Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g00 8/8 maq. 12-13
  • Na Tokoloho e Eketsehileng ea Letsoalo e Tla Lumelloa Mexico?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Tokoloho e Eketsehileng ea Letsoalo e Tla Lumelloa Mexico?
  • Tsoha!—2000
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Liprofesa li Hlahisa Maikutlo
  • Lipaki Tsa Jehova le Sesare
  • Ho Sebeletsa ka Moea Oohle ho sa Tsotellehe Liteko
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Ho Sireletsa Litaba Tse Molemo ka Molao
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Tlaleho ea Litaba Tsa Molao
    Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2016
  • Tsa Mona le Mane
    Tsoha!—2006
Bala Tse Ling
Tsoha!—2000
g00 8/8 maq. 12-13

Na Tokoloho e Eketsehileng ea Letsoalo e Tla Lumelloa Mexico?

KA MONGOLLI OA TSOHA! MEXICO

TOKOLOHO ea bolumeli e tiisitsoe ka molao Mexico. Leha ho le joalo, molao o ntse o behile lithibelo tse itseng tokolohong ea borapeli. Ka mohlala, khopolo ea ho hana tšebeletso ea sesole ka lebaka la letsoalo e batla e sa tsejoe naheng eo. Ke ka lebaka leo Setsi sa Lipatlisiso tsa Molao, sa National Autonomous University ea Mexico (UNAM), se ileng sa etsa qeto ea ho tšoara seboka sa machaba tlas’a sehlooho se reng “Ho Hana Ntho ka Lebaka la Letsoalo Mexico le Lefatšeng.” Setsi sa Lipatlisiso tsa Molao sa UNAM se ikarabella ’musong, empa sepheo sa sona ke ho batlisisa melao e thehiloeng le tšebeliso ea eona. Lipaki tsa Jehova Mexico li ile tsa kōpuoa hore li romele moemeli ho ea fana ka puo tlas’a sehlooho se reng “Lipaki tsa Jehova le ho Hana Ntho ka Lebaka la Letsoalo.”

Liprofesa li Hlahisa Maikutlo

Puong e neng e bua ka “Ho Hana Ntho ka Lebaka la Letsoalo Molaong oa Machaba,” e ileng ea fanoa ke Dr. Javier Martínez Torrón, e leng moprofesa Univesithing ea Molao ea Granada, Spain, e ile ea bontša hore tokoloho ea letsoalo le tokelo ea ho hana ho phetha melao e itseng kapa litlamo tse itseng ka lebaka la letsoalo e se e ntse e le ntho e amoheloang ke machaba. O ile a bua ka boemo ba Lipaki tsa Jehova Spain le ka nyeoe e ileng ea ba Greece ea Kokkinakis.a

Dr. José Luis Soberanes Fernández, moprofesa Setsing sa Lipatlisiso tsa Molao sa UNAM, o ile a bua ka sehlooho se reng “Boemo ba Mexico Tabeng Ena.” O ile a re “re tlameha ho totobatsa hore Molao oa Mexico oa Mekhatlo ea Bolumeli le Borapeli ba Phatlalatsa ha e le hantle o thibela ho hana ntho ka lebaka la letsoalo,” e le ha a bua ka Molao oa Pele o ngotsoeng o reng: “Ha ho leha e le kae moo litumelo tsa bolumeli li lokollang motho leha e le ofe hore a se ke a boloka melao ea naha ena. Ha ho motho leha e le ofe ea ka ipiletsang ho ba boholong ka mabaka a bolumeli e le hore a qobe boikarabelo le mesebetsi e hlalositsoeng ke melao.” Ha a lihela likhala, Dr. Soberanes o ile a re: “Re lumela hore ho potlakile ho kenya taba ea ho hana ntho ka lebaka la letsoalo molaong oa Mexico.”

O ile a bua ka taba ea hore selemo se seng le se seng bana ba Lipaki ba makholo Mexico ba thulana le mathata mabapi le thuto ea bona ka lebaka la ho hana ho lumelisa folakha ka mabaka a thehiloeng Bibeleng. Bana ba bang ba Lipaki ba bile ba haneloa ho ngolisa sekolong. Leha ho le joalo, ka lebaka la boipiletso bo entsoeng ho Komisi ea Litokelo Tsa Botho, ba bangata ba bona ba ’nile ba buseletsoa tokelo ea bona ea ho ithuta. Liofisiri tse ling tsa thuto li nkile mehato ea ho thibela hore bana ba se ke ba lelekoa sekolong, empa matichere a mang a hlokomolohile boiteko bo joalo. Ba boholong ba ’nile ba mamella boemo ba Lipaki, empa ha ho e-s’o be le tataiso e behiloeng eo likolo li ka e latelang Mexico.

Seboka seo se ile sa boela sa akaretsa ho hana ha malumeli a mang ho etsa lintho tse itseng ka lebaka la letsoalo, joaloka ho qobelloa ho sebetsa ka matsatsi a itseng a nkoang a halalela, ho tlamelloa ho apara ka tsela e itseng e hananang le litumelo tsa bona mosebetsing le tse ling tse joalo. Ho ile ha boela ha akarelletsoa le ho hana tšebeletso ea sesole le mekhoa e itseng ea phekolo.

Lipaki Tsa Jehova le Sesare

Setho se seng sa basebetsi ba ofisi ea lekala ea Lipaki tsa Jehova, Mexico, se ile sa nehelana ka kakaretso ea litumelo tsa tsona tsa motheo. Se ile sa hlalosa ho khomarela ha tsona melao-motheo ea Bibele e joaloka o hlalositsoeng ho Luka 20:25, o bolellang Bakreste hore ba “lefe lintho tsa Sesare ho Sesare.” Se ile sa boela sa bua ka Baroma 13:1, e bolelang hore Bakreste ba tlameha ho hlompha ba nang le matla a ho laela pusong. Se ile sa hatisa hore Lipaki tsa Jehova ke baahi ba tloaelehileng, ba bolokang molao, ba ikitlaelletsang ho lefa makhetho a bona, ba phelang ka tsela e hlophisehileng, ba bolokang mahae a bona a hloekile le ba kenyang bana ba bona sekolo.

Se ile sa boela sa totobatsa motheo oa Mangolo o etsang hore Lipaki li hane ho lumelisa folakha, o ka fumanoang Melaong e Leshome e ho Exoda 20:3-5: “U se ke ua ba le melimo e meng pel’a sefahleho sa ka. U se ke ua iketsetsa setšoantšo se betliloeng, leha e le setšoantšo se le seng sa tse holimo maholimong, leha e le sa tse tlase lefatšeng, leha e le sa tse metsing ka tlase ho lefatše. U se ke ua li khumamela, u se ke ua li sebeletsa.”

Lipaki tsa Jehova li rapela Molimo a inotši, ’me ha li rapele setšoantšo tlas’a boemo leha e le bofe. Leha ho le joalo, ha ho mohla li tla ke li etse ketso e hlomphollang matšoao a naha kapa li bue hampe ka ’ona.

E le ho totobatsa pono ea Lipaki tsa Jehova ka taba ena, ho ile ha bontšoa video ea Purple Triangles. Video ena e bontša boemo bo tiileng boo Lipaki tsa Jehova li ileng tsa bo nka Jeremane ea Bonazi (1933-45). E bontša pale ea lelapa la ha Kusserow, le ileng la ema le tiile tumelong ea lona nakong ea puso ea Bonazi.b

Motheo oa Mangolo o etsang hore Lipaki tsa Jehova li hane ho amohela tšelo ea mali o ile oa fanoa. (Genese 9:3, 4; Liketso 15:28, 29) Tokisetso ea Likomiti tsa Bohokahanyi le Lipetlele e sebetsang lefatšeng ka bophara e ile ea hlalosoa. Ho phaella moo, se finyelletsoeng ke lingaka tse nang le moea oa tšebelisano mabapi le ho buoa Lipaki tsa Jehova ntle ho mali se ile sa totobatsoa.

Letsatsi le leng le le leng batho ba ka bang 100 ba ile ba e-ba teng sebokeng seo, bongata e le babuelli ba molao. Baemeli ba Ofisi ea Litaba tsa Bolumeli, Mexico, le bona ba ne ba le teng. Bohle ba neng ba le teng ba ile ba khona ho mamela maikutlo a litsebi tabeng ea ho hlompha ho hana lintho tse itseng ka lebaka la letsoalo. Khopolo ena e ncha ho baetsi ba molao Mexico, le hoja e amoheleha ka ho pharaletseng linaheng tse sebelisang puso ea sechaba ka sechaba, tse kang Fora, Portugal, Spain le United States hammoho le linaha tse ling tseo pele e neng e le tsa Bokomonisi, tse kang Czechia le Slovakia.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona sehlooho se reng “Lekhotla le Phahameng la Europe le Tšehetsa Tokelo ea ho Bolela Greece” le se reng “Ho Sireletsa Litaba Tse Molemo ka Molao,” tokollong ea Molula-Qhooa ea September 1, 1993 le December 1, 1998.

b Bona Molula-Qhooa oa September 1, 1985, “Lerato la Lelapa Leso ho Molimo ho sa Tsotellehe Teronko le Lefu.” Bona le tokollo ea January 15, 1994, leqepheng la 5.

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Lipaki tsa Jehova Mexico li nka bolokolohi ba tsona ba ho bolela e le letlotlo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela