Lintho Tsa Tlhaho li Bile Teng Pele
‘Ka kōpo, botsa . . . libōpuoa tse nang le mapheo tsa maholimo, ’me li tla u bolella. . . . Hore letsoho la Jehova le entse sena.’—Jobo 12:7-9.
HO BONAHALA eka ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka linonyana e etselitsoe hore li fofe. Ka mohlala, karolo e bohareng ea masiba a mapheong e tšehetsa boima bohle ba nonyana ha e fofa. Ho tla joang hore mapheo a be matla hakaale le hoja a le bobebe? U ka ’na ua utloisisa lebaka la seo, haeba u ka seha karolo e bohareng ea lesiba. E tšoana le seo baenjiniere ba reng ke seponche se thata. Ekare ke seponche ka hare ’me ka ntle e khorofo. Baenjiniere ba ’nile ba ithuta likarolo tse bohareng tsa masiba, ’me lifofane li sebelisa seponche se thata.
Masapo a nonyana le ’ona a entsoe ka tsela e hlollang. Boholo ba ’ona ha a na letho ka hare ’me a mang e ka ’na eaba a matlafatsoa ke lipilara tse ka hare tseo baenjiniere ba li bitsang setšehetso sa Warren. Ho thahasellisang ke hore mapheo a sefofa-sebakeng a entsoe ka tsela e tšoanang.
Bafofisi ba tsitsisa lifofane tsa kajeno ka hore ba etse liphetoho tse seng kae mapheong le mohatleng oa tsona. Empa nonyana e sebelisa mesifa e ka bang 48 e mapheong le mahetleng a eona ho fetola boemo le tsela eo mapheo le masiba ka bomong a sisinyehang ka eona, ’me e etsa seo ka makhetlo a ’maloa ka motsotsoana. Hase feela baetsi ba lifofane ba tsotang ha linonyana li fofa ka bokhabane!
Linonyana li sebelisa matla a mangata ha li fofa, haholo-holo ha li tloha fatše. Kahoo linonyana li hloka “enjene” e matla le e lebelo. Pelo ea nonyana e otla ka potlako ho feta ea phoofolo e anyesang e lekanang le eona ’me e atisa ho ba khōlō ebile e otla ka matla ho feta ea phoofolo eo. Hape, matšoafo a nonyana ha a tšoane le a phoofolo e anyesang, a sebetsa hantle ho feta a phoofolo eo.
“Enjene” ea nonyana e sebetsa hantle hakae? Ntho e lekanyetsang matla a sefofane ke hore na se khona ho phahama se tšetse peterole e lekaneng kapa che. Ha sefofane sa Boeing 747 se qala leeto la lihora tse leshome, hoo e ka bang karolo ea ’ngoe borarong ea boima ba sona ke peterole. Ka ho tšoanang, ka mor’a hore linonyana tse fallang tsa lithume li nke leeto la lihora tse leshome, li ka ’na tsa lahleheloa ke hoo e ka bang halofo ea boima ba tsona ba ’mele. Empa ha koekoe-lemao e setono se metsero e tloha Alaska e ea New Zealand, karolo e fetang halofo ea boima ba eona ba ’mele ke mafura. Ho makatsang ke hore e fofa lihora tse ka bang 190 (matsatsi a robeli) e sa phomole. Ha ho na sefofane sa khoebo se ka etsang seo.