Thelevishene
NAKOANA ka mor’a hore batho ba ithute ho hasa molumo, baqapi ba ile ba ipotsa hore na ba ka boela ba khona ho bontša litšoantšo tsa se etsahalang. E le hore u utloisise hore na hoo ho bile thata hakae, nahana kamoo thelevishene e sebetsang kateng kajeno.
Qalong k’hamera ea TV e isa setšoantšo mochineng o se “balang,” ka tsela e tšoanang le eo motho a balang mongolo ka eona. Leha ho le joalo, ho e-na le ho bala mela ea litlhaku leqepheng, o bala mela ea matheba a setšoantšong. O fetola matheba ao hore e be setšoantšo sa elektronike se ka fetisetsoang sebakeng se seng. Ebe mochine oo se fihlelang ho oona o se khutlisetsa boemong ba sona ba pele.
Monna e mong oa Scotland ea bitsoang John Logie Baird o ’nile a tlotloa ka hore ke eena motho oa pele oa ho bontša hore na thelevishene e sebetsa joang. Ha ho kula ho mo qobella hore a tlohele mosebetsi oa boenjiniere ba motlakase, o ile a etsa ntho eo esale e mo khahla ho tloha bocheng—e leng ho etsa mochine o ka bontšang litšoantšo tsa se etsahalang.
K’hamera ea thelevishene e qapiloeng ke Baird e ne e sebelisa diski (eo qalong e neng e le lebokose le kang katiba), e nang le masoba a ka bang 30, a entseng selikalikoe. Ha diski eo e ntse e bilika, masoba ao a ne a bala mela ka ho latellana setšoantšong ’me a etsa hore khanya e fihle seleng ea motlakase. Sele eo e ne e hlahisa matšoao a video a neng a fetisetsoa mochineng o amohelang melaetsa. Mochine oo o ne o hōlisa matšoao ao e le hore a hlahise khanya disking e ’ngoe e ntseng e bilika, ho hlahisa setšoantšo seo. Ntho e neng e le thata e ne e le ho etsa hore lidiski tseo li bilike ka nako e le ’ngoe. Ha Baird a ntse a sokola ho etsa seo, o ne a iphelisa ka ho polesha lieta.
Ka la 2 October, 1925, Baird o ile a hlahisa litšoantšo tsa pele tsa thelevishene ho tloha karolong e ’ngoe ea kamore ea hae ho ea karolong e ’ngoe. Motho oa pele ea ileng a hlaha thelevisheneng ke moshanyana ea tšohileng ea neng a sebetsa ofising e ’ngoe e mokatong o ka tlaase, ea ileng a qobelloa ho etsa seo ’me a fuoa halofo ea korone. Ka 1928, Baird o ile a bontša litšoantšo tsa thelevishene ka lekhetlo la pele libakeng tse ka mose ho Leoatle la Atlantic. Ha John Baird ea lihlong oa Scotland a fihla New York, o ile a shashabana ha a amoheloa ke bente ea liphala. Joale o ne a tumme. Empa na e ne e le eena oa pele oa hore a bontše litšoantšo tsa se etsahalang?