Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 3/10 maq. 2-3
  • Ke Mang ea li Entseng Pele?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Mang ea li Entseng Pele?
  • Tsoha!—2010
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Boko—“Bo Feta Computer”
    Tsoha!—1988
  • Na ke Hloka Thelefono ea Cellular?
    Tsoha!—2002
  • Ho Paka ka Katleho ka Thelefono
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
  • Thelefono ea Cellular—Na e Molemo Kapa e Kotsi?
    Tsoha!—2005
Bala Tse Ling
Tsoha!—2010
g 3/10 maq. 2-3

Ke Mang ea li Entseng Pele?

KA 1973, Dr. Martin Cooper e bile eena motho oa pele oa ho bontša hore na selefouno e sebetsa joang. E ne e e-na le beteri, seea-le-moea le microprocessor (k’homphieutha e nyenyane). Batho ba New York ba ile ba makala ha ba bona Cooper a founa a le seterateng. Empa o ne a khonne ho qapa selefouno eo hobane nako e telele pele ho moo, ka 1800, Alessandro Volta o ne a qapile beteri e sebetsang hantle. Ho feta moo, thelefono e ne e entsoe ka 1876, seea-le-moea se entsoe ka 1895, ’me k’homphieutha e entsoe ka 1946. Qetellong, ho qaptjoa ha microprocessor ka 1971 ho ile ha nolofalletsa batho hore ba etse liselefouno. Leha ho le joalo, re ka ’na ra botsa, Na ho buisana ha batho ka lisebelisoa tse rarahaneng e ne e hlile e le ntho e ncha?

Sesebelisoa sa puisano seo re atisang ho se khella fatše ke lentsoe la motho. Liseleng tse libilione tsa kutlo tseo boko ba hao bo nang le tsona, tse fetang halofo li ameha tabeng ea ho laola litho tsa puo, ’me mesifa e ka bang 100 e tsamaisa tšebetso e rarahaneng ea leleme, molomo, mohlahare, ’metso le sefuba.

Tsebe ea hao le eona ke karolo ea tsamaiso eo ea puisano. E fetola molumo hore e be maqhubu a motlakase ao boko ba hao bo ka a hlophisang. Boko ba hao bo hlahloba melumo, e le hore u khone ho lemoha batho ka mantsoe a bona. Boko bo boetse bo lekanyetsa nako eo tsebe e ’ngoe e utloang molumo ka eona pele ho e ’ngoe ’me kahoo bo lekanyetsa hantle hore na molumo oo o hlaha hokae. Tsena ke tse ling tsa likarolo tse peli tse u nolofalletsang hore u mamele motho a le mong ka nako, le hoja e ka ’na eaba ba bang ba bangata ba ntse ba bua.

Kahoo, mekhoa e rarahaneng ea puisano ntle ho lithapo tse hokahanyang (e bontšang motho ea founang) ha e qale hona joale. E bile teng pele linthong tse phelang—e leng lintho tsa tlhaho.

[Setšoantšo se Qanollang/Litšoantšo tse leqepheng la 3]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

1800

Beteri e sebetsang hantle

1876

Thelefono

1971

“Microprocessor”

1973

Dr. Martin Cooper a etsa selefouno

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Dr. Cooper and mobile phone: © Mark Berry

[Litšoantšo tse leqepheng la 2]

Right side of page 2, front to back, reenacted photos: Guglielmo Marconi with his radio equipment; Thomas Edison and the light bulb; Granville T. Woods, a communications inventor; the Wright Brothers and the 1903 Wright Flyer

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela