Na Bophelo bo Ntse bo Felloa ke Bohlokoa?
“Ke lefatše leo ho lona bophelo e seng ba bohlokoa. Lefu le ka rekoa ka liponto tse makholo a ’maloa ’me ha ho leqeme la batho ba ikemiselitseng ho etsa mosebetsi oo.”—The Scotsman.
Tlhaselong e ileng ea nyarosa lefatše ka April 1999, ka mabifi bacha ba babeli ba ile ba thibella Sekolo se Phahameng sa Columbine, se Littleton, Colorado, U.S.A., ba siea ba 15 ba shoele. Liphuputso li ile tsa bontša hore e mong oa bahlaseli bao o ne a e-na le Mocha oa boitsebiso [ho Internet] oo a neng a ngotse tjena ho oona: “BAFU HA BA PHEHE KHANG!” Bahlaseli bao ka bobeli ba ile ba shoa koluoeng eo.
HO BOLAEA ho tletse hohle, ’me palo e ke keng ea lekanngoa ea batho e shoa lefu le sehlōhō letsatsi le leng le le leng. Afrika Boroa e ile ea itlhoma pele lefatšeng ka palo ea lipolao tse 75 baahing ba bang le ba bang ba 100 000 ka 1995. Bophelo hase ba bohlokoa haholo-holo naheng e ’ngoe ea Amerika Boroa, moo batho ba fetang 6 000 ba ileng ba bolaeloa mabaka a lipolotiki ka 1997. Ho bolaea ka ho hira ’molai ho tloaelehile. Tlaleho e ’ngoe ka naha eo e re: “Ho tšosang ke hore polao ea bana le eona e nyolohile: Ka 1996, bana ba 4 322 ba ile ba bolaoa, keketseho ea karolo ea 40 lekholong lilemong tse peli feela.” Leha ho le joalo, le bona bana ba fetoha babolai—ba bana ba bang le ba batsoali ba bona. Ka sebele bophelo bo nkoa e se ba bohlokoa.
Ke Hobane’ng ha ho E-na le “Tloaelo ea ho Bolaea”?
Linnete tsee le lipalo li bontša eng? Li bontša ho se hlomphe bophelo ho ntseng ho eketseha. Batho ba ratang matla le ba lapetseng chelete ba bolaea ba sa tšoenyehe leha e le hanyenyane. Balaoli ba lithethefatsi ba fana ka taelo ea hore ho bolaoe bohle malapeng. Ba bebofatsa polao ea bona ka ho sebelisa lipoleloana tse kang “ho fiela motho,” “ho mo isa boea batho,” “ho mo tlosa tseleng” kapa “ho isa liphofu tsa bona ha maotoana finyela” hoo ba ho bitsang hore ke ho jeoa ke koeoko. Ho timetsa morabe ka ho felletseng le tlhoekiso ea morabe li tlatselelitse lipolaong tsena ’me li fokolitse bohlokoa ba bophelo ba motho. Ka lebaka leo, lipolao li fetohile litaba tsa letsatsi le letsatsi tse baloang liteisheneng tsa TV lefatšeng ka bophara.
Ha re phaella ho sena pefo le tšenyo ea ka boomo tse tlotlisoang thelevisheneng le lifiliming, ho bonahala sechaba sa rōna se tšoasehile ka ho feletseng tloaelong e nyarosang e lebisitseng tlhokomelo lefung. Tabeng ena, Encyclopædia Britannica e re: “Halofong e qetellang ea lekholo la bo20 la lilemo, ka ho makatsang lefu le fetohile ntho e tummeng eo ho buuoang ka eona. Pele ho moo, mohlomong ho makatsang ke hore e ne e le taba e qojoang ka hohle litabeng tsa saense tse hlokang ho nahanoa ka ho teba, le ho isa likhopolong tsa filosofi ka tekanyo e fokolang.” Ho ea ka Josep Fericgla, moprofesa oa Catalonia oa thuto e mabapi le mekhoa ea batho ea bophelo, “lefu le fetohile ntho ea ho qetela e nenoang ka hohle sechabeng sa rōna, ’me ka hona, ke o mong oa mehloli ea bohlokoa ka ho fetisisa kajeno o laolang mehopolo.”
Mohlomong ntho e ka sehloohong e tšoaeang “tloaelo [ena] ea ho bolaea” ke maikutlo a tloaelehileng a hore matla, bophahamo, chelete le monyaka ke tsa bohlokoa ho feta bophelo ba motho le litekanyetso tsa boitšoaro.
“Tloaelo [ee] ea ho bolaea” e ata joang? Batsoali ba ka loantša tšusumetso ee e fosahetseng e ba pota-potileng le e amang bana ba bona joang? Tsena ke tse ling tsa lipotso tse tla arabeloa lihloohong tse latelang.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 4]
Bophelo ke ba Bohlokoa Hakae?
◼ “Morolo o mosesaane oa likenke [oa Mumbai, India] o lahlehetsoe ke tšepo hoo o ka kenang tumellanong ea ho hiroa ka chelete e fokolang e kaalo ka li-rupee tse 5 000 [R730] hore feela o bolaee.”—Far Eastern Economic Review.
◼ “O Bolaile Mofeta-ka-tsela ea Hanneng ho mo Tsubisa.”—Sehlooho sa litaba ho La Tercera, Santiago, Chile.
◼ “Ho ja chelete e kaalo ka $7 000 [R44 000] Russia hore ho lokisetsoe tumellano ea ho bolaea [ka 1995] . . . Litumellano tsa ho bolaea li eketsehile haholo ho phahameng ho potlakileng ha moruo ka mor’a Russia ea bokomonisi.”—Reuters, ho itšetlehiloe ka tlaleho e ho Moscow News.
◼ “’Muelli oa litša oa Brooklyn o ile a tšoaroa . . . ’me a qosoa ka ho lefa mocha ea ka tlaase ho lilemo tse 20 karolo ea $1 500 [R9 500] hore a bolaee mosali oa hae ea neng a imile le ’mè oa mosali oa hae.”—The New York Times.
◼ ‘Chelete ea ho bolaea Engelane e ntse e theoha. Chelete ea ho jeoa ke koeoko e theohile ho tloha [liranteng tse 300 000] lilemong tse hlano tse fetileng ho ea ho eo batho ba ka e khonang ea [liranta tse 50 000 ho ea ho tse 100 000].’—The Guardian.
◼ ‘Mafia Rea e Bona, Empa Jang le Siele Likenke Tse Mabifi Tsa Balkan. Ona ke mofuta o mocha oa linokoane tse nang le melao e mecha le libetsa tse ncha. O na le liqhomane le lithunya tsa merathatha ’me ha o tsila-tsile ho li sebelisa.’—The Guardian Weekly.