Ho Hlahlobisisa Botle ba Khale-khale ba Lehong
KA MONGOLLI OA TSOHA! NEW ZEALAND
LEQEME la lehong, haholo-holo la libaka tse itseng ka ho khetheha, le ntse le eketseha ka potlako. Libakeng tse ngata tsa lefatše meru e ntse e qetoa ka lebelo le tšosang. Khaello ea mapolanka e fella ka litefello tse hanyapetsang tsa lehong, e leng e ’ngoe ea lihlahisoa tsa lefatše tsa motheo le tseo pele li neng li le ngata.
Hoa makatsa hore ebe mona New Zealand, ho na le masimo a atlehileng a phaena ea mofuta oa radiata, e ileng ea tlisoa ka bo-1930, empa leha ho le joalo, meru ea lifate tsa sebakeng sena, tse kang rimu, kauri, beech, le kahikatea, ea fokotseha.
Thahasello e sa Feleng ea Lehong
Ka lilemo tse likete, batho ba ’nile ba thabela ho betla lehong bakeng sa ho etsa thepa e molemo ea mefuta-futa. Hangata ’mala, sebōpeho se khethollehileng, esita le monkho o ntšoang ke mefuta e mengata ea lehong hangata li ’nile tsa thabisa batho. Thepa e sebelisoang ka litsela tse sa tšoaneng e ’nile ea khotsofatsa batho ka lilemo-lemo, ’me maemong a mang, e le ka lilemo tse makholo-kholo.
Ho tloha khale, ho ’nile ha sebelisoa thepa ea ka tlung e entsoeng ka lehong. Ba sebelisa lithulusi tsa boholo-holo, banna le basali ba ’nile ba bonahatsa talenta le tsebo ea ho etsa lintho tsa motheo tse kang litafole, lijana, litoromolo, makese le litulo.
Theknoloji ea sejoale-joale e potlakisitse lebelo leo thepa e joalo e etsoang ka lona kajeno. Lithulusi tsa motlakase, tse kang lisakha, liboro, mechine e falang, le mechine e hohlang, le hoja e baka lerata, ka bokhabane e ka fetola sefate hore e be thepa ea ka tlung e entsoeng ka lehong. Linaha tse ngata li ka ithorisa ka lifeme tse sebetsang ka lehong tse hlahisang thepa ea ka tlung e ngata ka litefello tse tlaase.
Empa hangata thepa e joalo ea ka tlung ha e tšoarelle nako e telele hobane mohlomong (1) mesoahla (lehong le letle le manehoang holim’a le fokolang, ’mesonaete) e nkela lehong sebaka kapa (2) mekhoa e sebelisoang moo ho kopanngoang lehong e itšetlehile tabeng ea ho etsa lintho ka lepotla-potla ho sebelisoa mechine e kenyang listeipole kapa lipekere tse nyenyane le tse khōlō.
Ho Khutlela Seletsoaneng se Bitsoang Adz
E le boiteko ba ho hlōla seo ho bonahalang e le mefokolo ea theknoloji ea sejoale-joale, ba bangata ba batla ho sebelisa thulusi ea boholo-holo ea ho betla lehong—seletsoana se bitsoang adz. Se hlalosoa e le “thulusi e rathang e nang le hlooho e bohale e sek’hoek’hoe ’me haholo-holo e sebelisetsoa ho betla lehong.” New Zealand, batho ba Maori ba ne ba sebelisa liletsoana tsa lehakoe (jade) bakeng sa ho hopa liketsoana le ho betla lipalo tsa ho betla. Leha ho le joalo, liletsoana tse ngata tsa kajeno ke tsa tšepe.
Lilemong tse makholo tse fetileng, babetli ba ne ba sebelisa liletsoana bakeng sa ho otlolla liforeimi ha ho ahoa ntlo kapa sekepe. Ba ne ba betla mapolanka ba a kentse pakeng tsa maoto, ba sebelisa karolo e rathang e kobehileng ea seletsoana bakeng sa ho tlosa makukuno kapa likoti tsa lehong.
’Mate oa Sona—Drawknife
Ho hong ho ntlafatsang botle ba thepa e betloang hoo e leng ’mate oa seletsoana ke thulusi e ’ngoe ea bohlokoa haholo, e bitsoang drawknife. E sebelisetsoa ho betla lehong ka mahohle. Seletsoana sena le drawknife li tlameha ho lula li le bohale.
Hang ha u fumane lithulusi tsena, bohato bo latelang ke ho batla lehong le e-s’o etsoe letho, ebe u le fetola thepa leha e le efe ea ka tlung eo u lakatsang ho e etsa. Ho ea ka pono ea babetli, ke hona moo mokhoa oa khale oa ho etsa thepa ea ka tlung o leng molemo haholo ho feta mekhoa ea sejoale-joale.
Mapolanka a ipometsoeng feela, hafeela a omme ’me a sa khopama le ho kobeha, a ka betloa hore e be thepa ea ka tlung e tiileng le e ntle. Mapolanka a joalo a ka fumanoa mehloling e sa tšoaneng: thepeng ea ka tlung e lahliloeng (liotoropo, liheteboto, litafole), makese a khale, maballo a meaho e helelitsoeng, le lipalo tsa khale tsa terata e kampelang.
Lehong le Tsosolositsoeng—Le Fumaneloa Mosebetsi o Mocha
Matsoho a setsebi a ka tsosolosa lehong le tsofetseng le se nang libōkō kapa le sa bolang hore e be le khahlehang le le letle.
Lipha, masoba a lipekere le likoti li ka etsa hore lehong le tsosolositsoeng le sebelisetsoang thepa ea ka tlung le be le litšobotsi tse sa tloaelehang. Ha thepa ea hao e entsoeng ka matsoho e entsoe ka tsela e sa fetoleng sebōpeho sa eona sa tlhaho kapa e fetotsoe ’mala le ho bentšoa, e tla u khotsofatsa e be e u thabise e le mosebetsi o tsoileng matsoho le o tšoarellang.
Joaloka molemi ea lemang mobu, sebōpi se bōpang letsopa le moohli ea ohlang boea, ’metli ea betlang lehong a sebelisa seletsoana le drawknife o fumana sena e le se putsang haholo. E, ke mosebetsi o boima. E, o tlil’o nka nako e telele haholo ho feta mekhoa ea sejoale-joale. Leha ho le joalo, ho tseba hore mosebetsi oa hao o tla u khotsofatsa le hore thepa ea hao ea ka tlung e entsoeng ka matsoho e tla sebelisoa hamolemo ka lilemo-lemo ke ba e fumanang, ho tlatsetsa thabong ea khale-khale e tsamaisanang le ho sebetsa ka lehong.
Malebela Mabapi le Mekhoa e Sebelisoang
Seletsoana ha sea lokela hore se ka sebelisoa holim’a lehong le leng le le leng. Sebōpeho sa mahong a thata a libaka tse chesang tse mongobo hangata a hana lehare la seletsoana. Ka tloaelo, lehong le bonojoana le sebetseha hamolemonyana ka seletsoana. Makukuno hase bothata bo bokaalo. Ha u sebelisa gouge (chesele e sek’hoek’hoe), u ka a betla kapa ua a fata, eaba u etsa tšobotsi e khethehileng moo u ntseng u lokisa teng.
Hangata o mong oa mebala e metlehali o fumanoa mapolankeng a sakhiloeng khubung ea sefate. Ke ka seoelo ho tla hlokahala hore thepa ea ka tlung e entsoeng ka ’ona e kenngoe ’mala. Leha ho le joalo, haeba u batla hore lehong le pala le be letle ’me le khethollehe, ho na le mebala e mengata e sa tšoaneng e ka tšoanelang khetho ea hao.
Esita le mosebetsi ona ha ho hlokahale hore o be litšenyehelo li boima. Ba bang ba tšasa lehong le khanyang kapa le leputsoa ka kerisi ea koloi ’me ba fumana hore ka mokhoa o hlollang e ntlafatsa thepa e entsoeng ka matsoho.
E le ho qetela mosebetsi oa hao, ho na le mefuta e fapa-fapaneng ea lipholeshe kapa liferefe tse ka nyanyatsoang kapa tsa tlotsoa thepeng ea ka tlung. Bakeng sa ferefe e hōlisang boleng ba lehong ho fapana le ho le tiisa, u ka tšasa lehong ka oli e pholeshang e entsoeng ka lintho tse latelang: likarolo tse hlano tsa asene, likarolo tse ’nè tsa teramotene, likarolo tse peli tsa oli e tala ea linseed, le karolo e le ’ngoe ea sepiriti. Qhibilihisetsa boka ba linotši motsoakong oa hao, ’me u o lumelle hore o thophothele holim’a lehong ka matsatsi a ’maloa.
Mosebetsi o Tsoileng Matsoho o Khotsofatsang
Thepa ea ka tlung eo u e entseng ka lehong leo u le sebelitseng ka matsoho a hao e tla ’ne e u khahle kamehla ha e ntse e lutse sebakeng seo u se ratang haholo lehaeng la hao, ho sa tsotellehe hore na ke le lenyenyane hakae. Lefatšeng lohle, matlong a maholo le a manyenyane, motho a ka fumana mehlala e mengata e hlollang, eo ka linako tse ling e leng ea lilemong tse makholo tse fetileng, ea mosebetsi o tsoileng matsoho oa litsebi tsa ho etsa thepa ea ka tlung. Ka sebele ke bopaki ba tsebo, mahlahahlaha le mamello ea batho ba joalo. Ba khotsofatsoa le ho thabisoa ke ho etsa thepa eo ha e hlokometsoe hantle, e tlisang molemo oa sebele le botle. E tlatsetsa hore meaho eo e e khabisitseng e be e ikhethileng.
Mehleng ena, e ntseng e tlala lihlahisoa tsa polastiki le tse entsoeng ka boka bo kentsoeng ’mala, mpho ea ’Mōpi oa rōna ea lifate e sa ntse e phetha merero e mengata e molemo. O mong o molemo haholo ke ho fana ka lehong le hapang setsebi sa mosebetsi oa matsoho se chesehang hore se le fetole thepa ea ka tlung e ntle ea lehong.
[Litšoantšo tse leqepheng la 23]
“Rimu”
“Tawa”
Eike
Lehong la phaena ea “radiata” e makukuno
Lehong la phaena e ferefiloeng
Lehong la phaena e tšasitsoeng ka kerisi ea koloi
Lehong la phaena e fetotsoeng ’mala hore o be motšo
[Litšoantšo tse leqepheng la 24]
Ho sebelisa seletsoana
le “drawknife”
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Raka e entsoeng ka matsoho
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Raka ea sekhutlo