Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g98 12/8 maq. 30-31
  • Na Koluoa ea Bokahohle e Tla Felisa Lefatše la Rōna?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Koluoa ea Bokahohle e Tla Felisa Lefatše la Rōna?
  • Tsoha!—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bokahohle bo Tlas’a Taolo ea Molimo
  • Lefatše la Rōna—Le Entsoe ka Morero
  • Ho Pholoha ha Moloko oa Batho ho Tiisitsoe
  • Molimo o Tšepisa Hore Lefatše le Tla Lula le le Teng
    Tsoha!—2023
  • Mpho ea ka ho sa Feleng e Tsoang ho ’Mōpi
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Na Lefatše le Tla Felisoa?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Lefatše
    Tsoha!—2014
Bala Tse Ling
Tsoha!—1998
g98 12/8 maq. 30-31

Pono ea Bibele

Na Koluoa ea Bokahohle e Tla Felisa Lefatše la Rōna?

KA LA 12 March, 1998, lihlooho tsa litaba tsa likoranta, li TV le Internet ho pota lefatše li ile tsa hasa litaba tse sokelang: “Naletsana e bophara ba k’hilomithara le halofo e tsamaella haufi-ufi le Lefatše hoo e ka ’nang ea batla e le thula.” Bo-rasaense le batho feela ba ile ba etsa litlhahlobo ba tšohile e le hore ba ka lekanyetsa hore na ho na le kotsi ea sebele. Ka potlako, litsebi tsa linaleli li ile tsa etsa qeto ea hore ha ho na monyetla oa hore li thulane.

Leha ho le joalo, ho hlahile kutloisiso e ncha har’a pherekano eo. U. S. News & World Report e itse: “Ntho e makatsang ka mokhosi ona oa bohata e ka ’na eaba hore, le hoja o ne o tšosa hakaalo, batho ba bangata ha baa ka ba nka hore ke mohlolo. Khopolo ea hore rōna ba Lefatšeng re lebelle lintho tse eketsehileng tse kang tseo—re be re rere ho etsa se itseng ka tsona—e ka be e bile mohlolo lilemong tse leshome kapa ho feta tse fetileng, empa hona joale bo-rasaense, esita le bo-rapolotiki ba bang ba nahana hore tšokelo eo le hoja e fokola, ke ea sebele.”

Litsebi tse ling tsa linaleli li lumela hore lihloliloeng tse ka bang 2000 tsa bokahohleng, tse khōlō hoo li ka bakang koluoa ea lefatše lohle, li tsamaela tselaneng ea lefatše ka lebelo le tšosang hoo li ka e parolang kapa tsa e-ba haufi haholo le eona. Esita le haeba e ’ngoe ea tsona e batlang e le nyenyane e ka thula lefatše, babatlisisi ba re ho phatloha ho ka bang teng ho ne ho tla lekana le matla a libetsa tse ngata tsa nyutlelie ha li phatlohela hong. Phello ea kotsi eo e ka ba e timetsang lefatše la rōna le baahi ba lona, batho le liphoofolo ka ho tšoanang.

Maikutlo ao hangata a sa eloeng hloko ha ho nahanoa ka lintho tseo tse lerootho tseo ho thoeng li ka etsahala le tse hakanyetsoang, ke a ’Mōpi oa bokahohle, Jehova Molimo. (Pesaleme ea 8:3; Liproverbia 8:27) Ka Bibeleng, o tsebahalitse ka ho hlakileng merero ea hae ka lefatše le moloko oa batho. Na o tla lumella koluoa ea bokahohle hore e senye lefatše la rōna?

Bokahohle bo Tlas’a Taolo ea Molimo

Kaha Jehova ke ’Mōpi ea matla ’ohle oa bokahohle, ke ho utloahalang ho etsa qeto ea hore o na le matla a ho laola matla a busang linaletsana tse bokahohleng. Morena Solomone ea bohlale o ile a re Jehova o “alile maholimo ka kelello.” (Liproverbia 3:19) Moprofeta Jeremia o ile a bolela hore Molimo “ka hlalefo ea hae o alile maholimo.”—Jeremia 51:15.

Jehova o entse hore melao le matla a tsamaisang lihloliloeng tsa leholimo tse akarelletsang linaleli, lipolanete, mechochonono le linaletsana tse nyenyane e sebetse. (Esaia 40:26) Leha ho le joalo, hoa bonahala hore o lumella linaleli le lipolanete hore li potolohe ka litsela tsa tsona tsa tlhaho tseo ka tšoantšetso ho ka thoeng ke tsa tsoalo, tsa bophelo ba tsona le ho shoa ha tsona, a sa kenelle ka linako tsohle. Sena se kenyelletsa ho thulana ho matla ha lihloliloeng tsa leholimo. Mohlala o mong oa morao tjena ke oa ho thulana ho ileng ha etsahala ka July 1994, hoo likotoana tsa mochochonono oa Shoemaker-Levy 9 li ileng tsa thula polanete ea Jupiter.

Ho na le bopaki ba thuto ea mafika bo bontšang hore pele motho a e-ba teng mafika a maholo a tsoang sepakapakeng a ile a batana lefatšeng. Empa na seo se tla ke se etsahale polaneteng ee ea rōna eo batho ba ahileng ho eona? Ka mohlala, ho ka etsahala’ng haeba naletsana e bophara ba lik’hilomithara tse 1,5 e ka oela lefatšeng? Setsebi se seng sa linaleli, Jack Hills, se ile sa lepa hore ho batana ha eona ho ka ba le matla a fetang ka makhetlo a limilione bomo e ileng ea timetsa Hiroshima. Haeba e ka batana leoatleng, maqhubu a leoatle a ka tlatsa metsi meeling ea lebōpo la leoatle. Hills o re: “Moo metse e neng e le teng ho ka sala thota e bataletseng ea seretse.” Haeba ho ka ba le liketsahalo tse joalo tse latellanang, seo se ka bolela pheliso e feletseng ea moloko oa batho. Ponelo-pele ee ea letsatsi la timetso e lumellana joang le thato ea ’Mōpi oa rōna ka lefatše? Bibele e bontša hore polanete ena e na le sebaka se khethehileng morerong oa Jehova.

Lefatše la Rōna—Le Entsoe ka Morero

Mopesaleme o ile a re ka polanete ea rōna: “Ha e le maholimo, ke maholimo a Jehova, ’me lefatše o le neile bana ba batho.” (Pesaleme ea 115:16) Esaia o hlalosa Jehova e le ‘moetsi oa lefatše, ea le tiisitseng, ea sa le bōpelang lefeela, ea mpang a le bōpetse hore le ahuoe.’ (Esaia 45:18) Lefatše ke lefa leo Jehova a le fileng batho. ’Me kaha ’Mōpi oa rōna o rerile bokamoso bo sa feleng bakeng sa batho ba tšabang Molimo, lefatše le tla ba teng ka ho sa feleng e le lehae la bona. Pesaleme ea 104:5 (NW) ea re tiisetsa: “[Jehova] o thehile lefatše holim’a libaka tsa lona tse tiisitsoeng; ha le na ho sisinngoa ho isa nakong e sa lekanyetsoang, kapa ka ho sa feleng.”

Ke ’nete hore Molimo o ’nile a lumella likoluoa tse khōlō hore li be teng polaneteng ea rōna, tse ileng tsa bolaea karolo e khōlō ea batho. Tse ling tsa likoluoa tsena—tse kang lintoa, litlala tsa sekoboto le mafu a seoa—li bakiloe ka ho feletseng kapa ka tekanyo e itseng ke batho ba meharo, ba bothoto le ba khopo. (Moeklesia 8:9) Tse ling—tse kang litšisinyeho tsa lefatše, ho foqoha ha seretse se chesang, meroallo le lifefo—li ’nile tsa bakoa ke liketsahalo tsa tlhaho tseo batho ba sa li utloisiseng hantle. Ho fapana le morero oa Molimo oa tšimolohong, batho ha ba sa phethahetse; ke baetsalibe. Ka lebaka leo, hona joale re ke ke ra lebella hore ka bomong re be le tšireletseho ea bomolimo ho seo ho thoeng ke likoluoa tsa tlhaho.

Leha ho le joalo, ha ho moo Jehova a lumeletseng bophelo ba motho lefatšeng hore bo sokeloe ka tsela e kotsi-kotsi. Haesale motho a bōptjoa, histori e nang le bopaki ha e na tlaleho ea koluoa ea tlhaho e ileng ea sokela bophelo ba batho bohle.a

Ho Pholoha ha Moloko oa Batho ho Tiisitsoe

Ho tloha tšimolohong ea histori ea motho, morero oa ’Mōpi oa rōna e ’nile ea e-ba hore batho ba ‘tlale lefatše ’me ba rene holim’a lona.’ (Genese 1:28; 9:1) O tšepisitse hore “ba lokileng ba tla ja lefa la lefatše, ’me ba tla hlola ho lona ka ho sa feleng.” (Pesaleme ea 37:9, 11, 22, 29) Mabapi le litšepiso tsa hae, Jehova o fana ka tiiso ena: “Morero oa ka o tla tiea, ke tla phetha thato ea ka kaofela.”—Esaia 46:10; 55:11; Pesaleme ea 135:6.

Bibele ha e qhelele ka thōko ka ho feletseng monyetla oa hore ho be le likoluoa tse fokolang tsa lefatše tse bakoang ke liketsahalo tsa bokahohle. Leha ho le joalo, re ka kholiseha hore Jehova a ke ke a lumella koluoa leha e le efe ea bokahohle hore e senye morero oa hae o boletsoeng ka lefatše le moloko oa batho. Motheong oa seo Bibele e se tšepisitseng, re ka kholiseha hore polanete ea rōna e tla lula e loketse hore e ahoe ka ho sa feleng—e, e tla ba lehae la batho ka ho sa feleng!—Moeklesia 1:4; 2 Petrose 3:13.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Moroallo oa mehleng ea Noe e ne e le mokhoa oo Molimo a lihang kahlolo ka oona, empa Jehova o ile a etsa bonnete ba hore batho ba itseng le liphoofolo baa pholoha.—Genese 6:17-21.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela