Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g98 11/8 maq. 26-27
  • Tšoaro e Sehlōhō ea Liphoofolo—Na e Fosahetse?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tšoaro e Sehlōhō ea Liphoofolo—Na e Fosahetse?
  • Tsoha!—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Hobane’ng ha Tšoaro e Sehlōhō e Fosahetse?
  • Phomolo Bakeng sa Liphoofolo
  • Liphoofolo
    Tsoha!—2015
  • Na Liphoofolo li ea Leholimong?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Na Molimo o Tsotella Liphoofolo?
    Tsoha!—2011
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
Bala Tse Ling
Tsoha!—1998
g98 11/8 maq. 26-27

Pono Ea Bibele

Tšoaro e Sehlōhō ea Liphoofolo—Na e Fosahetse?

LEBALENG le leng la boithabiso Amerika Bohareng, mahlo ’ohle a tsepamisitsoe mekōkōng e ’meli, o mosootho le o mosoeu. Letšoele le etsa lerata ha mokōkō o mosootho, o tlameletsoeng lehare le bohale leotoaneng, o tabola o mosoeu ka lehare lena. Molaola-papali o nka likhōhō tseo tse peli. E tšoeu e se e le soekesoeke, e shoele ebile e lutla mali. Ntoa ea mekōkō e felile.

Philippines e ka boroa, ho qabanngoa lipoho tse peli tsa lipere. Babohi ba shebella ketsahalo ena e tšosang ha lipere tsena li ntse li lomana litsebe, melala, linko le litho tse ling tsa ’mele. Le hoja li ka ’na tsa tsoa ka lebaleng li phela, bonyane e ’ngoe ea tsona e ka ’na ea holofala kapa ea foufala kapa ea tsoa likotsi tse tla qetella li e bolaile.

Lintja tse peli lia khorohelana Russia. Ka mor’a nako e khutšoanyane, ha li se li tsoile mahlo ’me li tabohile litsebe, li tsamaea li holofetse maoto, nama ea tsona e hlenhlaneng e lutla mali.

Ka lilemo tse makholo batho ba ’nile ba qabanya liphoofolo ka morero oa papali, ’me hangata ba susumetsoa ke moea oa ho becha. Lethathamong lena ho phaelloa ka lipoho tse qabanngoang, ho tsoma liphokojoe, esita le ho qabanya likho. Ho phaella moo, liphoofolo tse ngata li utloisoa bohloko lebitsong la saense. Ho feta moo, liphoofolo tse ngata li hlokomolohiloe ke beng ba tsona, ebang ke ka morero kapa hase ka morero.

Linaheng tse ling, ho na le melao e laolang tsela eo liphoofolo li tšoaroang ka eona le e thibelang liketso tse sehlōhō. Hoo e ka bang morao koo ka 1641, Massachusetts Bay Colony e ile ea rala “The Body of Liberties,” e neng e re: “Ha ho motho ea tla sebelisa Tšoaro e Mpe kapa Sehlōhō Liphoofolong leha e le life tseo ka tloaelo li bolokoang lapeng bakeng sa ho sebelisoa ke batho.” Ho tloha ka nako eo, ho fetisitsoe melao ’me ha thehoa mekhatlo e sireletsang khahlanong le tšoaro e sehlōhō ea liphoofolo.

Ho ntse ho le joalo, ba bangata ba buellang lipapali tse boletsoeng ka holimo tsa ho qabanya liphoofolo ha ba inke e le bahlohlelletsi ba tšoaro e sehlōhō ea liphoofolo. Ba bang ba ipolela hore ba rata liphoofolo tseo ka sehlōhō ba etsang hore li utloisoe bohloko kapa li shoe. Ba ratang ho qabanya mekōkō ba bolela hore likhōhō tsa bona li phela nako e telele ho feta likhōhō tse tloaelehileng tse rueloang ho hlajoa le ho jeoa—ka sebele ke matšeliso a se nang phofo!

Ke Hobane’ng ha Tšoaro e Sehlōhō e Fosahetse?

Molimo o re lumella hore re rue molemo liphoofolong. Melao-motheo ea Bibele e re lumella ho bolaea liphoofolo bakeng sa ho etsa liaparo le lijo kapa ho itšireletsa kotsing. (Genese 3:21; 9:3; Exoda 21:28) Leha ho le joalo, bophelo boa halalela ho Molimo. Ho laola ha rōna liphoofolo ho tlameha ho sebelisoa ka tsela e leka-lekaneng e bontšang tlhompho bakeng sa bophelo. Bibele e bua hampe ka motho ea bitsoang Nimrode, eo ho bonahalang hore o ne a bolaea liphoofolo ’me mohlomong le batho e le boithabiso feela.—Genese 10:9.

Jesu o buile ka kameho ea Molimo bakeng sa liphoofolo ka mantsoe ana: “Lirobele tse hlano li rekisoa ka lichelete tsa tšepe tse peli tsa bohlokoa bo bonyenyane, na ha li rekisoe ka lichelete tseo? Empa leha ho le joalo ha ho le se seng sa tsona se lebaloang ka pel’a Molimo.” (Luka 12:6) Hape, ha a ne a fetola maikutlo mabapi le ho timetsa motse o neng o tletse batho ba tloaetseng ho etsa bokhopo ba bakileng, Molimo ka boeena o ile a re: “Ke se ke ka qenehela Ninive, motse oo o moholo, o nang le batho ba fetang lekholo le nang le mashome a mabeli a likete . . . , hape o nang le likhomo tse ngata!” (Jonase 4:11) Ka ho totobetseng, ha a nke liphoofolo e le thepa feela e ka lahloang habobebe, eo motho a ka e lahlang ha a rata.

Ha a fa Baiseraele melao, Molimo o ile a ba ruta tlhokomelo e nepahetseng ea liphoofolo. O ne a hloka hore ba khutlisetse phoofolo e lahlehileng ho mong’a eona le ho thusa liphoofolo tse tsietsing. (Exoda 23:4, 5) Liphoofolo li ne li lokela ho rua molemo phomolong ea Sabatha, feela joaloka batho. (Exoda 23:12) Ho ne ho e-na le melao e laolang tšoaro e nepahetseng ea liphoofolo tse sebelisoang masimong. (Deuteronoma 22:10; 25:4) Ka ho totobetseng, liphoofolo li ne li lokela ho hlokomeloa le ho sireletsoa, eseng li sebelisoe hampe.

Liproverbia 12:10 e bolela pono ea Molimo ka ho hlakileng: “Motho ea lokileng o baballa ho phela ha khomo ea hae, empa mehauhelo ea e mobe e bohloko.” Tlhaloso e ’ngoe ea Bibele e fetolela temana ena tjena: “Mosa oa motho ea lokileng o fetela le ho liphoofolo tse sa tsebeng ho bua, empa motho ea khopo o sehlōhō, esita le mohla a nahanang hore o mosa haholo.”—Believer’s Bible Commentary, ea William MacDonald.

Motho ea lokileng o tšoara liphoofolo ka mosa ’me o batla ho tseba litlhoko tsa tsona. Motho ea khopo a ka ’na a ipolela hore o rata liphoofolo, empa “mehauhelo” ea hae, le mohla ho thoeng e metle, ha e le hantle e sehlōhō. Liketso tsa hae li bonahatsa merero ea boithati eo a e nahanneng. See ke ’nete hakaakang ka batho ba qabanyang liphoofolo ka tšepo ea ho hapa chelete!

Phomolo Bakeng sa Liphoofolo

Ke ’nete hore morero oa pele oa Molimo e ne e le hore batho ba “buse lihlapi tsa leoatle, le tse rurang tsa maholimo, le tsohle tse phelang, tse hababang lefatšeng.” (Genese 1:28) Tšoaro e sehlōhō ea liphoofolo ha e lumelloe morerong oo. Tšoaro e sehlōhō ea liphoofolo e ke ke ea tsoela pele ka ho sa feleng. Re na le lebaka la ho lumela hore Molimo o tla felisa tlhokofatso eohle e sa hlokahaleng. Empa o tla e felisa joang?

O tšepisa hore o tla felisa batho ba khopo le ba sehlōhō. (Liproverbia 2:22) Mabapi le liphoofolo, Hosea 2:18 e re: “Ka tsatsi leo, ke tla ba etsetsa selekane le liphoofolo tsa naha, le linonyana tsa leholimo, le tse hahabang lefatšeng; . . . ’me ke tla ba ahisa ka khotso.” E tla ba ho hlollang hakaakang ho phela nakong eo, ha maemo a khotso a tla ruisa batho ba lokileng le liphoofolo molemo!

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

“Ho Qabanya Lipoho Motseng,” ka Francisco Goya

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela