Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g02 9/8 leq. 19
  • Na Linomoro li Susumetsa Bophelo ba Hao?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Linomoro li Susumetsa Bophelo ba Hao?
  • Tsoha!—2002
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na U Lokela ho Tataisoa ke Tlhaloso ea Linomoro?
    Tsoha!—2002
  • Leraba la Linomoro
    Tsoha!—2002
  • Linomoro li Bolela’ng ka Bibeleng? Na ho Hlalosa se Boleloang ke Linomoro Tse Itseng ho Thehiloe Bibeleng?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Batho ba Banyenyane, Khatello e Khōlō
    Tsoha!—1993
Bala Tse Ling
Tsoha!—2002
g02 9/8 leq. 19

Na Linomoro li Susumetsa Bophelo ba Hao?

NA LINOMORO li na le molaetsa o itseng o patehileng? “Ehlile o teng!” ba bang ba bolela joalo, ba supa mohlala o thahasellisang—tlhaselo ea likhukhuni ka la 11 September, 2001.

Mohlalosi e mong oa linomoro o re: “Hang ha ke utloa litaba, ke ile ka lemoha letsatsi: 9-11-2001.” Ka tloaelo bahlalosi ba linomoro ba nka nomoro ea 11 e le e ’ngoe ea “linomoro tse ka sehloohong.” Ka hona, ba chesehelang bohlokoa ba linomoro ba bokeletse lethathamo la boitsebiso bo amanang le tlhaselo ea likhukhuni bo lebisang “nomorong e ka sehloohong” ea 11. Boitsebiso bo latelang ke karoloana feela ea seo ba se fumaneng:

■ Koluoa e etsahetse ka la 9/11. . . . 9 + 1 + 1 = 11.

■ La 11 September e ne e le letsatsi la bo254 selemong. . . . 2 + 5 + 4 = 11.

■ Sefofane se ileng sa thula mohaho o phahameng o ka leboea e ne e le sa Nomoro ea 11.

■ Sefofane seo se ne se e-na le bapalami ba 92. . . . 9 + 2 = 11.

■ Sefofane se ileng sa thula mohaho o phahameng o ka boroa se ne se e-na le bapalami ba 65. . . . 6 + 5 = 11.

■ Mehaho eo e ’Meli e Phahameng e ne e eme joaloka 11.

■ Poleloana ena ea Senyesemane, “New York City” e na le liletere tse 11.

Thuto ea hore linomoro li na le molaetsa o itseng—moo boitsebiso bo itseng ba bohlokoa bo matahanngoang le linomoro, sehlopha sa tsona le kakaretso ea tsona—ke mokhoa o tloaetsoeng Afrika, Asia le Linaheng tsa Amerika. Ke hobane’ng ha o khahla batho? Ho latela mocha o mong oa Internet, ho senola litlhaku tse sebelisitsoeng mabitsong—tšobotsi e tloaelehileng thutong ea hore linomoro li na le molaetsa o itseng—“ho fana ka boitsebiso bo nepahetseng ka botho ba motho, sebōpeho sa hae, litšoaneleho tsa hae le mefokolo ea hae.” Ho latela mohloli ona, ho hlahloba “letsatsi leo re tsoetsoeng ka lona ho senola tsela ea rōna ea bophelo, ho kopanyelletsa thabo le mathata a eona.”

Na lintho tsee tse boletsoeng ke ’nete? Kapa na ho ka ba le likotsi tse ipatileng thutong ee e thata ho utloisisoa ea ho lumela hore linomoro li na le molaetsa o itseng?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela