filoeng ke Molimo?

Mocha ea bitsoang Bryan o ile a fumana hore ho joalo. O ne a loantšana le maikutlo a ho ikhalala ha a ne a tloaelana le lesoha le seng le tiile, la mohlanka ea sebeletsang ka phuthehong. Bryan o re: “Ke rata kameho ea hae e lerato ka ba bang, ho akarelletsa le ’na; cheseho ea hae tšebeletsong; le lipuo tsa hae tse monate.” Bryan o se a ntse a fumana molemo oa tlhokomelo ea botho eo a e fumanang ho Mokreste enoa ea hōlileng. Ka ho toba oa lumela: “Ho nthusitse ho fetola seo ke neng ke le sona pele—motho ea lihlong le ea monyebe.”

Batsoali ke Babehi-Mohlala

Buka e bitsoang Adolescence—Generation Under Pressure e bolela hore batsoali ke “tšusumetso ea ka ntle eo e leng ea bohlokoa eo ho seng e lekanang le eona ho thuseng kapa ho sitiseng mocha ea itekanetseng ho finyella botho bo khotsofatsang.” Buka eo e phaella ka hore ntle le hore ebe ba tseba moo ba eang le ho khona ho khetholla tsela eo, bacha “ba tla tšoana le sekepe se se nang ntho e se laolang, se ikelang hohle moo maqhubu a se tsokoletsang teng.”

Keletso ena e bontša seo morutuoa Jakobo a ileng a se ngola lilemong tse fetang 1900 tse fetileng, joalokaha se tlalehiloe ho Jakobo 1:6: “A a ’ne a tsoele pele a kōpa ka tumelo, a sa belaele ho hang, kaha ea belaelang o joaloka leqhubu la leoatle le khannoang ke moea le le fefoleloang koana le koana.” Mohlomong u tseba bacha ba bang ba joalo hantle. Ba sekametse ho pheleleng menyaka ea kajeno feela, ha ba nahane ka bokamoso.

Na u hlohonolofalitsoe ka ho ba le batsoali ba tšabang Molimo ba behang mohlala o motle ka phuthehong? Haeba ho joalo, na u ikokobelletsa tšusumetso ea bona? Kapa na u lula u ba loantša nako ee kaofela? Ke ’nete hore batsoali ba hao ha baa phethahala. Empa u se ke ua iphoufalletsa litšoaneleho tsa bona tse molemo—litšoaneleho tseo e leng hantle hore u li etsise. Mocha e mong oa Mokreste ea bitsoang Jarrod oa ngola: “Ke khahloa ke batsoali ba ka haholo. Cheseho ea bona e tšoarellang tšebeletsong, tsela eo ba ileng ba sebetsana le mathata a lichelete ka eona le khothatso eo ba mphileng eona bakeng sa ho kopanela tšebeletsong ea nako e tletseng, kaofela li ntsoetse molemo. Kamehla batsoali ba ka e ’nile ea e-ba babehi-mohlala ba ka.”

’Mehi-Mohlala ea Molemo ka ho Fetisisa

Ha mokhatlo o etsang phuputso ea Gallup o ne o botsa bacha ba seng bakae ba United States hore na ba nahana hore motho e moholo ka ho fetisisa historing ke mang, ba bangata ba ile ba khetha bo-ralipolotiki ba Amerika. Ke ba etsang karolo ea 6 lekholong feela ba ileng ba khetha Jesu Kreste. Leha ho le joalo, Bibele e re bolella hore Jesu Kreste o re sietse “mohlala [o phethahetseng] hore [re] latele mehato ea hae haufi-ufi.” (1 Petrose 2:21; Baheberu 12:3) O khothalletsa barutuoa ba hae ho ithuta ho eena. (Matheu 11:28, 29) Empa re ka ithuta ho eena joang?

Tloaelana hantle le bophelo ba Jesu. Leka ho bala litlaleho tsa Kosepele ka ho feletseng, hammoho le buka ea Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela.a Hlokomela tsela eo Jesu a neng a ruta ka eona, tsela e bontšang kutloelo-bohloko eo a neng a sebetsana le batho ka eona le sebete seo a ileng a se bontša ha a ne a le tlas’a khatello. U tla fumana hore Jesu ke ’mehi-mohlala ea molemo ka ho fetisisa eo u ka mo latelang.

Ha u ntse u tloaela ’mehi-mohlala enoa ea phethahetseng ka ho eketsehileng, u ke ke ua hoheloa habonolo ke lithaka kapa ke batho ba tummeng ba sa hloekang. Na u sa hopola Ping le lerato leo a neng a rata khalala ela ea lipapali ka lona? Ping o ntse a thabela papali ea basketball nako le nako, empa o ile a hlokomela hore ke bothoto ho etsisa batho ba tummeng.

Empa ho thoe’ng ka Richard? ’Mehi-mohlala eo a ileng a khetha ho mo etsisa o ile a mo lahlisa tumelo ea Bokreste. Leha ho le joalo, Richard o ile a tsebana le mohlankana e mong ea lilemong tsa bo-20, ea bitsoang Simon, eo e neng e le e mong oa Lipaki tsa Jehova. Richard o re: “Simon o ile a iketsa motsoalle oa ka, ’me a nthusa hore ke bone hore motho a ka ’na a thabela bophelo a ntse a sa sekisetse melao-motheo ea Bibele. Kapele-pele ke ile ka qala ho hlompha Simon, ’me mohlala oa hae o ile oa phetha karolo e khōlō ho etseng hore ke khutlele ka phuthehong ’me ke nehele bophelo ba ka ho Jehova. Hona joale ke thabile haholoanyane, ’me bophelo ba ka bo na le morero.”

E, babehi-mohlala bao u ba khethang ba hlile baa tsotelleha!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a E hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Ho tloaelana le batho ba hōlileng ba nang le botumo bo botle ho ka u thusa

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela