Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g02 9/8 maq. 20-21
  • Leraba la Linomoro

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Leraba la Linomoro
  • Tsoha!—2002
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Lahla Likhopolo Tsa Pythagoras le ho Lumela Likhopolo Tseo ho Thoeng ke Tsa Saense
  • Linomoro li Bolela’ng ka Bibeleng? Na ho Hlalosa se Boleloang ke Linomoro Tse Itseng ho Thehiloe Bibeleng?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Na Bibele e na le Matšoao a Nang le Moelelo o Patehileng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Na U Lokela ho Tataisoa ke Tlhaloso ea Linomoro?
    Tsoha!—2002
  • Na Linomoro li Susumetsa Bophelo ba Hao?
    Tsoha!—2002
Bala Tse Ling
Tsoha!—2002
g02 9/8 maq. 20-21

Leraba la Linomoro

AK’U nahane hore na ho ne ho tla ba joang lefatšeng ha linomoro li ne li le sieo. Ho ne ho sa tl’o ba le chelete. Khoebo e ne e tla etsoa feela ka ho fapanyetsana lintho ho shebanoe mahlong. ’Me ho thoe’ng ka lipapali? Ha linomoro li le sieo, hase feela hore ho ne ho ke ke ha e-ba le lintlha lipapaling empa le sehlopheng ka seng ho ne ho sa tl’o tsebahala hore na libapali li be kae!

Leha ho le joalo, ntle le ho sebetsa ha tsona ho molemo kajeno, linomoro li nkoa li e-na le sephiri se itseng. Sena se bakoa ke hore ha li utloisisoe. U ke ke ua bona linomoro, ua li tšoara kapa ua li utloa. Ho etsa mohlala: Apole e na le ’mala o ikhethang, boleng, boholo, sebōpeho, monko le tatso. U ka hlahloba litšobotsi tsena ho bona hore na ntho e itseng ke apole, sirilamunu, bolo kapa ntho e ’ngoe esele. Empa nomoro eona ha e joalo. Pokello ea lintho tse supileng e ka ’na ea se tšoane le pokello e ’ngoe ea lintho tse supileng—ntle feela le hore mahlakoreng ka bobeli ho bokelletsoe lintho tse supileng. Ka hona, ho utloisisa se boleloang ke linomoro—ka mohlala, ho bona phapang pakeng tsa tšelela le supa—ke feela ho leka ho utloisisa ntho e sa utloisiseheng. Ke hona moo batho ba qalileng ho inahanela hore linomoro li na le molaetsa o itseng o patehileng.

Ho Lahla Likhopolo Tsa Pythagoras le ho Lumela Likhopolo Tseo ho Thoeng ke Tsa Saense

Ho ne ho tloaelehile lichabeng tsa boholo-holo hore linomoro li fuoe tlhaloso e itseng e khethehileng. Pythagoras, rafilosofi oa Mogerike ebile e le setsebi sa lipalo, ea neng a phela lekholong la botšelela la lilemo B.C.E., o ile a ruta hore lintho tsohle li ka hlalosoa ho latela linomoro. Eena le balateli ba hae ba ile ba fana ka lebaka la hore bokahohle bohle ke mohlala oa tlhophiso e laolehileng le e lumellanang ea tlhaho. Joale, na ho ke ke ha etsahala hore ebe kamano e teng lipalong e ama lintho tsohle tse teng?

Ho tloha mehleng ea Pythagoras, tlhaloso ea linomoro e ’nile ea sebelisoa bakeng sa ho noha le ho hlalosa litoro hammoho le ho thusa batho ho hopola. Li ’nile tsa sebelisoa ke Bagerike, Mamosleme le litho tsa Bokreste-’mōtoana. Li sebelisa tsamaiso ea tlhaloso ea linomoro e bitsoang gematria, Liithuti tsa Bajuda li ile tsa neha letere e ’ngoe le e ’ngoe ea tse 22 tsa Seheberu tlhaloso e itseng ea bohlokoa ’me tsa bolela hore li fumane molaetsa o patehileng Mangolong a Seheberu.

Tlhaloso ea linomoro kajeno e tšoana le eo. Hangata ho qaloa ka ho hlahloba lebitso le letsatsi la hao la tsoalo. Letere e ’ngoe le e ’ngoe ea lebitso la hao e fuoa nomoro e itseng. Ha li kopanngoa—hammoho le linomoro tsa khoeli eo u tsoetsoeng ka eona le letsatsi—mohlalosi enoa oa linomoro o fumana linomoro tsa hao tse ka sehloohong. Joale o fa linomoro tsena tlhaloso e khethehileng, eo a nkang hore e fana ka boitsebiso bo u hlalosang ka ho feletseng—ho akarelletsa botho ba hao, lintho tseo u li ratang le hoja u e-s’o li lemohe le qetello ea hao.

Mohlomong se etsang hore tlhaloso ea linomoro e hape batho ke tsela eo ho bonahalang eka li fana ka litlhaloso tse nepahetseng ka eona. Edward Albertson oa ngola bukeng ea hae ea Prophecy for the Millions: “Batho ba bangata ba lumela tlhalosong ea linomoro ka lebaka la ho lemoha hore melaetsa ea tsona e ’nile ea tsamaisana hantle le ba neng ba hlahlojoa ka tsona.” Leha ho le joalo, tlhaloso ea linomoro e boetse e bitsoa khopolo ea bohata eo ho lumeloang hore ke ea saense. Hobane’ng? Na ho na le lebaka la hore u belaelle melaetsa ea tsona?

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 21]

NA BIBELE E NA LE MELAETSA E PATEHILENG?

Bukeng ea hae ea The Bible Code, moqolotsi oa litaba, Michael Drosnin, o bolela hore o sibolotse melaetsa e patehileng ka ho hlahloba Mangolo a Seheberu ka k’homphieutha. Ho latela se boleloang ke Drosnin, “matšoao a nang le moelelo o patehileng” a ne a e-na le mantsoe “’molai ea tla bolaea” hammoho le lebitso la Yitzhak Rabin—’me sena se fumanoe selemo pele Tona-khōlō ea Israele, Rabin, a bolaoa.

Joalokaha ho lebeletsoe, The Bible Code e tsositse khang. Dave Thomas, setsebi sa lipalo le sa physics, o ile a bontša hore ho hlahloba taba leha e le efe ka k’homphieutha ho tla hlahisa se ka bonahalang eka ke melaetsa e patehileng. Ha Thomas a hlahloba taba ea Drosnin, o ile a fumana mantsoe “matšoao a nang le moelelo o patehileng,” “ntho e se nang kelello” le “thetso.” Thomas o re “melaetsa e patehileng e ka fumanoa hohle, hafeela u ikemiselitse ho ipha nako le ho etsa boiteko ba ho fumana seo e ka ’nang eaba se teng kapa ha se eo.”

Kaha k’homphieutha e na le matla a ho kopanya linomoro tse se nang palo, e ka ’na ea fumana kopano e itseng ea liletere tse ka sebelisoang e le mofuta o itseng oa ho noha. Empa ena ke ntho e iketsahallang feela ’me hase bopaki ba hore Bibele e na le melaetsa e itseng e patehileng.a

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng, bona Molula-Qhooa oa April 1, 2000, leqepheng la 29-31.

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

Pythagoras o ile a ruta hore lintho tsohle li ka hlalosoa ka linomoro

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Courtesy National Library of Medicine

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela