Ho Koetela—Khoebo ea Lefatše Lohle
LILEMONG tse leshome tse fetileng, ho bile le keketseho e sekhahla ea liketsahalo tsa ho koetela lefatšeng ka bophara. Tlaleho e ’ngoe e bolela hore pakeng tsa 1968 le 1982, ho ile ha koeteloa batho ba ka bang sekete linaheng tse 73. Empa lilemong tse qetellang tsa bo-1990, batho ba hakanyetsoang ho 20 000 ho isa ho ba 30 000 ba ne ba koeteloa selemo le selemo.
Ho koetela ho bonahala e le tlōlo ea molao e nketsoeng holimo ke linokoane lefatšeng ho tloha Russia ho ea Philippines, bakoeteli bana ba ikemiselitse ho hlotha ntho leha e le efe e phelang. Ketsahalong e ’ngoe lesea le nang le letsatsi feela le ile la koeteloa. Guatemala, mosali-moholo ea lilemo li 84 ea tsamaeang ka setulo sa likooa o ile a koeteloa ’me a bolokoa litlamong likhoeli tse peli. Rio de Janeiro, likoeta li hlotha batho seterateng, ’me ka linako tse ling li batla chelete e nyenyane e ka etsang R600 feela bakeng sa thekollo.
Esita le liphoofolo ha ho bonahale eka li sireletsehile. Lilemong tse seng kae tse fetileng linokoane tse tellang tsa Thailand li ile tsa koetela tlou ea ho sebetsa e boima ba lithane tse tšeletseng ’me tsa batla R9 000 bakeng sa thekollo. Ho boleloa hore likenke tsa linokoane, Mexico, li khothalletsa litho tsa tsona tse nyenyane ho ithuta ka liphoofolo tse ruuoang lapeng e le hore li be le phihlelo e lekaneng pele li fetela bathong.
Nakong e fetileng, bakoeteli ba ne ba hlasela barui ka ho khetheha, empa mehla e fetohile. Tlaleho e tsoang Reuters e re: “Ho koetela ho fetohile ketsahalo ea letsatsi le letsatsi Guatemala, moo batho ba teng ba hloloheloang matsatsi a fetileng ha marabele a baitseki a ne a hlasela bo-rakhoebo ba seng bakae feela ba barui. Hona joale barui le bafutsana, ba banyenyane le ba hōlileng, ba hlaseloa ka ho tšoana ke likenke tsa bakoeteli.”
Hangata liketsahalo tse amang batho ba hlahelletseng li phatlalatsoa hohle ke mecha ea litaba, empa ka kakaretso liketsahalo tse ngata tsa ho koeteloa li rarolloa kantle ho phatlalatso e hapang tlhokomelo. Ha e le hantle, ka mabaka a ’maloa, linaha “li batla li se na tšekamelo e kaalo ea ho phatlalatsa bothata ba ho koetela.” Sehlooho se latelang se tla hlahloba a ’maloa a mabaka ao.
[’Mapa o leqepheng la 19]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
MEXICO
Ka lebaka la batho ba 2 000 ba koeteloang ka selemo, ho koetela ho ’nile ha bitsoa “indasteri e nyenyane.”
GREAT BRITAIN
Inshorense ea ho koeteloa e fanoang ke Lloyd’s of London e eketsehile ka karolo ea 50 lekholong ka selemo ho tloha ka 1990.
RUSSIA
Sebakeng sa Caucasus feela, se ka boroa ho Russia, palo ea ba ileng ba koeteloa e ile ea eketseha ho tloha ho ba 272 ka 1996 ho isa ho ba 1 500 ka 1998.
PHILIPPINES
Ho ea ka “Asiaweek,” “ho ka etsahala hore ebe Philippines ke sona setsi sa ho koetela Asia.” Likenke tse fetang 40 tsa ho koetela ho hlophisitsoeng li sebeletsa moo.
BRAZIL
Ho tlalehoa hore bakoeteli ba moo ba ile ba bokella chelete ea thekollo e etsang liranta tse limilione tse likete tse 7,3 ka selemo se le seng feela.
COLOMBIA
Lilemong tsa morao tjena ho ’nile ha koeteloa batho ba likete selemo le selemo. Ka May 1999, marabele a ile a koetela litho tse lekholo tsa pharishe nakong ea ’Misa.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Mountain High Maps® Copyright © 1997 Digital Wisdom, Inc.